2017
Ke Ne Ke Se Ke Kgethile
Hlakubele 2017


Batjha

Ke Ne Ke Se Ke Kgethile

Mongodi o dula Utah, USA.

Nkile ka fumana thuto e bohlokwahadi sehlopheng sa Barwetsana eo e neng ele ka ha bohlweki ho tsa thobalano – tabahadi eo ileng ya etsa batjha ba bangata ba se dudisehe ditulong tsa bona. Ha ke hopole tsohle tseo ke ithutileng tsona letsatsing leo, empa ke hopola moetapele wa ka a bua ka enngwe ya dintlha – kemo tsa hae – e leng ho dula ka mehla a hlwekile ho tsa thobalano. Mantswe a hae a ile a dula ho nna, mme ka etsa qeto ya hore ke tla nkela sena honna ele se seng sa dikemiso tsa ka le nna.

Ka le leng la matsatsi ke ne ke palame bese ke lebile hae lapeng, ke hlaha moketeng wa dipapadi, e mong wa batsamai mmoho beseng a qala papadi eo eneng ele ka ho phephetsa babapadi mmoho le wena ka seo eleng nnete kapa ho ba fa phepetso ho etse ntho eo ba sokang ba e etsa bophelong. Ka baka la budutu, ba bang ba bana mmoho le nna re ile ra nka karolo. Eitse ha hoba lekgehlo laka le fihle, ke ile ka phephetswa ho etsa ntho eo ke neng ke tseba hore ha e ya nepahala. Sena e ne e ka ba qeto e thata ho nna ho e etsa, empa mantswe a moetaple wa ka wa Barwetsana a ile a mphihlela kelellong, mme qeto ya eba e bonolo. Ke ile ka phakisa ka hana. Ke ne ke se ke qetile le maikutlo hore ke tla etsa eng seemong se sena.

Ke tseba hore ka ho ya ha rona kerekeng le ho etsetsa dintho tseo re di rutwang moo sebaka , re tla hlohonolofatswa ka matla a semoya a matla mmoho le tshireletso melekong ya lefatshe.

Hatisa