Mangolo a halalelang
Selelekela


Selelekela

Buka ea Mormone ke buka ea mangolo a halalelang e tsóanang le Bibele. Ke pale ea likamano tsa Molimo le baahi ba khale-khale ba Amerika ’me e tsétse evangeli e feletseng ea ka ho sa feleng.

Buka ena e ngotsoe ke baporofeta ba bangata ba khale-khale ka moea oa boporofeta le tsénolo. Mantsoe a bona, a neng a ngotsoe matlapeng a khauta, a ile a qotsoa le ho khutsúfatsoa ke mongola-nalane-moporofeta ea neng a bitsoa Mormone. Buka ena e fana ka pale ea lichaba tse peli tse kholo. Se seng se ne se tsoa Jerusalema lilemong tsa 600 B.C. ’me kamora moo sa arohana sa etsa lichaba tse peli, tse ileng tsa tsejoa e le Ba-Nefi le Ba-Lamane. Se seng se tlile pelenyana ha Morena a ne a ferekanya maleme Toreng ea Babele. Sehlopha sena se tsejoa e le Ba-Jarede. Kamora likete tsa lilemo, bohle ba ile ba timela ntle le Ba-Lamane, ’me ba hara baholo-holo ba Ma-India a Amerika.

Ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisa ka ho Buka ea Mormone ke bosebeletsi ba Morena Jesu Kreste hará Ba-Nefi hang kamora Tsoho ea Hae. E manolla lithuto tsa evangeli, e fana ka moralo oa morero oa pholoho, ’me e bolella batho seo ba tlamehang ho se etsa ho fumana khotso bophelong bona le pholoho ea bosafeleng bophelong bo tlang.

Kamora hore Mormone a qete ho li ngola, o ile a lokollela mora oa hae Moroni pale tsena, ea ileng a eketsa ka mantsoe a hae ’me a pata matlapa Leralleng la Kumora. Ka la 21 Loetse, 1823, eena Moroni, eo e ne se e le sebopuoa se khanyang se tsohileng bafung, o ile a itlhahisa ho moporofeta Joseph Smith ’me o ile a mo ruta mabapi le buka ena ea khale-khale le morero oa ho e fetolela puong ea sekhooa.

Ka nako ea teng matlapa a ile a lokolleloa Joseph Smith, ao a ileng a fetolela ka mpho le matla a Molimo. Buka ena ha joale e se hatisitsoe ka lipuo tse ngata e le paki e ncha ea tlatsetso hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo ea phelang le hore bohle ba tlang ho Eena ’me ba mamela melao le litsébeletso tsa evangeli ea Hae ba ka pholosoa.

Bakeng sa buka ena Moporofeta Joseph Smith o itse: “Ke ile ka bolella ba heso hore Buka ea Mormone e ne e le eona e nepahetseng ho feta buka efe kapa efe lefatséng, le hore ke lejoe la motheo la tumelo ea rona, ’me motho a ka atamela ho Molimo ka ho phela ka metheo ea eona, ho feta buka efe kapa efe.”

Ho ekelletsa ho Joseph Smith, Morena o ile a lokisa ba bang ba leshome le motso o mong ho iponela ka bo bona matlapa a khauta le hoba lipaki tse khethehileng tsa ’nete le bomolimo ba Buka ea Mormone. Mapaki a bona a ngotsoeng a kenyelelitsoe mona e le “Bopaki ba Lipaki tse Tharo” le “Bopaki ba Lipaki tse Robeli.”

Re mema batho bohle hohle ho bala Buka ea Mormone, ho thuisa ka lipelong tsa bona molaetsa oo e o ts’oereng, ’me ba botse Molimo, Ntate oa Bosafeleng, ka lebitso la Jesu Kreste haeba buka ena ke ea ’nete. Bao ba latelang tsela ena ’me ba botsa ka tumelo ba tla fumana bopaki ba ’nete ea eona le bomolimo ba eona ka matla a Moea o Halalelang. (Bona Moroni 10:3–5.)

Bao ba fumanang bopaki bona ba bomolimo ho Moea o Halalelang ba tla tseba ka matla a ts’oanang hore Kreste ke Mopholosi oa lefats’e, hore Joseph Smith ke mosenoli le moporofeta oa Hae matsatsing ana a qetelo, le hore Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ke ’muso oa Morena o thehiloeng hape lefats’eng, tokisetsong ea Ho Tla Khetlo la Bobeli ha Messia.