2018
Nka Qeto ho Baka
Pherekhong 2018


Batjha

Nka Qeto ho Baka

Moetapele Monson o hlalosa hore “boikarabelo ba rona ke ho phahama ho tloha maemong a pherekano hoya boiphihelong, ho tloha tlholehong re ye katlehong. Mosebetsi wa rona ke ho ba hlwahlwa ho seo re leng sona.” Boholo ba batho ba behela ka thoko Pherekgong ho etsa ditjhebo le ditabatabelo tsa ho intlafatsa: ho bososela haholwanyana, ho ja phepa, kapa ho ithuta bokgoni bo botjha. Leha ditjhebo tsee di ka o thusa ho fetoha ha betetsane, tsela ya sebele ya ho fetoha ke ka pako.

Leha pako e ka ba thata, ke mpho! Ha re itshetleha ho Jesu Kreste ka ho baka dibe tsa rona, re kgona ho hola le ho tswela pele. Moetapele Monson o itse, “Se bohlokwa moralong [wa pholoso] ke Mopholosi wa rona, Jesu Kreste.” Ka ntle le sehlabelo sa Hae sa topollo, tsohle di tla be di timetse. Ka pako, o ka hlatsuwa wa hlweka dibeng mme wa tswela pele ho ba jwalo ka Ena.

Nahana ke seo se kaneng se o thibela ho ba jwalo ka Mopholosi. Ekaba ke puo ya hao? Mokgwa oo o tshwarang metswalle le ba lelapa la hao? Ka mora ho nahana ka tsela eo o ka intlafatsang ka yona, rapela ho Ntate ya Mahodimong mme o hlahise tabatabelo ya hao ho fetoha. Hopola hore ka matla a Topollo ya Hae, Jesu Kreste a ka o thusa ho hlola bofokodi ba hao. Jwalo ka ha Moetapele Monson a rutile, “Mpho ya pako, eo ho fanwang ka yona ke Mopholosi wa rona, e re kgontsha ho lokisa maemo a tsa tsamao ya rona.”

Hatisa