Mangolo a halalelang
Mosaia 9


Lingoliloeng tsa Zeniffe—Pale ea batha ba habo, ho tloha nakong eo ba tlohang lefats’eng la Zarahemla ho fihlela nako eo ba neng ba lopolloa ho tsoa matsohong a Ba-Lamane.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 9 ho isa ho 22.

Khaolo ea 9

Zeniffe o etella sehlopha ho tsoa Zarahemla ho ea rua lefats’e la Lehi-Nefi—Morena oa Ba-Lamane o ba lumella ho ja lefats’e leo lefa—Ho ba le ntoa pakeng tsa Ba-Lamane le batho ba Zeniffe. Ka bo 200–187 B.C.

1 ’Na, Zeniffe, ka ha ke ne ke rutiloe ka puo eohle ea ba-Nefi, ’me ka ha ke ne ke na le tsebo ea lefats’e la Nefi, kapa lefats’e la bojalefa ba pele ba bo ntat’a rona, ’me ka ha ke ile ka romeloa ke le sehloela har’a ba-Lamane hore ke tle ke hloele mabotho a bona, hore sesole sa rona se ba oele holimo ’me se ba timetse—empa e itse ha ke bona se molemo har’a bona ke ile ka ba le takatso ea hore ba se ke ba timetsoa.

2 Ka baka leo, Ke ile ka hanyetsana le bana beso lefelleng, hobane ke ne ke batla hore ’musi oa rona a etse tumellano le bona; empa eena ka ho ba monna ea khopo ea nyoretsoeng mali a laela hore ke bolaoe; empa ke ile ka pholosoa ka ts’ollo e ngata ea mali; hobane ntate o ile a loana khahlanong le ntate, le moena khahlanong le moholoane, hofihlela palo e kholo ea lebotho la rona e timetsoa lefelleng; ’me re khutletse lefats’eng la Zarahemla, rona bao ba ileng ba qeneheloa, ho lo pheta pale eo ho basali ba bona le bana ba bona.

3 ’Me le ha ho le joalo, ’na ka ho ba le cheseho e fetang ea ho ja lefa lefats’e la bo ntat’a rona, ka bokella ba bangata ho latela kamoo ba neng ba lakatsa ho rua lefats’e leo, ’me ra qala hape leeto la rona ho ea lefelleng ho nyolohela lefats’eng leo; feela re ile ra otloa ka tlala le mahlomola a bohloko, hobane re ne re lieha ho hopola Morena Molimo oa rona.

4 Le ha ho e joalo, kamor’a matsatsi a mangata a ho lelera lefelleng re ile ra hloma litente tsa rona sebakeng seo bana ba bo rona ba ileng ba bolaoa, seo se neng se le haufi le lefats’e la bo ntat’a rona.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ke tsamaee hape le ba bane ba banna ba heso ho ea motseng oo, ho ea ho morena, hore ke tle ke tsebe maikemisetso a morena, le hore ke tle ke tsebe hore na e be nka kena le batho ba heso ho rua lefats’e leo ka khotso.

6 ’Me ke ile ka ea ho morena, ’me a etsa selekane le ’na hore nka rua lefats’e la Lehi-Nefi, le lefats’e la Shilome.

7 ’Me hape o ile a laela batho ba hae hore ba falle ho tsoa lefats’eng leo, ’me ’na le batho ba heso ra kena lefats’eng leo hore re tle re le rue.

8 ’Me ra qala ho aha meaho, le ho lokisa marako a motse, ee, esita le marako a motse oa Lehi-Nefi, le motse oa Shilome.

9 ’Me re ile ra qala ho lema mobu, ee, esita le ka mefuta eohle ea lipeo, ka lipeo tsa poone, le tsa koro, le tsa harese, le ka nease, le ka sheume, le ka lipeo tsa mefuta eohle ea litholoana, ’me ra qala ho ngatafala le ho atleha lefats’eng leo.

10 Joale e ne e le masene le bolotsana ba morena Lamane, ho tlisa batho ba heso litlamong, hore e be o ile a fana ka lefats’e leo hore re tle re le rue.

11 Ka baka leo ho ile ha etsahala hore, kamorao hore re lule lefats’eng leo sebaka sa lilemo tse leshome le metso e ’meli eaba morena o qala ho eketsa ho ts’oenyeha, e se re ka mekhoa e meng batho ba heso ba tlala matla lefats’eng leo, ’me hore ba ka sitoa ho ba hlola ’me ba ba tlise litlamong.

12 Joale e ne e le batho ba botsoa ba rapelang lits’oants’o; ka baka leo ba ne ba lakatsa ho re tlisa litlamong, hore ba tle ba je ho feta tekanyo mesebetsi ea matsoho a rona; ee, hore ba tle ba keteke ka mehlape ea naha ea rona.

13 Ka baka leo ho ile ha etsahala hore morena Lamane a qale ho hlohleletsa batho ba hae hore ba ngangisane le batho ba heso; ka baka leo ho ile ha qala hore ho be le lintoa le lingangisano lefats’eng leo.

14 Hobane, ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso eaka lefats’eng la Nefi, hole boroa ho lefats’e la Shilome, ha batho ba heso ba ntse ba noesa le ho fepa mehlape ea bona, ’me ba lema mobu oa bona, palo e kholo ea lebotho la ba-Lamane ea ba oela ’me ba qala ho ba bolaea, le ho nka mehlape ea bona, le poone ea naha ea bona.

15 Ee, ’me ho ile ha etsahala hore ba balehe, bohle ba ileng ba sitoa ho ba ts’oara, esita le ho kena motseng oa Nefi, ’me ba hoeletsa ho ’na bakeng sa ts’ireletso.

16 ’Me ho ile ha etsahala hore ke ile ka ba hlomella ka liqha, le ka metsu, ka lisabole, le ka lisabolana, le ka likoakoa, le ka matjeketjane, le ka mefuta eohle ea libetsa tseo re neng re ka li etsa, ’me ’na le batho ba heso ra ea khahlanong le ba-Lamane ho ea loana.

17 Ee, ka matla a Morena re ile ra tsamaea ho ea loana khahlanong le ba-Lamane; hobane ’na le batho ba heso re ile ra llela haholo ho Morena hore a ke a re lopolle ho tsoa matsohong a lira tsa rona, hobane re falimehetse khopotsong ea topollo ea bo ntat’a rona.

18 ’Me Molimo o ile a utloa lillo tsa rona ’me a araba lithapelo tsa rona; ’me re ile ra tsamaea ka matla a hae, ee, ra tsamaea khahlanong le ba-Lamane ’me ka letsatsi le bosiu bo le bong re ile ra bolaea likete tse tharo le mashome a mane a metso e meraro; re ba bolaile hofihlela re ba khannela kantle ho lefats’e la rona.

19 ’Me ’na, ka bo ’na, ka matsoho a ka, ka thusa ho epela bafu ba bona. ’Me bonang, mahlomoleng a rona a maholo le lillo, makholo a mabeli le mashome a supileng a metso e robong a bana ba bo rona ba ne ba bolauoe.

Hatisa