2021
Ke Rata ho Bona Tempele
Motśeanong 2021


“Ke Rata ho Bona Tempele,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phuptjane 2021, Motśeanong 2021.

Mokhahlelo oa Moqebelo Hoseng

Ke Rata ho Bona Tempele

Mantsoe a qotsitsoeng

Setśoantśo
tempele

Kea tseba Tempele ea Morena ke sebaka se halalelang. Sepheo saka kajeno ho buoa ka litempele ke ho nyolla tabatabelo ea lona le eaka ho lokela le ho itukisetsa menyetla ea boiphihlelo ba tempele bo tlang ho rona.…

Haeba ´na kapa uena re ka ea tempeleng re sa hloeka ho lekana, re ke ke ra khona ho bona, ka matla a Moea o Halalelang, thuto ea moea ka Mopholosi eo re ka e fumanang ka tempeleng.

Ha re lokela ho amohela thuto e joalo, ho ka hola ka boiphihlelo ba rona ba tempele tśepo, thabo, le ho ba le tśepo bophelong bohle ba rona. Tśepo eo, thabo, le tjantjello li teng feela ka ho amohela litśebeletso tse etsoang litempeleng tse halalelang. Ke tempeleng moo re ka fumanang netefatso ea likamano tsa lerato tsa lelapa tse tla tsoelapele kamor´a lefu `me li tśoarelle ka ho sa feleng.…

…`Me rea tseba hore thabo ea rona ea ka ho sa feleng e latela hore re etse sohle se matleng a rona ho fana ka thabo e tśoanang e tśoarellang ho ba bangata ba maloko a rona kamoo re ka khonang.

Ke na le takatso e tśoanang ea ho atleha ho mema litho tsa lelapa tse phelang ho lakatsa ho ba ba lokeloang ke ho amohela le ho hlompha tśebeletso ea tiiso ea tempele. Ena ke karolo ea pokello ea Iseraele e tśepisitsoeng matsatsing a ho qetela mahlakoreng ka bobeli a lesira.

Setśoantśo
Ntlafatso ea Tempele ea Salt Lake

Hatisa