2017
Ho hlomela ka ho loka
Hlakubele 2017


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Tlhakubele 2017

Ho hlomela ka ho loka

Moporofeta wa Modimo lefatsheng, Moetapele Thomas S. Monson, o se a ile a bolela, “Mehleng ena re tikanyeheditswe ke mefutahadi ya sebe, manyala mmoho le bokgopo boo re sokang re bo bona haesale.”1

Na o ka makala ho tseba hore Moetapele Monson o buile mantswe ana dilemong tse 50 tse fitileng? Ebang re ne re tikanyeheditswe ke bokgopo bo senang tekano kgale kwa, ho hakakang ho phephetswa ha rona ke bokgopo mehleng ena? Ka baka le lokileng, Morena o phatlaladitse sena mabapi le mehla ya rona “ Bona, sera se hlwele mekwalaba” (DT&D 38:12).

Ntwa eo ho yona “rona bohle re e bileditsweng”2 e ne e qale pele re tswalwa lefatsheng. E qadile le pele lefatshe le thehwa. E qadile dilemong tse diketekete tse fitileng, sebakeng moo ho neng ho sena ho shwa, moo teng diabolosi a ileng a etsa tsa bojela-thoko mme a “tsitlallela ho fedisa tokelo ya batho ho ikgethela” (Moshe 4:3).

Diabolosi o ile a hlolwa ntweng eo mme “a lelekelwa lefatsheng” (Tshenolo 12:9), moo a tswetsang ntwa ya hae pele mehleng ena. Mona lefatsheng “o lwantshana le bahalaledi ba Morena, mme o ba dikanyetsa (DT&D 76:29) ka mashano, tahlehiso mmoho le meleko.

O lwana ntwa kgahlanong le baporofeta le baapostola. O lwana ntwa kgahlanong le molao wa bohlweki ba tsa thobalano mmoho le bohalaledi ba lenyalo. O lwana ntwa kgahlanong le lelapa mmoho le tempele. O lwana ntwa kgahlanong le se lokileng, se halalelang mmoho le bohalaledi

Na re ka lwana jwang le sera se tje? Re ka lwana jwang kgahlano le bokgopo bo shebehalang bo aparela lefatshe la rona? Dihlomo tsa rona ke eng? Ke bo mang bao eleng batshihetsi ba rona?

Matla a Konyana

Moporofeta Joseph Smith o rutile hore diabolosi o ena le matla hodima rona feela ho ya ka tekano eo re mo nehang yona.3

Tshenolong ya mehla ya rona, Nephi “a bona matla a Konyana ya Modimo, e theohetseng bahalaledi ba kereke ya Konyana, mmoho le hodimo ha batho ba selekane sa Modimo, bao ba neng ba phatlalletse ka bophara ba lefatshe, mme ba neng ba hlometse ka holoka le matla a Modimo kgalalelong e matla” (1 Nephi 14:14; hokelelleditswe toboketso).

Na re ka itlhomisa jwang ka ho loka le matla? Re boloka letsatsi la Sabatha le halalela mme re hlompha boporista. Re etsa le ho boloka dilekane tse halalelang, re tswetsa pele mosebetsi wa nalane ya lelapa la rona, mmoho le ho ya tempeleng. Re tswela pele ho tsitlallela ho sokoloha le ho ipiletsa ho Modimo ho “re ama ka madi a Kreste a sokollang hore re tle re fumantshwe tshwarelo ya dibe tsa rona (Mosiah 4:2). Re a rapela, re sebeletsa ba bang, le ho paka mmoho le ho sebedisa tumelo ya rona ho Jesu Kreste.

Re boela re itlhomisa ka ho loka le matla ka ho “boloka mantswe a bophelo jwalo ka letlolo dikellelong tsa [rona]” (DT&D 84:25). Re boloka jwalo ka letlolo mantswe ana ka ho tsepama mangolong a halalelang le mantsweng a bakgethwa ba Modimo, bao ba abelanang ka thato ya Hae, monahano wa Hae, mmoho le lentswe la Hae (bona DT&D 68:4) konferenseng ya kakaretso kgweding e latelang.

Twantshanong ya rona kgahalong le bokgopo, re lokela ho hopola ka mehla hore re ena le thuso e tswang mahlakoreng ka bobedi a lesira le arolang bophelo lefatsheng le mahodimo. Batshehetsi ba rona ba akaretsa Modimo Ntate wa Bosafeleng, Morena Jesu Kreste, mmoho le Moya o Halalelang.

Batshehetsi ba rona ba kenyelletsa mabotho a sa bonweng a lehodimo. “Se tshabe,” Elisha o ile a bolella mohlankana ya neng a tletse tshabo ha bane ba shebane le lebotho la bakgopo, “hobane bao ba enang le rona ba bangata hofeta bao ba enang le bona” (bona 2 Marena 6:15-16).

Re hloka ho se be le tshabo. Modimo O rata Bahalaledi ba Hae. A ke ke a re furalla.

Ke a tseba hore Modimo, karabong ya thapelo, o phethahaditse kopo tsa ka tsa ho se iswe molekong. Ke paka hore ka thuso ya Modimo Ntate, Mopholosi wa lefatshe le ka Moya o Halalelang, re ka eba le tiisetso ya hore re tla nehwa matla a fetang tekano ho mamella bobe le ha ele bofe boo re tobaneng le bona.

Eka re ka dula ka mehla re hlometse ka ho loka e tle e le hore re be le tshepo tlholong qetellong.

Dingolweng

  1. Thomas S. Monson, “Ho kopanela Ho Tlisa Ditlhohonolofatso,” Makazine wa Mokgahlo wa Thekolokehlo, 1967, 247.

  2. “Bohle Re Bileditswe” Difela, no. 250.

  3. Bona Dithuto tsa Baetapele ba Kereke: Joseph Smith (2007), 214.

Hatisa