2021
Ke Eng Seo Mopholosi oa Rona a Re Etselitseng?
Motśeanong 2021


“Ke Eng Seo Mopholosi oa Rona a re Etselitseng?” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Motśeanong 2021.

Kopano ea Boprista

Ke Eng Seo Mopholosi oa Rona a Re Etselitseng?

Mantsoe a qotsitsoeng

Setśoantśo
Lebitla la Kreste le sa Tśelang

Ke eng seo Jesu Kreste a se etselitseng e mong le e mong oa rona? O entse tsohle tse bohlokoa leetong la rona la bophelo ho ea pheletsong e boletsoeng morerong oa Ntate oa rona ea Maholimong. Ke tla bua ka lintlha tse ´ne tse ka sehloohong tsa moralo oo. …

Tsoho ea bafu e re fa pono le matla a ho mamella liphephetso tsa bophelo tse tobaneng le e mong le e mong oa rona le bao re ba ratang. E re fa tsela e ncha ea ho sheba likhaello tsa nama, maikutlo le kelello tseo re tsoetsoeng le tsona kapa tseo re li fumaneng bophelong. E re fa matla a ho mamella mahlomola, ho hloleha, le hotsieleha.

Tsoho ea bafu hape e re fa khothatso e matla ea ho boloka melao ea Molimo nakong ea bophelo ba rona ba ho shoa. …

Mopholosi le Molopolli oa rona o mamelletse mahlomola a sa utloisiseheng hore e be sehlabelo sa libe tsa bohle ba bophelong ba ho shoa ba tla baka. Sehlabelo sena sa topollo se fane ka botle bo fetisisang, konyana e hloekileng e se nang sekoli, bakeng sa tekanyo e kholo ea bobe, e leng libe tsa lefatśe lohle.…

…Jesu o re rutile morero oa pholoso. Morero ona o kenyelletsa popo, sepheo sa bophelo, tlhokeho ea bohanyetsi, le mpho ea boikhethelo. Hape O re rutile lilekane le melao eo re lokeleng ho emamela le litśebeletso tseo re tlamehang ho li fihlela ho re khutlisetsa ho batsoali ba rona ba leholimong.…

Mopholosi oa rona o ea utloa ebile o tseba liteko tsa rona, ho sokola ha rona, masisa-pelo le litlhokofatso tsa rona, hoba ka boithaopo O ile a feta ho tsona e le karolo ea Topollo ea Hae. … Bohle ba hlokofatsoang ke mofuta ofe le ofe oa mefokolo bophelong ba ho shoa, ba lokela ho hopola hore Mopholosi oa rona o ile a utloa bohloko ba mofuta oo le eena, le hore ka Topollo ea Hae, O fa e mong le e mong oa rona matla a ho e mamella.

Hatisa