2021
Kreste O Tsohile; Tumelo ho Eena E tla Suthisa Lithaba
Motśeanong 2021


Molaetsa oa khoeli, Liahona Motśeanong 2021

Kreste O Tsohile; Tumelo ho Eena E tla Suthisa Lithaba

Tumelo ho Jesu Kreste ke matla a fetisisang a teng ho rona bophelong bona. Lintho tsohle lia khoneha ho ba lumelang.

Bana beso ba ratehang, ke motlotlo ka monyetla oo ke o fumaneng ho buoa le lona Sontaheng sena sa Paseka.1 Sehlabelo sa topollo le ho tsoha bafung ha Jesu Kreste ho fetotse bophelo ba rona ka ho sa feleng. Rea Mo rata `me ka teboho e tletseng rea mo khumamela le Ntat´a rona ea Maholimong.

Likhoeling tse tśeletseng tse fetileng, re tsoetse pele ho loantśana le seoa se akaretsang lefatśe. Ke hlolloa ke ho tiisetsa le matla a lona a tumelo ho tobana le bokuli, tahlehelo, le ho itśeka-thajana. Ke rapela kamehla hore, ka har´a tsohle, le tla utloa lerato le sa hloleheng la Morena bakeng sa lona. Haeba le arabetse liteko tsa lona ka borutuoa bo matla, selemong se fetileng e ke ke ea eba lefeela.

Hoseng hona, re utloile ho tsoa ho baetapele ba Kereke ba tsoang k´honthinente e ´ngoe le e ´ngoe e nang le baahi lefatśeng. Kannete, litlhohonolofatso tsa evangeli ke tsa moloko o mong le o mong, puo, le sechaba. Kereke ea Jesu Kreste ke kereke e ka lefatśe lohle. Jesu Kreste ke moetapele oa rona.

Ka teboho, le seoa ha se ea atleha ho liehisa ho pharalla ha ´nete ea Hae. Hantle-ntle evangeli ea Jesu Kreste ke eona e hlokahalang lefatśeng lena le ferekaneng, le tletseng likhang, le le khathetseng.

E mong le e mong oa bana ba Molimo o lokeloa ke monyetla oa ho utloa le ho amohela molaetsa o folisang, o lopollang oa Jesu Kreste. Ha hona molaetsa o bohlokoa ho thabo ea rona ho feta ona—hona joale le ka ho sa feleng. Ha hona molaetsa o mong o tletseng ka tśepo ho feta ona. Ha hona moaetsa o mong o ka felisang khang ka har´a sechaba sa rona.

Tumelo ho Jesu Kreste ke motheo oa tumelo eohle le khoro ea matla a Bomolimo. Hoea ka Moapostola Paolosi, “Kantle ho tumelo, ho thata ho khahlisa [Molimo]: hobane ea tlang ho Molimo o lokela ho lumela hore o teng `me ke moputsi oa ba mo batlang ka mafolofolo.”3

Ntho e`ngoe le e `ngoe e ntle bophelong—tlhohonolofatso e ka bang teng ea bohlokoa ba bosafeleng—e qala ka tumelo. Ho lumella Molimo ho hlola bophelong ba rona ho qala ka tumelo ea hore O ikemiselitse ho re tataisa. Pako ea ´nete e qala ka tumelo ea hore Jesu Kreste o na le matla a ho re hloekisa le ho re matlafatsa.4

“Seke oa nena matla a Molimo” moprofeta Moroni a phatlalatsa a re, “hobane o sebetsa ka matla, ho latela tumelo ea bana ba batho.”5 Ke tumelo ea rona e lokollang matla a Molimo bophelong barona.

Empa, ho bontśa tumelo ho ka bonahala ho le boima. Ka linako tse ling re ka ipotsa hore na ebe re ka ba le tumelo e lekaneng ho amohela litlhohonolofatso tseo re li hlokang ka tieo. Le ha ho le joalo Morena o ile a kokobetsa letsoalo leo ka mantsoe a moprofeta oa Buka ea Mormon Alma .

Setśoantśo
Peō ea mosetareta

Alma o re kopa ha bonolo hore re leke ka lentsoe leo ´me re “sebelise karoloana ea tumelo ee, esita leha e se ho feta ho lakatsa feela ho lumela.”6 Poleloana ena “karoloana ea tumelo” e nkhopotsa tśepiso ea Morena bibeleng hore ha re “ha re ena le tumelo joaloka peō ea mosetareta,” re ka khona “hore ho thaba ena,Fallela mane,`me eka falla, `me haho letho le kekeng la se khonehe ho [rona].”7

Setśoantśo
Nonyana har´a peō ea mosetareta

Morena o utloisisa bofokoli ba rona ba bophelong ba ho shoa. Kaofela ha rona rea fokola ka linako tse ling. Empa hape O tseba boholo ba bokhoni ba rona. Peō ea mosetareta e qala e le ´nyane empa e hola hore ebe sefate se seholo ho lekana hore linonyana li hahele makaleng a sona. Peō ea mosetareta e bolela tumelo e nyane eholang8

Morena ha a hloke tumelo e phethehileng hore re fihlele matla a Hae a phethehileng. Empa O re kopa hore re lumele.

