2018
Mpho ya Pako
Pherekhong 2018


Molaetsa wa Boetapele ba Pele, Pherekgong 2018

Mpho ya Pako

“Boikarabelo ba rona ke ho phahama le ho tloha maemong a pherekano re ise boiphihlelong, ke ho tloha ho tlholehong re ye katlehong” Mookamedi Thomas S. Monson o ne a rute. “Mosebetsi wa rona ke ho ba hlwahlwa ho seo re leng sona. E nngwe ya dimpho tse kgolo tsa Modimo ho rona ke thabo ya ho ka boela re leka hape, hobane tlholeho ha e hloke ho ba sephetho.”1

Hangata re amahanya nako ya ho thwasa ha lemo se setjha le ditabatabelo mmoho le ditjhebo. Re nka qeto ya ho ntlafala, ho fetoha, ho leka hape. Mohlomong mokgwa o bohlokwa haholo oo re ka lekang hape ke ho amohela ka botlalo seo Moetapele Monson a se bitsang “mpho ya pako.”2

Diratswaneng tse latelang tse tswang dithutong tsa hae esale e eba Moetapele wa Kereke, Moetapele Monson o re eleditsa hore re “sebedise madi a topollo a Kreste hore re tle re amohele tshwarelo ya dibe tsa rona, mme pelo tsa rona di ka hlwekiswa.”3

Mohlolo wa Tshwarelo

“Kaofela ha rona re se re ile ra etsa dikgetho tse fosahetseng. E bang ha re eso lokise dikgetho tse tje, ke le netefaletsa hore tsela ya ho ka etsa jwalo e teng. Tsela e bitswa pako. Ke ipiletsa ho lona ho lokisa diphoso tsa lona. Mopholosi wa rona o shwetse ho neha nna le wena mpho eno e hlohonolofetseng. Leha tsela e se bonolo, tshepiso ke ya sebele: ‘Leha dibe tsa lona di le kgubedu, di tla ba jwalo ka lehlwa’Isaiah 1:18 ‘Mme Nna, Morena, ha ke na ba le kgopolo ya tsona’DT&D.O se ke wa beha bophelo ba hao ba bosafeleng tlokotsing . Haeba o ile wa etsa sebe, hang o ka potlakela ho kgutlela tseleng, hang ke moo o tla potlaka ho fumana le ke ho natefelwa ke kgotso le thabo tse tlang ka mohlolo wa tshwarelo.” 4

Kgutlela Tseleng

“Leha ho le bohlwokwa hore re kgethe ka tjhatsi, ho teng dinako moo re tlang ho etse dikgetho tse bowatla. Mpho ya pako, eo Mopholosi faneng ka yona, e re kgontsha ho lokisa maemo a tsamao ya rona hore re tle re boele tseleng e re lebisang kgalalelong ya celestial eo re e habileng.”5

Tsela e Kgutlang

“E bang e mong wa lona a kgujuwe leetong la hae, Ke o netefaletsa hore tsela e kgutlelang morao e teng. Tsela e bitswa pako. Leha tsela e le boima, pholoso ya hao ya hosafeleng e itshetlehile ho yona. Ke eng se ka lokelwang ke ho leka ha hao? Ke ipiletsa ho wena ho nka qeto mothateng ona ho nka mehato e loketseng ho baka ka botlalo. Hang o ka potlaka ho etseng see, hang o tla kgona ho ikutlwela kgotso le khutso mmoho le netefaletso e boletsweng ke Isaiah [bona Isaiah 1:18.”6

Batho Ba Ka Fetoha

“Re hloka ho hopola hore batho ba ka fetoha. Ba ka beha ditlwaelo tse mpe kamorao ho bona. Ba ka baka hotswa dikgelohong. Ba ka jara boprista ka tshwaneleho. Mme ba ka sebeletsa Morena ka boinehelo.”7

Boela O Hlweke

“Ha ho ka etsahala ho be le hohong ho sa tshwanelehang bophelong ba hao, tsela e teng e bulehileng ya hotswa ha hao. Phetsa se seng le se seng se sa lokang. Buisana le mobishopo wa hao. Bothata bofe kapa bofe, bo ka rarollwa ka pako e nepahetseng. O ka boela wa hlweka hape.”8

Karolo E Bohlokwa Ya Mopholosi

Ho bohlokwa moralong [ona wa pholoso] ke Mopholosi wa rona, Jesu Kreste. Ka ntle le sehlabelo sa Hae sa topollo, tsohle di tla be di timetse. Le ha hole jwalo ha ho wa lekana ho dumela feela ho eena le mosebetsing wa Hae wa evangedi. Re tlameha ho sebetsa le ho ithuta, ho batla le ho rapela, ho baka le ho ntlafatsa. Re tlameha ho tseba melao ya Modimo mme re e phele. Re tlameha ho fumana ditshebeletso tsa Hae tsa evangedi tsa pholoso. Ke ka ho etsa jwalo feela re ka fumanang thabo ya nnete, ya bosafeleng.9

Dingolwa

  1. “The Will Within,”Ensign May 1987,68.

  2. “Choices,”Liahona May 2016, 86.

  3. Mosiah 4:2

  4. The Three Rs of Choice,”Liahona Nov.2010,69.

  5. “Dikgetho,” 86.

  6. “Keep the Commandments,” Liahona Nov.2015,85.

  7. “See Others as They May Become,” Liahona Nov. 2012,68.

  8. “Priesthood Power,” Liahona May 2011,67.

  9. “The Perfect Path to Happiness,”Liahona, Nov.2016, 80 -81.

Hatisa