Mangolo a halalelang
Thlaloso e Khuts’oanyane ka Buka ea Mormone


Thlaloso e Khuts’oanyane ka Buka ea Mormone

Buka ea Mormone ke lingoliloeng tse halalelang tsa batho ba khale-khale ba Amerika ’me li ne li ngotsoe holima matlapa a ts’epe. Mehloli eo lingoliloeng tsena li hlophisitsoeng ho tsoa ho eona e kenyeletsa e latelang:

  1. Matlapa a Nefi, ao e neng e le a mefuta e ’meli: matlapa a manyenyane le matlapa a maholo. A qalang haholo ka ho khetheha e ne e le a litaba tseo e leng tsa moea le bosebeletsi le lithuto tsa baporofeta, ha a hlahlamang a ne a tlese ka pale tseo e seng tsa semoea tsa batho ba amehang (1 Nefi 9:2–4). Ho tloha nakong ea Mosaia, le ha ho le joalo, matlapa a maholo a ile a kenyeletsa hape lintlha tse kholo tseo e leng tsa bohlokoa tsa moea.

  2. Matlapa a Mormone, ao a nang le khuts’ufatso ka Mormone ho tsoa matlapeng a maholo a Nefi, le maikutlo a mangata. Matlapa ana hape a ne a ts’etse tsoelopele ea pale ka Mormone le litlatsetso ka mora oa hae Moroni.

  3. Matlapa a Ethere, ao a fanang ka nalane ea Ba-Jarede. Pale ena e ile ea khuts’ufatsoa ke Moroni, ea ileng a kenyeletsa maikutlo a hae ’me a kopanya pale eo le nalane e akaretsang tlasa lebitso la “Buka ea Ethere.”

  4. Matlapa a ts’epe e khubelu a tlileng le batho ba Lehi ho tsoa Jerusalema ka 600 B.C. Ana a ne a ts’etse “libuka tse hlano tsa Moshe, …le hape buka ea Ba-Juda ho tloha ts’imolohong, …ho ea tlase ho puso ea Zedekia, morena oa Ba-Juda; le hape boporofeta ba baporofeta ba halalelang” (1 Nefi 5:11–13). Liqotso tse ngata ho tsoa matlapeng ana, a qotsang Esaia le baporofeta ba bang ba ka bibeleng le ba sa hlaheng ka bibeleng, li hlaha ka har’a Buka ea Mormone.

Buka ea Mormone e entsoe ka likarolo kapa mekhahlelo ea mantlha e leshome le metso e mehlano, e tsejoang, ntle le e le ’ngoe, e le libuka, ka tloaelo li bitsoa ka lebitso la mongoli oa tsona oa mantlha. Karolo ea pele (libuka tse qalang tse ts’eletseng, tse qetellang ka Omni) ke phetolelo e tsoang matlapeng a manyane a Nefi. Lipakeng tsa libuka tsa Omni le Mosaia ke kenyeletso e bitsoang Mantsoe a Mormone. Kenyeletso ena e kopanya buka e ngotsoeng matlapeng a manyane le khuts’ufatso ea Mormone ea matlapa a maholo.

Karolo e telele, ho tloha ho Mosaia ho ea fihla ho Mormone khaolo ea 7, ke phetolelo ea khuts’ufatso ea Mormone ea matlapa a moholo a Nefi. Karolo e qetellang, ho tloha ho Mormone khaolo ea 8 ho ea qetellong ea buka, e ngotsoe ke mora oa Mormone Moroni, eo, kamora ho qeta pale ea bophelo ba ntat’ae, a ileng a etsa khuts’ufatso ea pale ea Ba-Jarede (e le buka ea Ethere) ’me hamorao a tlatsetsa ka likarolo tse tsejoang e le buka ea Moroni.

Ka nako kapa nakong ea selemo A.D. 421, Moroni, e neng e le eena moporofeta—mongola-pale oa ho qetela oa Banefi, o ile a tiisa buka ena e halalelang ’me a e pata ho Morena, ho tla tla matsatsing a mehla ea kajeno, joale ka ha ho ne ho ile ha senoloa ka lentsoe la Molimo ka baporofeta ba Hae ba khale-khale. Ka A.D. 1823, eena Moroni eloa, eo e neng e se e le motho ea tsohileng bafung, o ile a etela Joseph Smith ’me a latela ka ho mo neha matlapa a ngotsoeng.

Ka tsa khatiso ena: Leqephe la motheo, le hlahlamang hang-hang leqephe la lenaneo, le nkuoe ho tsoa ho matlapa ’me ke karolo ea lingoliloeng tse halalelang. Lilelekela tse sa ngoloang ka mokhoa o ts’ekaletseng, joalo ka ho 1 Nefi le hang-hang o etellang pele Mosaia khaolo ea 9, ke hape karolo ea lingoliloeng tse halalelang. Lilelekela tse ngotsoeng ka mokhoa o ts’ekaletseng, joalo ka lihlooho tsa likhaolo, ha se tsa pele tsa lingoliloeng empa ke lithuso tsa boithuto tse kentsoeng bakeng sa pebofatso ea ho bala.

Liphoso tse fokolang ho lingoliloeng li ile tsa hlola li le teng lihlophisong tsa Buka ea Mormone tse hatisitsoeng ka sekhooa. Hlophiso ena e ts’etse litokiso tse bonahalang li ts’oanela ho tlisa lingoliloeng tsena ho ts’oana le lingoliloeng tsa pele ho tsa khatiso le lihlophiso tsa pele tse neng li hlophisitsoe ke Moporofeta Joseph Smith.