Liahona
Aarone o Ruta Morena
Phupu 2024


“Aarone o Ruta Morena,” Motsoalle, Phupu 2024, 26–27.

Molaetsa oa khoeli Motsoalle, Phupu 2024

Aarone o Ruta Morena

Setśoantśo
Aarone o ruta batho; Aarone o eme kapel´a morena

Lits´oants´o ka Andrew Bosley

Aarone e ne e le e mong oa bara ba Mosaia. E ne e le morumuoa oa boruti lichabeng. O ile a ruta morena oa Ba-Lamane holim´a lefats´e lohle.

Setśoantśo
Aarone o bua le morena

Aarone o ile a botsa morena hore na o lumela ho Molimo. Morena o ile a re o ne a tla lumela haeba Aarone a ile a mo bolella hore Molimo o teng. O ile a kopa Aarone ho mo bolella haholoanyane ka Molimo.

Setśoantśo
Aarone oa ruta ´me ka kamorao ho eena ke sets´oats´o sa maholimo

Aarone o ile a balla morena mangolo a halalelang. O ile a ruta ka popo ea lefats´e. A ruta ka morero oa Molimo. A bolella morena ka Jesu Kreste.

Setśoantśo
Morena oa Ba-Lamane o khumame; Aarone o kolobetsa batho

Kamorao ho moo, morena o ile a rapela. O ile a botsa Molimo na seo Aarone a mo boleletseng sona ke ´nete. Morena o ile a fumana karabo hore ke ´nete!

Morena o ile a lumela seo Aarone a se rutileng. Bohle ba lelapa la hae ba ile ba lumela. Ba ile ba kolobetsoa ´me ba latela Jesu Kreste.

Leqephe la ho Taka

Nka Latela Jesu ka ho Bonts´a Lerato.

Setśoantśo
Leqephe la ho taka la bana le lipelo tse kholo

Lits´oants´o ka Adam Koford

U bonts´a lerato joang ho ba bang?

Hatisa