2017
Re ya o leboha, O ho Modimo, ka Mmoleledi
Loetse 2017


Batjha

Re ya o leboha, O ho Modimo, ka Mmoleledi

Mmoleledi wa rona Mookamedi Thomas S. Monson o o susumeleditse jwang? Ke eng seo o tla se hopolang haholo ka ena? Nahana ka ho ngola ka tsa bophelo ba Mookamedi Monson lengolong la hao la sehopotso—haholo ha a hlalosa molaetseng ona ka tshusumetso ya mmoleledi ka mong eo a mo hopolang.

O ka nna wa batla ho khetha qollo eo o e ratileng ho eena mme wa e ngola moo o tla e bonang khafetsa, thapong ya mangolo kapo wa e etsa hlokomediso phaposing ya hao. O ka nna wa e etsa setshwantsho sa qollo mme e etsa seriti sa mohala wa hao. Nako e ngwe le e ngwe ha o bona qollo ena, o ka bonahatsa bohlokwa ba mmoleledi ya phelang mme wa hopola ho re o mona ho re rata le ho re tataisa.

Hatisa