2023
Baetsi ba Khotso ba Hlokeha
Mots´eanong 2023


Molaetsa oa khoeli Liahona Mots´eanong 2023

Baetsi ba Khotso ba Hlokeha

Le na le bolokolohi ba ho khetha khohlano kapa poelano. Ke le khothaletsa ho khetha ho ba baetsi ba khotso, hajoale le ka mehla.

Bana beso ba ratehang, ke thabo ho ba le lona. Ka likhoeli tse ts´eletseng tse fetileng, le bile mohopolong oaka le lithapelong tsaka. Ke rapela hore Moea o Halalelang o tle o bue le lona ka seo Morena a batlang hore le se utloe ha ke ntse ke bua le lona hajoale.

Nakong eo ke neng ke le boithutong ba bongaka lilemong tse ngata tse fetileng, ke ile ka thusa ngaka e neng e khaola leoto le neng le tletse liso tse ts´oaetsanang haholo. E ne e le ts´ebetso e thata. Joale ho eketsa tsitsipano, e mong oa sehlopha a hloloa ho etsa mosebetsi ka nepo, ´me ngaka ea tlala ka khalefo. Kahar´a pherekano eo ea eona, ea betsa thipa e tletseng likokoana-hloko. Ea fihla letsohong laka !

Bohle ba neng ba le ka phaposing ea ts´ebetso—ntle le ngaka e neng e halefile—ba ile ba ts´oha haholo ka tlolo eo ea melao ea bongaka. Ka lehlohonolo, ha kea ka ka ts´oaetseha. Empa ketsahalo eo e siile boikutlo bo sa feleng ho ´na. Ka eona nako eo, ke ile ka itjoetsa hore eng kapa eng e ka etsahalang ka phaposing eaka ea ts´ebetso, nkeke ka lumella maikutlo aka ho tsoa taolong. Hape ke ile ka ikana letsatsing leo hore nkeke ka betsa eng kapa eng ka khalefo—e ka ba lithipa kapa mantsoe.

Leha joale, lilemo tse mashome-shome hamorao, ke ipotsa hore na ha e ne eba thipa eo e silafetseng e ileng ea oela letsohong laka e ne e le kotsi ho feta khohlano e chefo e ts´oaetsang puisano e hlomphehang le likamano tsa botho kajeno. Botho le boitlhompho li bonahala li nyametse nakong ena ea karohano le ho se lumellane.

Mahlapa, ho supana ka menoana, le lipuo tse mpe ka ba bang li tloaelehile. Litsebi tse ngata, bapolotiki, ba thabisang batho, le ba bang ba nang le ts´usumetso ba hlapaola kamehla. Ke ts´oenyehile haholo hore batho ba bangata ba bonahala ba lumela hore ho amohelehile ho nyatsa, ho senya le ho silafatsa mang kapa mang ea sa lumellaneng le bona. Ba bangata ba bonahala ba ikemiselitse ho senya ba bang seriti ka pelo tse mpe, le ho ba hobosa le ho ba hlaba ka mantsoe!

Khalefo ha e susumetse. Bora ha bo ahe mang kapa mang. Khohlano ha e tlise tharollo. Ka masoabi, ka nako e ´ngoe re bona boits´oaro ba likhohlano le kahar´a litho tsa rona. Re utloa ka bao ba nyenyefatsang balekane ba bona le bana, ka ba halefelang ba bang, le ba ahlolang litho tsa malapa a bona ka ho se “buisane le bona.” Re utloa ka bacha le bana ba hlekefetsang ba bang le ka basebetsi ba nyelisang basebetsi ´moho le bona.

Bana beso ba ratehang, sena ha sea lokela ho etsahala. Joaloka barutuoa ba Jesu Kreste, re lokela ho ba mehlala ea hore na re phelisana joang le ba bang—haholo ha re sa lumellane ka maikutlo. E ´ngoe ea litsela tse bobebe tsa ho bona molateli oa´nete oa Jesu Kreste ke kutloelo-bohloko ea e bonts´ang ho batho ba bang.