Bana beso ba ratehang, khothalletso eaka hoseng hona ha Paseka ke ho qala kajeno ho eketsa tumelo ea hau. Ka tumelo, Jesu Kreste o tla eketsa bokhoni ba hau ba ho suthisa lithaba bophelong ba hau,9 leha mathata a hau a ka bonahala a le maholo joaloka Mount Everest.

Lithaba tsa hau ekaba ea bolutu, lipelaelo, bokuli, kapa mathata a mang a botho. Lithaba tsa hau li ka fapana, leha ho lejoalo karabo ho e ´ngoe le e ´ngoe ea liqholotso tsa hau ke ho eketsa tumelo ea hau. Seo se nka mosebetsi. Baithuti ba botsoa le barutuoa ba botsoa ba tla lula ba thatafalloa ho bokella le karoloana ea tumelo.

Ho etsa eng kapa eng hantle ho hloka boiteko. Ho ba morutuoa oa ´nete oa Jesu Kreste ha hoea fapana. Ho eketsa tumelo ea hau le tśepo ho eena ho hloka boiteko. Ke kopa ho fana ka litlhahiso tse hlano ho u thusa ho holisa tumelo le tśepo eo.

Ea pele, ithute. Eba moithuti ea sehlahlo. Ikakhele ka setotsoana mangolong ho utloisisa betere thomo le bosebeletsi ba Kreste. Tseba thuto ea Kreste e le hore u utloisise matla a eona bophelong ba hau. Ithute ka har´a ´nete ea hore Topollo ea Jesu Kreste e sebetsa ho uena. A inkela a hau mahloko,tsa hau, liphoso, , ea hau mefokolo, le tsa hau libe. O lefile theko ea puseletso `me a u fa matla a hore u suthise thaba e `ngoe le e `ngoe eo u tla tobana le eona. U fumana matla ao ka tumelo ea hau, tśepo le boikemisetso tsa ho mo latela.

Ho suthisa lithaba tsa hau ho ka hloka mohlolo. Ithute ka mehlolo. Mehlolo e tla ho latela tumelo ea hau ho Morena. Khubung ea tumelo eo ke ho tśepa thato le nako ea Hae—hore na o tla u hlohonolofatsa joang le neng ka thuso e makatsang eo u e lakatsang. Ke ho se lumele ha hau feela ho tla etsa hore Molimo a se u hlohonolofatse ka mehlolo ho suthisa lithaba bophelong ba hau.10

Ha u ithuta haholoanyane ka Mopholosi, ho tla ba bonolo ho tśepa mohau oa Hae, lerato la Hae le se nang pheletso, le matla a Hae a matlafatsang, a folisang, le a lopollang. Mopholosi o haufi le uena ho feta ha u tobane kapa u hloella thabeng ka tumelo.

Ea bobeli, khetha ho lumela ho Jesu Kreste Haeba u na le lipelaelo ka Molimo Ntate le Mora oa Hae ea Ratoang kapa bonnete ba Tsosoloso kapa bonnete ba pitso ea bomolimo ea Joseph Smith joaloka moprofeta, khetha ho lumela11`me u lule u tletse tumelo. Isa lipotso tsa hau ho Morena le mehloli e meng e tśepahalang. Ithute ka takatso ea ho lumela ho fapana le ho ba le tśepo ea hore u ka fumana phoso tseleng ea bophelo ba moprofeta kapa ho se tśoane hoa mangolo a halalelang. Khaotsa ho eketsa lipelaelo tsa hau ka ho li phetha-pheta le babelaeli ba bang. Lumella Morena ho u tataisa leetong la hau la ho sibolla lintho tsa moea.

Ea boraro, nka khato ka tumelo. Ke eng seo u neng u ka se etsa ha u ne u ena le tumelo e matla? Nahana ka eona. Ngola ka eona. Ebe u fumana e fetang tumelo ka ho etsa se seng se hlokang tumelo e matla.

Ea bone, etsa litśebeletso tse halalelang ka ho lokeleha. Litśebeletso li lokolla matla a Molimo bophelong ba hau.12

Ea bohlano, kopa Ntate ea Maholimong, ka lebitsong la Jesu Kreste, ho u thusa.

Tumelo e hloka mosebetsi. Ho fumana tśenolelo ho hloka mosebetsi. Empa “e mong le e mong ea kopang o ea amohela; me `ea batlang o ea fumana; le ea kokotang o tla buleloa.”13 Molimo o tseba se tla thusa ho holisa tumelo ea hau. Kopa, `me u kope hape.

