2018
Tswela Pele Ho Ba le Kamano le Eena Nakong efeng kapa efeng, Bakeng sefeng kapa sefeng, ka Tsela enngwe le enngwe
Pherekhong 2018


Metheo ya Thuto ya Ketelo, Pherekgong 2018

Tswela Pele Ho Ba le Kamano le Eena Nakong efeng kapa efeng, Bakeng sefeng kapa sefeng, ka Tsela enngwe le enngwe

Thuto ya ketelo e ka ha ho nehelana ka tlhokomelo. Jesu o nehelane ka tlhokomelo nakong enngwe le enngwe bakeng se seng le se seng. Re ka etsa ho tshwanang.

Ho “nehelana ka tlhokomelo”ke ho fana ka tshebeletso, hlokomelo, kapa thuso e tlatselatsang boiketlo kapa thabo ya emong. Thuto ya ketelo e ka ha ho sibulla ditsela tseo re ka nehelanang ka tlhokomelo ho bao re ba etelang. Jesu Kreste o nehelane ka tlhokomelo ho bohle – nakong enngwe le enngwe le sebakeng sefeng kapa sefeng. O fepile ba 5,000, a kgothatsa Maria le Mareta lefung la moholwane wa bona, mme a ruta mosadi ya neng a le sedibeng evangedi ya Hae. O entse seo ka baka la lerato la Hae la sebele.

Ha re sala mohlala wa Hae morao, jwalo ka baruti ba ketelo re ka tseba le ho rata emong le emong wa dikgaitsedi tseo re di etelang, kgopolong ya hore lerato ke motheo wa tsohle tseo re di etsang. Ha re rapella tshusumetso ya ho tseba hore na re ka mo sebeletsa jwang le ho mo thusa ho matlafatsa tumelo ya hae, “mangeloi ha ana ho ikgulela morao ho ba beng-mmoho le [rona].”1

Ho tloha tlhophisong ya Mokgahlo wa Thekolohelo ka 1842 ho fihlela kajeno, nehelo ya tlhokomelo ke mafumahadi e hlohonolofaditse maphelo. Ka mohlala, Joan Johnson, mohlolohadi ya dilemo tse 82, mmoho le mofelehetsi wa hae wa thuto ya ketelo ba ne ba ruta ka ketelo moahisane wa bona ya 89 mme a ena le lefu la ntaramane. Ba ne ba bona hore moahisane wa bona ha a bahloke feela ha nngwe ka kgwedi, ka seo ba ile ba qalella ho mo hlwela beke le beke ka hotla ka sebele kapa ka ho moletsetsa mohala.

Ho babang baruti ba ketelo, ho romela mongolo kapa molaetsa wa kgothaletso o remelwang ka motjhene wa komputara wa tsa dipuisano, e kaba se sehlohlolong seo ba ka se etsang bakeng sa kgaitsedi kgweding eo. Ho etsa dikamano ka sebele le ho mamela ka maikemisetso a lerato ke mmoko-taba wa thuto ya ketelo. Marangrang a sejwale-jwale mmoho le ketelo tse etswang ka sebele batho ba shebane mahlong, di re thusa ho etsa sena nako enngwe le enngwe, bakeng sefeng le sefeng, mme ka tsela tse ngata2 Seo ke ho nehelana ka tlhokomelo jwalo ka ha Jesu a entse.

Dingolwa

  1. Dithuto tsa Baetapele ba Kereke: Joseph Smith (2007), 454.

  2. Bona Bukana ya tsa tshebetso 2: Tsamaiso ya Kereke (2010); 9.5.1

Hatisa