Mangolo a halalelang
Mosaia 5


Khaolo ea 5

Bahalaleli ba fetoha bara le barali ba Kreste ka tumelo—Ba bitsoa ka lebitso la Kreste—Morena Benjamine o ba khothaletsa ho tsitsa le ho se tsitsinyehe mesebetsing e metle. Ka bo 124 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha morena Benjamine a se a buile joana ho batho ba habo, o ile a romela har’a bona, a lakatsa ho tseba ho batho ba habo hore na ba lumetse mantsoe ao a buileng ho bona.

2 ’Me ba ile ba hoelehetsa ka lentsoe le le leng, ba re: Ee, re lumela mantsoe oohle ao u a buileng ho rona; ’me hape, re tseba ka bonnete le ’nete ea oona, ka lebaka la Moea oa Morena ea Matla Ohle, o tlesitseng phetoho e kholo ka ho rona, kapa ka lipelong tsa rona, hoo re seng re sena sebopeho sa ho etsa bobe, empa ho tsoelapele ho etsa botle.

3 ’Me rona, ka bo rona, hape ka molemo oa Molimo o sa feleleng, le liponahatso tsa Moea oa hae, re na le chebahalo tse kholo tsa seo se tla tla; ’me ha ho ne ho hlokahala, re ne re ka porofeta lintho tsena tsohle.

4 ’Me ke tumelo eo re bileng le eona ho lintho tseo morena oa rona a li buileng ho rona e re tliselitseng tsebo ena e kholo, ka hona re nyakalla ka nyakallo e kholo ka ho fetisisa hakakang.

5 ’Me re ikemiselitse ho kena selekaneng le Molimo oa rona ho etsa thato ea hae, le ho mamela litaelo tsa hae linthong tsohle tseo a tlang ho re laela, matsatsi ohle a rona a setseng, hore re tle re seke ra ipitsetsa tlhokofalo e sa feleng, joaloka ha ho boletsoe ke lengeloi, hore re se ke ra noa ho tsoa senoelong sa khalefo ea Molimo.

6 ’Me joale, a na ke oona mantsoe ao morena Benjamine a neng a a lakatsa ho bona; ’me ka baka leo o ile a re ho bona: Le buile mantsoe ao ke neng kea lakatsa; ’me selekane seo le se entseng ke selekane se lokileng.

7 ’Me joale, ka lebaka la selekane seo le se entseng le tla bitsoa bana ba Kreste, bara ba hae, le barali ba hae; hobane bonang, kajeno o le tsoetse moeeng, hobane le re lipelo tsa lona li fetohile ka tumelo lebitsong la hae; ka baka leo, le tsoetsoe ke eena ’me le fetohile bara ba hae le barali ba hae.

8 ’Me tlasa lebitso lena le entsoe ba lokolohileng, ’me ha hona lebitso le leng leo ka lona le ka etsoang hore le lokolohe. Ha hona lebitso le leng le fanoeng leo poloko e tlang ka lona; ka baka leo, ke lakatsa hore le inkele ho lona lebitso la Kreste, lona bohle ba keneng selekaneng le Molimo hore le mamele ho isa pheletsong ea bophelo ba lona.

9 ’Me ho tla etsahala hore mang kapa mang ea etsang sena o tla fumanoa ka letsohong le letona la Molimo, hobane o tla tseba lebitso leo a bitsoang ka lona; hobane o tla bitosa ka lebitso la Kreste.

10 ’Me ho tla etsahala, hore mang kapa mang a ke keng a inkela ho eena lebitso la Kreste o tlameha ho bitsoa ka lebitso le leng; ka baka leo, o iphumana ka letsohong le lets’ehali la Molimo.

11 ’Me ke lakatsa hore le hopole hape, hore lena ke lebitso leo ke itseng ke tla le fa lona hore le se hlole le hlakoloa, ntle le hore e be ka ho tlola; ka baka leo, hlokomelang hore ha le etse tlolo, hore lebitso leo le se hlakoloe lipelong tsa lona.

12 Ke re ho lona, ke lakatsa hore le hopole ’me le boloke lebitso leo le ngotsoe lipelong tsa lona kamehla, hore le se fumanoe ka letsohong le lets’ehali la Molimo, empa hore le utloe le ho tseba lentsoe leo le tlang ho bitsoa ka lona, ’me hape, lebitso leo a tlang ho le bitsa ka lona.

13 Hobane ke joang motho a ka tsebang monghali eo a so kang a mo sebeletsa, ’me eo e leng osele ho eena, ’me a leng hole le mehopolo le maikemisetso a pelo ea hae?

14 ’Me hape, na motho a ka nka esele eo e leng ea moahisane oa hae, ’me a e boloke? Ke re ho lona, Che; a ke ke a lumela esita le hore feela e fule har’a mehlape ea hae, empa o tla e khannela hole, ’me a e lelekelle ka ntle. Ke re ho lona, hore esita le joale ho tla ba joalo har’a lona haeba le sa tsebe lebitso leo le bitsoang ka lona.

15 Ka baka leo, ke lakatsa hore le tsitse le se tsitsinyehe, kamehla le tlale ka mesebetsi e metle, hore Kreste, Morena Molimo a Matla Ohle, a tle a le tiisetse ho ba ba hae, hore le tle le tlisoe leholimong, hore le tle le be le poloko e sa feleng le bophelo ba bosafeleng, ka bohlale, le matla, le toka, le mohau oa eena ea bopileng lintho tsohle, leholimong le lefats’eng, eo e leng Molimo ka holimo ho bohle. Amen.

Hatisa