2021
Ho Fumana Matla a ho Ts´oarela
Phuptjane 2021


“Ho Fumana Matla a ho Ts´oarela,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Phuptjane 2021, 10–11.

Tlohong, le ntatele

Ho Fumana Matla a ho Ts´oarela

Morena o re laetse hore re ts´oarele ba bang. O tla re thusa ho boloka litaelo tsa hae, ho kenyelletsa le ena.

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64:10

Setśoantśo
mosali ea shebileng motho ea mo otlolletseng letsoho

Sets´oant´so ka James Madsen

Na litaelo tse ling li bonahala li le thata ho li boloka ho feta tse ling?

E ´ngoe e ts ´osang batho ba bangata ke ena: “ ´Na, Morena, ke tla ts´oarela eo ke tla mo ts´oarela, empa lona ho hlokahala hore le ts´oarele batho bohle” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64:10).

Emisa. Na re tlamea ho ts´oarela e mong le e mong ea re fositseng? Na feela hoo hoa khoneha?!

Ke ntho e ´ngoe ho ts´oarela motho bakeng sa ntho e hlokang tlhompho ea e buileng ho uena kapa bakeng sa ho nka bohobe ba ho qetela tafoleng ea lijo. Empa joang ka maqeba a tebileng? Na lits´ito tseo tse tebileng li ka sitisa kapa esita le ho fetola tsela ea bophelo ba rona?

Ka nako e ´ngoe matla a ho ts´oarela motho ea re utloisitseng bohloko bo ts´abehang a ka utloahala a feta moo re ka fihlelang.

Litaba tse monate ke tsena: Ka thuso ea Jesu Kreste, ha hona mohla re lekanyelitsoeng feela ho seo re ka se etsang ka bo rona.

Thuso Eo A Neng A e Hloka.

Mokreste ea inehetseng ho tsoa Netherlands ea bitsoang Corrie ten Boom o fumane ka bo eena matla a ho kopa Molimo hore a mo thuse ho ts´oarela motho e mong.

Eena le ngoanabo Betsy ba ne ba koalletsoe kampong ea litlhoriso nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefats´e. Corrie le ba bang ba ile ba mamella tlhekefetso e ts´abehang ho tsoa ho balebeli ba teronko. Ngoanabo Betsy o ile a ba a shoa e le litlamorao tsa tlhekefetso eo. Corrie o ile a phela.

Kamor´a ntoa, Corrie o ile a sibolla matla a pholiso ea ho ts´oarela ba bang. Hangata o ne a arolelana ka molaetsa oa hae lipitsong tsa sechaba. Le ha ho le joalo ka letsatsi le leng mantsoe a hae a ile a behoa tekong ea ho qetela.

Kamor´a puo ea sechaba, Corrie o ile a atemeloa ke emong oa balebeli ba sehlohohali ba teronko ho tsoa likampong. .

O ile a bolella Corrie hore o fetohile Mokreste ho tloha nakong ea ntoa ´me o bakile linthong tse ts´abehang tseo a li entseng ha e le molebeli oa teronko.

O ile a ts´oara letsoho la hae ´me a re, “Na u tla nts´oarela?”

Ho sa natsehe sohle seo a ithutileng le ho arolelana ka ho ts´oarela ba bang, Corrie o ne a sitoa ho amohela letsoho la monna enoa ka ho khetheha ´me a mo ts´oarele—e seng ka bo eena feela joalo.

Hamorao o ile a ngola hore, “Esita le ha mehopolo ea khalefo le boiphetetso e ne e bela ka har´e ho ´na, ke ile ka bona sebe sa eona. … Morena Jesu, ka rapela, nts´oarele, ´me nthuse hore ke mo tsoarele.

Ke lekile ho bososela, [´me] ka sokola ho phahamisa letsoho la ka. Ke ne ke sitoa. Ka utloa ho se na letho, le ha e se le tlhase ea mofuthu kapa lerato. ´Me eaba hape ke feheloa thapelo e khutsitseng. Jesu, ke sitoa ho mo ts´oarela. Mphe ts´oarelo ea hau.

“Eare ha ke nka letsoho la hae, ntho e hlollang ka ho fetisa ea etsahala. Ho tloha lehetleng la ka ho tsamaea sephakeng ho isa letsohong la ka, eaka ho feta motlakase o tsoang ho ´na ho ea ho eena, ha ka pelong eaka ho qhoma lerato bakeng sa motho osele enoa hoo ke ileng ka batla ke hlolloa.

“´Me eaba kea fumana hore ha se ka ts´oarelo ea rona kapa ho feta ho loka ha rona moo pholo ea lefats´e e hoketsoeng, empa e ho tsa Hae. Ha a re bolella hore re rate lira tsa rona, O re fa, hammo le taelo eo, lerato ka bo lona.”1

Molimo o teng ho u thusa hore u boloke litaelo tsa hae, ho kenyeletsa le taelo ea ho ts´oarela—esita le haele thata. A ka u thusa joaloka ha a thusitse Corrie ten Boom.

Pholo e u Lokelang

Bophelo bo maqheka. Bo bohlasoa. ´Me ehlile bo tletse batho ba bangata ba nang le boikhethelo bo fanoeng ke Molimo.

Ka linako tseo motho e mong a etsang khetho e u bakelang bohloko bo tebileng— kapa esita le ha e etsa joalo ka ts´ohanyetso—u ka amohela matla a pholiso ha u rapella thuso ´me u leka ho ts´oarela.

Ho ts´oarela ba bang ho tlisa pholo moeeng oa hau. Ka thuso ea Molimo, ha u ts´oarela e mong ea u fositseng, o lahla moroalo o ts´abehang ho tsoa mahetleng a hau oo e ka bang o u hulela morao. Esita le ha tsela ea pholo ea ´nete e utloahala e le thata, ha u na le Molimo, u ke ke oa hlola u e tsamea u le mong.

Lintlha

  1. Corrie ten Boom, The Hiding Place (1971), 215.

  2. Jeffrey R. Holland, Mphalane. 2018, seboka se akaretsang (Ensign or Liahona, Pulungoana. 2018, 79).

Hatisa