2017
Mmoleledi ho re tataisa
Loetse 2017


Molaetsa wa Bookamedi ba pele, Lwetse 2017

Mmoleledi/Moporofeta ho re tataisa

Lemo tse mmalwa tse fetileng, Ke ne ke dutse ka phaposing ya Baka se Khethehileng/Tempele sa Salt Lake moo Bookamedi ba pele le Balekhotla la Barumuwa ba Leshome le Metso e Mmedi hang ka morao ho matsatsi a supileng. Ka sheba hodimo leboteng le shebaneng le Bookamedi ba Pele, mme moo ka elellwa metako ka bong tsa Baokamedi ba Phuteho/Kereke.

Ha ntse ke ba shebile, ba tlileng pele ho na—ho tloha ho Mmoleledi/Moporofeta Joseph Smith (1805–44) ho fihla ho Mookamedi Gordon–B. Hinckley (1910–2008)—ka nahana, “Ka moo ke leng malebo ka tataiso ya emong le emong.”

Bana ke banna ba sebele ba sa kang ba obeha, ba sena phoso, ba sa kang ba hloleha. Bana ke banna ba Modimo. Ha ke nahana ka baboleledi ba mehla ena bao ke ba tsebileng ebile ke ba rata, Ke hopola maphelo a bona, semelo sa bona, le thuto tsa bona tse susumedisweng.

Mookamedi heber J. Grant (1856–1945) e ne ele mookamedi wa Phuteho/Kereke ha ke ne ke tswalwa mme. Ha ke nahana-di-etshala tsa bophelo le dithuto tsa hae, Ke dumela hore se neng se hlahella ka Mookamedi Grant e le mohlala, ene ele phehello—, phehello nthong tse ntle di phahame.

Mookamedi George Albert Smith (1870–1951) e ne ele mookamedi wa phuteho nakong eo ke neng ke le modulaqhowa kapo mobishopo wa lekala motseng moholo wa Salt Lake. A elellwa hore ho na le khula-khulano e etsahalang pakeng tsa Morena le sera. “Ha o ka dula hlakoreng la mola wa Morena,” arialo, “O tlaba ka tlasa tshusumetso ya hae mme ha ona ba le takatso ya ho etsa phoso.”1

Ke ile ka biletswa tshebeletsong jwalo ka setho sa Balekhotla ba Metso e Mmedi ka 1963 ke Mookamedi David O. McKay (1873–1970). O ne a ruta ho nahanela ba bang ka moo a neng a phela bophelo ba hae. “Botlotsuwa kapo Bakresete ba nnete,” a re, “ke lerato le ipontshang.”2

Mookamedi Joseph Fielding Smith (1876–1972), emong wa dingodi tsa phuteho yabongodi bo hlwahlwa o ne a na le tataiso ya molao-theo bophelong ba hae, e leng boithuti ba lentswe. O ne a bala dingolwa ntle le kemiso mme a tlwaelana le boithuti ba dithuto tse fumanehang mahareng a maqephe a tsona ho feta mang kapa mang eo ke neng ke motseba.

Mookamedi Harold B. Lee (1899–1973) O sebeditse jwalo ka mookabedi wa sedika ha ke sa le moshanyana. Qollo eo a neng a e rata ka ho fitisa e ne e le “ emang lona bakeng tse halalelang, mme le se tloswe.”3 O khothaleditse Bahalaledi ho ba bong le, mme le ho arabela, keletso ya Moya o Halalelang.

Ke dumela hore molao-theo o tataisitseng bophelo ba Mookamedi Spencer W. Kimball (1895–1985) e ne e le boinehelo. Boinehelo ba hae Moreneng, bo ne bo hlakile ka ho phethahala. Le hape o ne a i nehetse lentsweng le phelang.

Ha Mookamedi Ezra Taft Benson (1899–1994) a eba Mookamedi wa Phutheho, o ile a mpiletsa tshebeletsong jwalo ka Moeletsi wa Bobedi Bookameding ba pele. Lerato e ne e le molao-theo o mo tataisang, eo a ileng a e kenyeletsa qollong ya hae yeo a e ratang, e buiwa ke Mmoloki: “Le tlameha ho ba banna ba mofuta ofe? Ruri kere ho lona, ba jwalo ka Nna.”4

Mookamedi Howard W. Hunter (1907–95) e ne e le ya shebang botle ho ba bang ka nako tsohle. A na le Khathallo ka nako tsohle; ka nako tsohle a le boikokobetso. E ne e le tokelo e ikhethileng ho ba tshebeletsong jwalo ka Moeletsi wa bobedi wa hae.

Mookamedo GordonB. Hincley o re rutile ho etsa bokhoni bohle ba rona. O ile a beha bopaki bo matla ka Mmoloki le Tsamao-Thero ya hae. O re rutile ka lerato. E ne e le hlompho le hlohonolofatso ho ba tshebeletsong jwalo ka Moeletsi wa Pele ho ena.

Mooloki o re romella Baboleledi ho ba a re rata. Ka seboka sa kakaretso sa Mphalane, Ba-laodi ba kakaretso ba Phutheho ba tla pheta hape ba ba le tokelo e ikhethileng ya ho abelana ka lentswe la Hae. Re atamela boikarabelong bona ka hlompho le boikokobetso.

Re hlononofetse ha ka kang ho ba Phutheho ya Motlotsuwa Jesu e khutliseditsweng le hona e thehilwe ho dimo ha lejwe la tshenolelo. Tshenolo e tswelang pele ke bona boteng ba lentswe-Modimo la Motlotsuwa Jesu.

E seka re ka i tukosetsa ho fumana tshenolo e amang botho ba rona ka bongata sebokeng sena sa kakaretso. E seka pelo tsa rona di ka tlala ka maikemisetso ha re phahamisa matsoho ha re tshehetsa baboleledi ba phelang le barumuwa. E seka re ka sedimoswa, ra phahamiswa, tshediswa, mme ra matlafatswa ha re mametse melaetsa ya bona. Mme ra itukisetsa ho etsa hape boitlamo ho Morena Jesu Motlotsuwa,—lentswe-Modimo la hae le mosebetsi—wa hae le ho phela ka tharollo e ntjha ho bolokeng ditaelo tsa hae le ho kakasa etsa thato ya Hae.

Hatisa