2017
Nyakallo ha o le Morutuwa wa Jesu Kreste
Phato 2017


Batjha

Nyakallo ha o le Morutuwa wa Jesu Kreste

O kile wa eba le letsatsi le bosula? O ile wa etsa eng hore o thabe? Moetapele Uchtdorf wa tseba hore “Ka bo mong re na le mahloko a pelo, ho phoqeha, mahlomola a rona. Re ka ikutlwa re nyahame mme ka nako tse ding re tlallane.”

Tharollo ya hae ke ho phela seo a se bitsang “bophelo ba morutuwa”, “dula o tletse ka tumelo mme o eya pele ka tumelo.” Ha re tswela pele ka tumelo, re kgona ho tshepa Modimo, ho boloka ditaelo tsa Hae, le ho sebeletsa ba bang—mme re utlwe nyakallo nakong ena yohle! Jwalo ka ha Moetapele Uchtdorf a rialo, “Bao ba phelang bophelo ba borutuwa … ke bao diketso tsa bona tse nyane di etsang phapang e kgolo.”

Nahana ka ho etsa lenane la ditsela tseo o ka phelang bophelo ba morutuwa. Mohlala, o ka ngola fatshe leano la bosebeletsi le jwalo ka “ho Thusa motswadi ho lokisa dijo tsa mantsiboya” kapa leano la ho boloka ditaelo jwalo ka “ho Rapella mamello e ngata ho bana beso.” Nako e tlang ha o ikutlwa o lekehile kapa o tlallane, ntsha lenane la hao, kgetha leano, mme o le leke!

Hatisa