2017
Matla a re Kgontshang a Jesu Kreste mmoho le Topollo ya Hae
Hlakubele 2017


Molaetsa wa Thuto ya Ketelo, Tlhakubele 2017

Matla a re Kgontshang a Jesu Kreste mmoho le Topollo ya Hae

Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ekaba ho utlwisisa morero wa Mokgahlo wa Thekolohelo ho ka lokisetsa baradi ba Modimo jwang bakeng sa dihlohonolofatso tsa bophelo bo safeleng?

Setśoantśo
Relief Society seal

Tumelo, Lelapa, Thekolohelo

“Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang” (Bafilipi 4:13). “Leha bohle re ena le bofokodi, re ka kgona ho bo hlola,” ho bua Moetapele Dieter F. Uchtdof, Moeletsi wa Bobedi Boetapeleng ba Pele. “Efela hole jwalo hore ka mohau wa Modimo, ha re ikokobetsa mme re eba le tumelo, ntho tse fokolang di ka ebang matla”1

Ka hara Dithuto tsa Tumelo le Dilekane Mopholosi wa rona a re, “Ke tla etella fahleho tsa lona pele. Ke tla ba ka letsohong la hao le letona le le letshehadi, mme Moya wa ka o tla ba dipelong tsa lona, mme mangeloi aka a tla le potapota, a le sikare” (DT&D 84:88).

“Nephi ke mohlala wa e mong ya neng a tseba, a utlwisisa, mme a itshetlehile matleng a Mopholosi a kgontshang,” ho bolela Moholo David A. Bednar wa Kopano ya Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi. “Baholwane ba Nephi ba ile ba mo tlama ka dithapo mme ba rera ho mo timetsa. Ka kopo elellwa thapelo ya Nephi: ‘Oho Morena, ho ya ka tumelo yaka e ho wena, na o ka mpholosa diatleng tsa baholwane baka, ee, mme o mphe matla a ho kgaola ditlamo tsena tse ke bofuweng ka tsona’ (1 Nephi 7:17 ho kenyelleditswe toboketso ).

“ … Nephi ha a a ka rapella hore maemo a hae a fetohe. Empa, o rapelletse hore a fumantshwe matla hore a kgone ho fetola maemo a hae. Ke dumela hore o rapetse ka tsela ena hobane a tseba, a utlwisisa, le hore o kile a ikutlwela matla a kgontshang a tlang ka Topollo.

“Ha ke nahane hore ditlamo tseo Nephi a neng a tlanngwe ka tsona di ile tsa ikwela feela ka mohlolo matsohong a hae. Empa, ke belaela hore o ile a hlohonolofatswa ka mamello mmoho le matla a fetang a hae a tlhaho, le hore o ile ‘ka matla a Modimo’ (Mosiah 9:17) a sebetsa le ho tshikinya le ho hula dithapo, mme qetellong a kgontshwa feela jwalo ho kgaola ditlamo.”2

Tlatsetso ya Mangolo a Halalelang le Tlhahiso leseding

Esaiah 41:10; Ether 12:27; reliefsociety.lds.org

Dingolweng

  1. Dieter F. Uchdorf, “Mpho ya Mohau,” Liahona, Motsheanong 2015, 108.

  2. David A. Bednar, “Matla a fetang a Rona,” New Era, Tlhakubele. 2015, 4.

Hatisa