Setśoantśo
lelapa le shebile seboka se akaretsang

South Africa

Mopholosi o hlakisisitse sena litherong tsa Hae ho balateli mafats´eng ao a mabeli. “Ho lehlohonolo baetsi ba khotso,” O boletse.1 “Mang kapa mang ea tla u otla lerameng le letona, mo nehe le leng hape.”2 ´Me hape ehlile ,O fane ka keletso e re qholotsang rona bohle: “Ratang lira tsa lona, hlohonolofatsang ba le rohakang, etsang botle ho ba le hloeang, ´me le rapelle ba le sebelisang hampe, le ho le hlokofatsa.”3

Pele ho lefu la hae, Mopholosi o laetse Baapostola ba hae ba Leshome le Metso e ´Meli ho ratana joaloka ha a ba ratile.4 ´Me A eketsa, “Ka sena bohle ba tla tseba hobane le barutuoa baka, ha le ratana.”5

Molaetsa oa Mopholosi o hlakile: barutuoa ba Hae ba ´nete ba aha, ba phahamisa, ba khothatsa, ba susumetsa—ho sa natsoe hore na ho boima hakae. Barutuoa ba ´nete ba Jesu Kreste ke baetsi ba khotso.6

Kajeno ke Sontaha sa Palema. Re itokisetsa sehopotso sa bohlokoahali sa ketsahalo e kholohali e kileng ea etsahala lefats´eng, e leng Topollo le Tsoho Bafung ea Morena Jesu Kreste. E ´ngoe ea litsela tse ntle tseo re ka tlotlang Mopholosi ka eona ke ka ho ba baetsi ba khotso.7

Topollo ea Mopholosi e entse hore ho be bobebe ho rona hore re hlole bokhopo bohle —ho kenyeletsa le likhohlano. Se ke be ua etsa phoso ka eona: khohlano e khopo! Jesu Kreste o phatlalalitse hore “bao ba nang le moea oa khohlano” ha se ba Hae empa ke “ba liabolosi eo e leng ntat´a bokhopo ´me [liabolosi] o hlohleletsa lipelo tsa batho ho hlohlana ka khalefo, e mong ho e mong.”8 Ba hlohleletsang khohlano ba sebeletsa Satane, ba hlokomela kapa ba sa hlokomele. “Ha hona motho ea ka sebeletsng marena a mabeli.”9 Re ke ke ra ts´ehetsa Satane ka mahlapa ebe re nahana hore re ka sebeletsa Molimo.

Setśoantśo
ntate le mora Setsing sa Seboka se Akaretsang

Bana beso ba ratehang, ka moo re ts´oaranang ka teng ho bohlokoa haholo! Ka moo re buang le ba bang le seo re se buang ka bona hae, kerekeng, mosebetsing le ka marang-rang, ho bohlokoa haholo. Kajeno, ke kopa re sebelisane le ba bang ka tsela e phahameng, e halalelang. Ke kopa le mamele ka hloko. “Haeba ho na le ho hong ho khabane, ho ratehang, kapa ho hotle kapa ho lokeloang ke thoriso”10 hoo re ka ho buang ka motho e mong—hoo ho lokela ho ba mokhoa oa rona oa puisano.

Ha banyalani ba lekala la hau ba hlalana, kapa morutuoa oa boruti lichabeng a khutlela hae kapele, kapa mocha a na le pelaelo ka bopaki ba hae, ha ba hloke kahlolo ea hau. Ba hloka ho utloa lerato le hloekileng la Jesu Kreste le utloahalang mantsoeng le liketsong tsa lona.

Ha motsoalle oa marang-rang a sechaba a na le ts´ekamelo e kholo litabeng tsa sechaba kapa tsa polotiki tse khahlanong le sohle seo u lumelang ho sona, khalefo e ke ke ea u thusa ka letho. Ho aha likamano tsa khokahano ho tla hlokoa haholoanyane ho uena, empa ke sona seo motsoalle oa hau a se hlokang.

