2017
Bo Plo Nngwe
Loetse 2017


Molaetsa wa ketelo, Lwetse 2017

Bo Pelo Nngwe

Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ho utlwisisa morero wa Mokgatlo wa Thekolohelo ho ka thusa boitokisetso ba baradi ba Modimo bakeng la ditlhohonolofatso tsa bophelo ba bosafeleng jwang?

Setśoantśo
Letshwao la Mokgahlo wa Thekolohelo

Tumelo Lelapa Thekolohelo

Mme Modimo o bitsitse batho ba hae Sione, hoba ba ne ba le pelo-nngwe mme ba le monahano o le mong mme phelela bolokeng; mme ho se a futsanehileng hare ho bona” (Moses 7:18). Re ka ba bongweng jwang?

Elder M. Russell Ballard wa Lekhotla la Barumuwa ba Leshome le Metso e Mmedi o itse: “Bopelong ba lentswe poelano ke lentswe bongwe. Ha batho bohle ba ka utlwisisa sena, ho keke ha ba la ha e le ya mong eo re sa mo khathalleng, ho sa natswe boholo, bo-morabe, bong, bodumedi, kapo kemo ya moruo setjhabeng. Re tla leka ho etsisa Mmoloki mme re se bontse ho hloka botho, ho iphapanyetsa, ho hloka hlompho, kapa ho se nahanele ba bang.”1

Mookamedi Henry B. Eyring, Moeletsi wa pele Bookameding ba pele, o rutile hore: “Moo batho ba nang [le] Moya ho bona, [ba] lebella tshebedisano. … Moya wa Modimo ha o ke be o tsose qhwebeshano (sheba 3 Nephi 11:29). … E lebisa khotsong ya botho le maikutlong a khokahano le ba bang.”2

Re sa bua ka diphephetso tsa lelapa, Carole M. Stephens, a sebeditseng jwalo ka Moeletsi wa Pele e le Bookameding ba Kakaretso ba Mokhatlong wa Thekolohelo, o itse: “Ha ke so ka ke hlaloa, bohloko le maikutlo a ho sa bolokisehe a tliswang ke ho lahlwa, kapo boikarabelo bo tlang ka ho ba motswadi a le mong lapeng. Ha ke soka ke fihlelwa ke ho hlokahala ha ngwana, bo hloka-pelehi kapo khahlo ya bong bo tshwanang. Ha ke ha ke so ka ke mamella hlekefetso, ho kula ho sa foleng, kapo bokhobeng. Tsena ha e aka yaba menyetla eo e sarollang.

“… Empa diphephetsong tsa ka le mathata … Ke ithutile tlwaelana le eo a nkutlwisisang. … Tlatseletsong, Ke fihletswe ke diteko tsohle tsa botho tseo ke boletseng ka tsona ka leihlo la moradi, mme, nkhono, khaitsedi, rakhadi/mangwane le motswalle.

Monyetla wa rona jwalo ka baradi ba bolokang-selekane sa Modimo ha se feela ho ithuta diphephetsong tsa rona; ke ho kopana ka kutlwelano le kameho ha re tshehetsa ba maloko a lelapa la Modimo di tshotlehong tsa bona.”3

Mangolo a Halalelang a Tlatsetso le Thlahiso leseding

Johanne 17:20–23; Baefese 4:15; Mosiah 18:21–22; 4 Nephi 1:15;

reliefsociety.lds.org

Dingolwa

  1. M. Russell Ballard, “Poelano le Boleng ba Moya wa Motho,” Liahona, Motshehanong 2004, 86.

  2. Henry B. Eyring, “Hore re be bongweng,” Ensign, Motshehanong 1998, 67.

  3. Carole M. Stephens, “Lelapa ke la Modimo,” Liahona, Motshehanong 2015, 11–12.

Hatisa