Ea sa lumeleng a ka nna a re tumelo kea ba fokolang. Empa polelo ena e hlokomoloha matla a tumelo. Na Baapostola ba Mopholosi ba ne ba ka tsoelapele ho ruta thuto ea Hae kamor´a lefu la Hae, ka ho beha bophelo ba bona kotsing, haeba ba ne ba Mo belaetse?14 Na Joseph le Hyrum Smith ba ka be ba ile ba hlokofatsoa ke lefu la bashoela-tumelo ho sireletsa Tsosoloso ea Kereke ea Morena ntle le haeba ba ne ba na le bopaki bo tiileng ba hore ke ´nete? Na bahalaleli ba ka bang 2,000 ba ka be ba shoele tseleng ea bopula-maliboho 15 haeba ba ne ba sena tumelo ea hore evangeli ea Jesu Kreste e buselelitsoe? Ka ´nete, tumelo ke matla a lumellang ba sa lebelloang ho fihlela tse sa khoneheng.

Seke oa fokotsa tumelo eo u seng u ntse u ena le eona. Ho nka tumelo hore u kene Kereke `me u sale u tśepahala. Ho nka tumelo ho latela baporofeta ho fapana le litsebi le maikutlo a tloaelehileng. Ho nka tumelo ho sebeletsa bonqosa ba Kereke nakong ea seoa. Ho nka tumelo ho phela bophelo bo hloekileng ha lefatśe le hooa hore molao oa Molimo oa bohloeki o fetiloe ke nako. Ho nka tumelo ho ruta evangeli ho bana lefatśeng la tsa bolefatśe. Ho nka tumelo ho kopa bophelo ba moratuoa le tumelo e fetang ho amohela karabo e nyahamisang.

Lilemong tse peli tse fetileng, ´na le `Me Nelson re ile ra etela Samoa, Tonga, Fiji, and Tahiti. E ´ngoe le e ´ngoe ea linaha tseo tsa lihlekehleke e bile le pula e matla ka matsatsi-tsatsi. Litho li ne li itime lijo ´me li rapetse hore likopano tsa bona tsa kantle li sireletsoe puleng.

Samoa, Fiji, le Tahiti, hang ha likopano li qala, pula e ile ea emisa. Empa Tonga, pula ha e eaka ea emisa. Leha ho le joalo Bahalaleli ba tśepahalang ba 13,000 ba ile ba fihla lihora pele ho nako ho fumana setulo, ba ema ka mamello harʹa pula e nang, ´me ba lula kopanong ea lihora tse peli ho le metsi haholo.

Setśoantśo
Bahalaleli ba Tonga kahar´a pula

Re bone tumelo e matla e sebetsa har´a e mong le e mong oa baahi ba lihlekehleke tsena—tumelo e lekaneng ho emisa pula le tumelo ea ho mamella ha pula e sa emise.

Lithaba tse teng bophelong ba rona ha se kamehla li ka tsamaeang joang kapa neng kamoo re ka ratang ka teng. Empa tumelo ea rona ka nako tsohle etla re isa pele. Tumelo kamehla e eketsa phihlello ea rona matleng a bomolimo.

Ka kopo tseba sena: haeba ntho e ´ngoe le e ´ngoe le motho e mong le e mong eo u mo tšepang a ka se atlehe, Jesu Kreste le Kereke ea Hae ba ke ke ba u soetsa. Morena ha a otsele ebile Ha a robale.16 O “ea tśoana maobane, kajeno, le [hosane]”17 A ke ke a fetohela likano tsa Hae,18 tśepiso ea Hae, kapa lerato la Hae ho sechaba sa Hae. O etsa mehlolo kajeno, `me O tla etsa mehlolo le kamoso.19

Tumelo ho Jesu Kreste ke matla a maholohali a teng ho rona bophelong bona. Lintho tsohle li ka etsetsoa ba lumelang20

Tumelo ea hau e ntsenge hola ho Eena e tla suthisa lithaba—eseng lithaba tsa mafika tse khabisang lefatśe empa lithaba tsa masisapelo bophelong ba lona. Tumelo ea hau e ntseng e hola e tla u thusa ho fetolela liqholotso ho kholo e sa lekanngoeng le monyetla.

Ka Sontaha sena sa Paseka, ka maikutlo aka a tebileng a lerato le teboho, ke phatlalatsa bopaki baka ba hore Jesu Kreste o tsohile e le kannete. O tsohile hore a etelle pele Kereke ea Hae. O tsohile hore hlohonolofatse bophelo ba bana bohle ba Molimo, hohle moo ba lulang. Ka tumelo ho eena, re ka suthisa lithaba tse bophelong ba rona. Ke pakahatsa joalo ka lebitso le halalelang la Jesu Kreste, amen.

Placeholder Image Credit

Hatisa