2021
Jesu O Re File Selallo
Phuptjane 2021


“Jesu o Re File Selallo,” Motsoalle, Phuptjane 2021

Molaetsa oa khoeli Motsoalle Hlakola, 2021

Jesu O Re File Selallo

Luka 22–24

Setśoantśo
Lijo tsa Mantsiboea tsa Hoqetela

Litśoantśo ka Apryl Stott

Jesu o ne a tseba hore nako ea hae lefats´eng e se e tla fela. O ile a bokella Ba-apostola ba hae ´moho bakeng sa Lijo tsa Mantsiboea tsa ho qetela. O ile a ba fa selallo ´me a ba kopa hore ba mo hopole kamehla.

Setśoantśo
Jesu Serapeng sa Gethesemane

Jesu o ile a ea serapeng ho ea rapela. O ile a utloa bohloko bakeng sa libe tsohle le lintho tsohle tse hlonamisang bophelong ba motho e mong le e mong. Eaba o shoella sefapanong, ´me a patoa lebitleng.

Setśoantśo
basali ba etetse lebitla la Jesu

Hoseng ha Sontaha kamor´a hore Jesu a shoe, basali ba bang ba ile lebitleng. Lejoe le monyako le ne le thetetsoe thoko, ´me lebitla le ne le se na letho! Jesu o ne a le kae?

Setśoantśo
Jesu o bua le Maria Magdalena

O ne a phela hape! Maria Magdalena o bone Jesu. O ile a etela Ba-apostola ba hae e le hore ba tle ba itokisetse ho ruta evangeli kamor´a hore a khutlele leholimong.

Setśoantśo
lelapa le nka selallo

Ha ke nka selallo, ke hopola Jesu. Ke hopola hore o phetse, ´me a shoa, ´me a tsoha bafung bakeng sa ka!

Leqephe la Ho taka

Lelapa la heso le khethehile

Setśoantśo
Lelapa tafoleng ea lijo tsa mantsiboea

Hatisa