Khohlano e leleka Moea—ka mehla. Khohlano e matlafatsa leshano la hore qabang ke eona tsela ea ho rarolla liphapang; empa ha ho joalo. Khohlano ke khetho. Ho etsa khotso ke khetho. Le na le bolokolohi ba ho khetha khohlano kapa poelano. Ke le khothaletsa ho khetha ho ba baetsi ba khotso, hajoale le ka mehla.11

Bana beso, re ka fetola lefats´e e le kannete—motho a le mong le ts´ebisano e le ´ngoe ka nako. Joang? Ka ho bonts´a hore na re ka sebetsanang joang ka bots´epehi ho liphapang tsa maikutlo le ka hlompho le puisano tse hlomphehang.

Ho fapana ka maikutlo ke karolo ea bophelo. Letsatsi le letsatsi ke sebetsa le basebeletsi ba Morena ba ikemiselitseng, bao e seng ka mehla ba shebang taba ka tsela e ts´oanang. Ba tseba ke batla ho utloa mehopolo ea bona le maikutlo ba bona a ts´epahalang ka tsohle tseo re li buang—haholo litabeng tse hlokolosi.

Setśoantśo
Mookameli Dallin H. Oaks le Moetapele Henry B. Eyring

Baeletsi baka ba khabane, Mookameli Dallin H. Oaks le Mookameli Henry B. Eyring, ke mehlala ka tsela eo ba nts´ang maikutlo a bona ka eona—haholo ha ba ka fapana. Ba etsa seo ka lerato le hloekileng e mong ho e mong. Ha ho ea fanang ka maikutlo a hore o tseba haholo ´me o lokela ho sireletsa boemo ba hae ka thata. Ha ho ea bonts´ang a hloka ho hlolisana le e mong. Hobane e mong le e mong o tletse ka “lerato le hloekileng la Kreste,”12 lipuisano tsa rona li ka tataisoa ke Moea oa Morena. Ka moo ke ratang le ho hlompha banna baa ba babeli!

Setśoantśo
Boetapele ba Pele sebokeng se akaretsang

Lerato le hloekileng ke pheko ea khohlano. Lerato le hloekileng ke mpho ea semoea e re thusang ho siea motho oa nama, ea inahanang bo-eena, ea its´ireletsang, ea nang le boikhants´o, le mona. Lerato le hloekileng ke sebopeho sa mantlha sa molateli oa ´nete oa Jesu Kreste.13 Lerato le hloekileng le hlalosa baetsi ba khotso.

Ha re ikokobetsa kapele ho Molimo´me re rapela ka matla a lipelo tsa rona tsohle Molimo o tla re fa lerato le hloekileng.14

Ba hlohonolofalitsoeng ka mpho ena e phahameng ba na le mamello le mosa. Ha ba honohele ba bang ´me ha ba ipatlele tsa bona. Ha ba halefe ha bobebe ´me ha ba nahanele ba bang bobe.15

Bana beso, lerato le hloekileng la Kreste ke karabo ea likhohlano tse re kulisang kajeno. Lerato le hloekileng le re susumetsa ho“jarelana boima”16 ho ena le ho bokellana meroalo. Lerato le hloekileng la Kreste le re lumella “ho ema re le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle le linthong tsohle”17haholo-holo maemong a tsitsipano. Lerato le hloekileng le re lumella hore re bonts´e ka moo banna le basali ba Kreste ba buang le ho its´oara—haholo-holo ha ba loants´oa.

Hajoale, ha ke bue ka “ho loana le ho hlola ho sa tsotellehe maemo.”18 Ke bua ka ho ts´oara ba bang ka litsela tse tsitsitseng tsa ho boloka lilekane tseo le li etsang ha le ja selallo. Le etsa selekane sa ho hopola kamehla Mopholosi. Maemong a tsitsipano e kholo a tletseng khohlano, ke le memela ho hopola Jesu Kreste. Rapellang ho ba le sebete le bohlale ba ho bua kapa ho etsa seo A ka se etsang. Ha re latela mohlala oa Morena oa Khotso, re tla ba baetsi ba khotso.

