2017
Ho phela Bophelo ba Boinehelo
Phato 2017


Molaetsa wa Ketelo, Phato 2017

Ho phela Bophelo ba Boinehelo

Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ho utlwisisa morero wa Mokgatlo wa Thekolohelo ho ka thusa boitokisetso ba baradi ba Modimo bakeng la ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng jwang?

Setśoantśo
Relief Society seal

Tumelo Lelapa Thekolohelo

“Ho inehela ke ho kgetholla kapa ho tlama ho hong e le ho halalelang, ho tlamelletswe mererong e halalelang,” ho rialo Moholo D. Todd Christofferson wa Mokhatlo wa Ba Leshome le Metso e Mmedi. “Katleho ya nnete bophelong bona e tla ka ho nehela maphelo a rona—hoo ke nako ya rona le dikgetho—mererong ya Modimo.”1

Moholo Neal A. Maxwell (1926–2004) wa Mokhatlo wa Baapostola ba Leshome le Metso e Mmedi o itse, “Re na le ho nahana hore boinehelo ke feela ho fana, ha re laetswe ka bohalaledi, thepa tsa rona. Empa qetellong boinehelo ke ho fana ka bowena ho Modimo.”2

Ha re inehela mererong ya Modimo, tumelo ya rona ho Jesu Kreste le ho Topollo ya hae di tla eketseha. Ha re phela bophelo ba boinehelo, re ka halaletswa ka diketso tseo.

Carole M. Stephens, Moeletsi wa Pele wa Mokhatlo wa Thekolohelo, o itse: “Moholo Robert D. Hales o re rutile, ‘Ha re etsa mme re boloka dilekane, re tswa lefatsheng mme re kena mmusong wa Modimo.’

“Re a fetolwa. Re shebahala ka mokgwa o fapaneng, mme re etsa tse fapaneng. Dintho tseo re di mamelang le tseo re di balang le tseo re di buang di fapane, mme seo re se aparang se fapane hobane re eba baradi ba Modimo ba tlameletsweng ho Eena ka selekane.”3

Boinehelo ke selekane seo Modimo a se etsang “le ntlo ya Iseraele; ka mora ditshiu tseo,ho bolela Morena, ke tla ngola molao wa ka ka hare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona,ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.” (Jeremiah 31:33) Ho phela bophelo ba boinehelo ho tsamaellana le morero wa Modimo ka rona.

Mangolo a tlatseletso

1Ba-Thesalonika 1:3;Dithuto tsa Tumelo le Dilekane 105:5;

reliefsociety.lds.org

Dingolwa

  1. D. Todd Christofferson, “Reflections on a Consecrated Life,”Liahona, Pudungwana 2010, 16.

  2. Neal A. Maxwell, “Consecrate Thy Performance,”Liahona, Phupu 2002, 39.

  3. Carole M. Stephens, “Wide awake to Our Duties,”Liahona, Pudungwana 2012, 115–16.

Hatisa