2023
Ho Iphumanela Khotso
Mots´eanong 2023


Molaetsa oa khoeli Liahona Mots´eanong 2023

Ho Iphumanela Khotso

Likarolo tse qotsitsoeng

Setśoantśo
pampiri ea lebota

Kajeno ke tla bua ka seo ke ithutileng sona ka mohlolo oa ho iphumanela khotso, ho sa tsotellehe maemo a rona. …

Ke ithutile bonyane linnete tse hlano ho tsoa ho lithuto tsa Mopholosi.

Ea pele, mpho ea khotso e fanoa kamor´a ho ba le tumelo ea ho boloka litaelo tsa Hae. …

Ea bobeli, Moea o Halalelang o tla tla ´me o lule ka ho rona. …

Ea boraro, Mopholosi o ts´episa hore ha re boloka lilekane tsa rona, re ka utloa lerato la Ntate le Mora bakeng sa ba bang le bakeng sa rona. …

Ea bone, ho boloka litaelo tsa Morena ho hloka ho feta kutlo. Re lokela ho rata Morena ka lipelo tsohle tsa rona, matla, kelello, le bokhoni bohle. …

Ea bohlano, ho hlakile hore Morena o re ratile ho lekana hore a lefelle libe tsa rona hore—ka tumelo ea rona ho Eena le ka pako ea rona, ka lebaka la Topollo ea Hae—re be le mpho ea khotso e “fetisang kutloisiso eohle” [Bafilipi 4:7], bophelong bona ´me le Eena ka hosafeleng. …

Litho ka kereke eohle li kile tsa utloa mpho ea Mopholosi ea ho iphumanela khotso. O khothalletsa bohle ho thusa ba bang ho ba le menyetla ea ho tla ho Eena ´me ba ts´oaneloe ke khotso eo le bona. Le bona ka tsela e ts´oanang, ba tla batla ts´usumetso ea ho tseba hore na ba ka fetisetsa joang mpho e na ho ba bang.

Moloko o ntseng o hola o tla hlokomela meloko e latelang. Ketsahalo ea katiso e tla tsoala mohlolo. E tla tlala le ho hola kamor´a nako, me ´muso oa Morena lefats´eng o tla be o itokiselitse ho mo lumelisa ka litlatse le li hosanna. Ho tla ba le khotso lefats´eng.

Hatisa