Ka motsotso ona u ka nahana hore molaetsa ona o ka thusa e mong eo u mo tsebang. Mohlomong u hopola hore o ka mo thusa ho ba hantle ho uena. Ke ts´epa hore ho tla ba joalo! Empa ke ts´epa hape hore u tla sheba ka botebo ka pelong ea hau hore na ha hona boikhohomoso kapa mona tse sitisang hore u be moetsi oa khotso.19

Ha eba u tiile ka ho thusa ho bokella Israele le ho aha likamano tse tlang ho ba teng le ka hosafeleng, hajoale ke nako ea ho behella lehloeo ka thoko. Hajoale ke nako ea ho emisa ho tsitlallela ho etsa ka tsela ea hau kapa e seng e ´ngoe. Hajoale ke nako ea ho emisa ho etsa lintho tse etsang hore ba bang ba ts´abe le ho bua hore ba se ke ba u koatisa. Hajoale ke nako ea ho epela lihlomo tsa lona tsa ntoa.20 Haeba lipuo tsa hau li tletse ka mahlapa le liketselletso, hajoale ke nako ea ho li beha thoko.21 U tla phahama joaloka monna kapa mosali oa Kreste ea matla moeeng.

Tempele e ka re thusa kopong ea rona. Moo re hlohonolofatsoa ka matla a Molimo, a re fang bokhoni ba ho hlola Satane, mohlohleletsi oa eohle khohlano.22 Mo khaole likamanong tsa hau! Ela hloko hore hape re khalemela mohanyetsi ka mehla ha re phekola ho se utloisisane kapa re hana khopiso. Ho ena le hoo, re ka bonts´a mosa e leng sebopeho sa ´nete sa barutuoa ba Jesu Kreste. Baetsi ba khotso ba sitisa bohanyetsi.

Joaloka batho, ha re beng lebone la ´nete le bonesang leralleng lebone le “ke keng la patoa.”23 Ha re bonts´eng hore ho na le tsela ea khotso le hlompho ea ho rarolla litaba tse thata le tsela e bonts´itsoeng ea ho sebetsa ho se lumellane. Ha u bonts´a lerato le hloekileng leo balateli ba ´nete ba Jesu Kreste ba le bonts´ang, Morena o tla matlafatsa boiteko ba hau ho feta bophahamo ba mehopolo ea hau

Setśoantśo
moroetsana o shebelletse seboka se akaretsang

Uruguay

Lekuka la evangeli ke lekuka le leholo ka ho fetitisa lefats´eng. Molimo o memme bohle ho tla ho Eena, “ba bats´o le ba basoeu, ba litlamong le ba lokolohileng, ba batona le ba bats´ehali.”24 Sebaka se teng bakeng sa bohle Leha ho le joalo, ha ho na sebaka bakeng sa leeme, lenyatso, kapa khohlano ea mofuta ofe kapa ofe.

Bana beso ba ratehang, tse molemo ke hona li tlang bakeng sa ba ba phelelang ho aha ba bang. Kajeno, ke le mema ho lekola borutuoa ba lona le ipapisitse le ka moo le sebelisanang le ba bang. Ke le hlohonolofatsa ho etsa litokiso tse hlokehang hore boits´oaro ba lona bo phahame, bo hlomphehe, ´me e be boemeli ba molateli oa ´nete oa Jesu Kreste.

Ke le hlohonolofatsa hore lintoa tsa lona li nkeloe sebaka ke ho rapelisisa, bora bo nkeloe sebaka ke kutloisiso, khohlano e nkeloe sebaka ke khotso.

Molimo oa phela! Jesu ke Kreste O eme hloohong ea Kereke ena. Re bahlanka ba Hae. O tla re thusa ho ba baetsi ba khotso ba Hae. Ke pakahatsa joalo ka lebitso le halalelang la Jesu Kreste, amen.

Hatisa