Mangolo a halalelang
Leqephe la Lebitso Buka ea Mormone


Buka ea Mormone

Pale e Ngotsoeng ka
Letsoho la Mormone
holima Matlapa
a Nkuoeng ho Matlapa a Nefi

Ka baka leo, ke khutsúfatso ea dingoliloeng tsa batho ba Nefi, hape le Ba-Lamane—A ngoletsoeng Ba-Lamane, bao e leng karolo ea ba setseng ba ntlo ea Israele; hape le ho Ba-Juda le Balichaba—A ngotsoeng ka tsela ea taelo, hape le ka moea oa boporofeta le ka oa tsénolo—A ngotsoeng ’me a tiisoa, le ho patoa ho Morena, hore a tle a seke a senngoa—Ho tla tla ka mpho le matla a Molimo ho tla tolokoa ka teng—A tiisitsoeng ka letsoho la Moroni, ’me a patoa ho Morena, ho tla tla ka nako ea teng ka tsela ea Balichaba—Botoloko ba teng ka tsela ea mpho ea Molimo.

Khutsúfatso e nkuoeng ho Buka ea Ethere, eo e leng pale ea batho ba Jarede, ba ileng ba qhaloa ka nako eo Morena a neng a ferekanya puo ea batho, ha ba ne ba aha tora ho ea leholimong—E leng ho bontsá karolo ea ba setseng ba ntlo ea Israele hore ke life lintho tse kholo tseo Morena a li etselitseng bo ntatá bona; ’me ba tle ba tsebe lilekane tsa Morena, hore ba se lahloe ka ho sa feleng—’Me hape le ho kholisa Ba-Juda le Balichaba hore Jesu ke Kreste, Molimo oa Bosafeleng, a iponahatsang ho lichaba tsohle—’Me joale, haeba ho na le liphoso ke liphoso tsa batho; Ka baka leo, se ahloleng lintho tsa Molimo, hore le fumanoe le sena letheba setulong sa kahlolo sa Kreste.

Phetolelo ea pele ho tsoa matlapeng ho ea sekhooeng
ke Joseph Smith, Jr.