2023
Lithuto tsa Jesu Kreste
Mots´eanong 2023


Molaetsa oa khoeli Liahona Mots´eanong 2023

Lithuto tsa Jesu Kreste

Likarolo tse qotsitsoeng

Setśoantśo
pampiri ea lebota

Joaloka ha moporefeta Nefi a re ruta, re lokela ho “keteka ka mantsoe a Kreste hobane bonang, mantsoe a Kreste a tla le bolella tsohle tse le tlamehang ho li etsa.”1 … Molaetsa oaka kajeno o na le khetho ea mantsoe a Mopholosi oa rona—seo A se buileng. …

“[Taelo e kholo molaong ke ena:] rata Morena Molimo oa hau ka pelo ea hau eohle, le ka moea oa hau ohle, le ka khopolo ea hau eohle.

“Molao oo ke o moholo oa pele.

“´Me oa bobeli ke o ts´oanang le oona, Rata oa heno joaloka ha u ithata.

“Melaong ena e ´meli ke motheo oa melao eohle le baporofeta.”2 …

“Kannete-nete ke re ho lona,le falimehe me le rapele ka mehla le se kene melekong ea liabolosi me la ba bats´oaruoa ba hae.”3 …

“Kahona, tsohle tseo le tla li etsa, le tlali etsa ka lebitso laka;kahona le tla bitsa kereke ka lebitso laka.”4 …

“Joale ona ke molao: Bakang, lona bohle ba lefats´eng, le tle ho ´na ´me le kolobetsoe ka lebitso laka, hore le tle le halaletsoe ke kamohelo ea Moea o Halalelang, hore le tle le hloeke pel´aka ka letsatsi la bofelo.”5 …

Re lumela ho Kreste. Ke qetella ka seo A se buileng ka kamoo re lokelang ho tseba le ho latela lithuto tsa Hae:

“Mots´elisi, e leng Moea o Halalelang, oo Ntate a tlang ho o romela ka lebitso laka, o tla le ruta lintho tsohle,´me o tlise lintho tsohle khopolong ea lona, eng kapa eng eo ke le boleletseng eona.”6

Hatisa