2017
Bophelo ba morutuwa
Phato 2017


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Phato 2017

Bophelo ba Morutuwa

Dilemo tse mashome a mararo tse fetileng Ghana, moithuti a monyane wa sekolo sa thuto e phahameng ya bitswang Doe o ile a kena ka hara kereke ya Bahalaledi ba Mehla ya Kajeno lekgetlo la pele. Motswalle e mong wa Doe o ne a mo memme hore a tle le eena, mme Doe o ne a ena le thahasello ya ho tseba hore Kereke e jwang.”

Batho moo ba ne ba le hantle mme ba le mofuthu hoo a ileng a sitwa ho iphapanya mme a ipotsa, “kereke ee ke ya mofuta ofe?”

Doe o ile a ikutlwa a kgahluwe hoo a ileng a etsa qeto ya ho ithuta haholwanyane ka Kereke le batho ba yona, ba neng ba tletse ka nyakallo e kaalo. Empa hang ha a qala ho etsa jwalo, ba lelapa le metswalle e neng e mo utlwela ba qala ho ba kgahlanong le eena ka mahlakoreng ohle. Ba ne ba bua dintho tse mpe ka kereke mme ba ne ba etsa tsohle tseo ba neng ba ka di kgona ho mo nyahamisa.

Empa Doe o ne a se a fumane bopaki.

O ne a ena le tumelo, mme o ne a rata evangedi, e neng e tlatsa bophelo ba hae ka nyakallo. Mme hee, o ile a kena metsing a kolobetso.

Kamora moo, o ile a teba boithutong le thapelong. O ile a ila mme a batlana le tshusumetso ya Moya o Halalelang bophelong ba hae. Ka lebaka leo, bopaki ba Doe le tumelo di ile tsa hola ka matla mme tsa teba. Qetellong o ile a etsa qeto ya ho ya sebeletsa e le morumuwa wa Morena ya bileditsweng.

Kamora ho khutla borumuweng ba hae, o ile a ratana le ho nyalana le morumuwa e mong ya neng a se a kgutlile borumuweng—eena ya neng a mo kolobetse dilemong tse fetileng—mme ba ile ba tlamahanngwa hamorao Tempeleng ya Johannesburg, Afrika Borwa.

Dilemo tse ngata di se di fetile haesale Doe Kaku a ile a utlwa pele monyaka wa evangedi ya Jesu Kreste. Ka nako eo, bophelo ba hae bo ne bo se monate ka nako tsohle. O ile a mamella karolo ya hae ya ho utlwa pelo bohloko le mahlomola, ho kenyeletsa tahlehelo ya bana ba babedi—botebo ba hlonamo ya hae bo ntse bo le boima haholo pelong ya hae.

Empa eena le molekane wa hae, Anthony, ba ile ba tsitlallela ho atamelana le ho Ntata bona ya Mahodimong ya ratehang, eo ba mo ratang ka pelo tsa bona tsohle.

Kajeno, dilemo tse mashome a mararo haesale a kena metsing a kolobetso, kgaitsedi Kaku o qetile bosebeletsi bo bong hape ba piletso haufinyane—kgetlong lena a le lehlakoreng la molekane wa hae, eo e neng e le moetapele wa borumuwa Nigeria.

Bao ba tsebang kgaitsedi Kaku ba re ho na le se bohlokwa ka eena. O wa kganya. Ho thata ho nka nako le eena ntle le hore o ikutlwe o thabile le wena.

Bopaki ba hae bo tsepame: “kea tseba hore Mopholosi o mpona ke le moradi wa Hae le motswalle (bona Mosiah 5:7; Ether 3:14),” o rialo. “Mme ke ntse ke ithuta le ho leka ka thata ho ba motswalle wa Hae le nna—e seng feela ka seo ke se buang empa le ka seo ke se etsang. ”

Re Barutuwa

Pale ya kgaitsedi Kaku e tshwana le ya ba bang ba bangata. O ne a ena le takatso ya ho tseba nnete, o ile a lefella ho una kganya moyeng, o ile a bontsha lerato la hae ho Modimo le ho batho bohle, mme tseleng o ile a feta mathateng le bohlokong.

Empa ho sa tsotellehe se kgahlano le eena, ho sa tsotellehe bohloko, o ile a tswela pele ka tumelo. Mme se bohlokwa, o ile a boloka nyakallo ya hae. O ile a fumana e seng feela tsela ya ho mamella mathata a bophelo empa le ho hlola ho sa tsotellehe!

Pale ya hae e tshwana le ya hao le ya ka.

Ke ka sewelo leeto la rona le leng bonolo kapa le se nang liphephetso.

Ka bo mong re na le mahloko a dipelo, ho phoqeha, mahlomola a rona.

Re ka ikutlwa re nyahame mme ka nako tse ding re tlallane.

Empa bao ba phelang bophelo ba barutuwa—ba dulang ba tletse ka tumelo mme ba eya pele ka tumelo; ba bolokang taelo tsa Hae;1 ba phelang evangedi letsatsi le letsatsi le hora le hora; ba fanang ka tshebeletso e Bokreste ho bohle bao ba ba potapotileng,ketso e ntle e le nngwe ka nako—ke bao ha ngata diketso tsa bona tse nyane di etsang phapang e kgolo.

Bao ba mosanyana, ba tshwarelang haholwanyane, ba nang le mohau o mongatanyana ke bao ba mohau ba tlang ho fumana mohau.2 Bao ba etsang lefatshe lena sebaka se lokileng, ketso e le nngwe ea tsotello le lerato ka nako le nako, mme ba tsitlallela ho phela bophelo bo hlohonolofetseng, bo khotsofatsang, mme bo nang le khotso ba morutuwa wa Jesu Kreste ke bao ba tla fumana nyakallo qetellong.

Ba tla tseba bore “lerato la Modimo, le iponahatsang hohle dipelong tsa bana ba batho … ke lona le labalabelwang ho feta ntho tsohle … mme le tlisa monyaka moyeng.”3

Hatisa