2021
Molimo o Mong Ke eng?
Phuptjane 2021


“Molimo o Mong Ke eng?,” Liahona, Phutjane 2021

Molaetsa oa khoeli, Liahona Phuptjane, 2021

Molimo o Mong Ke eng?

Ntate ea Maholimong, Jesu Kreste, le Moea o Halalelang ke batho ba bararo ba arohaneng feela ka sepheo se le seng.

Setśoantśo
Pono ea Pele

Ntlha ho tsoa Ponong ea Pele, ka Jon McNaughton

Mohlophisi oa koranta o kile a botsa Moporofeta Joseph Smith hore na litho tsa Kereke ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno ba lumela eng. Ha a araba, Moporofeta o ile a ngola lipolelo tse 13 tsa tumelo tseo re li bitsang Lintlha tsa Tumelo. Polelo ea pele e re, “Re lumela ho Molimo, Ntate oa bosafeleng, le ho Mora oa hae Jesu Kreste, le ho Moea o Halalelang” (Lintlha tsa Tumelo 1:1). Boraro bona bo etsa seo re se bitsang Molimo o Mong.

Molimo, Ntate oa bosafeleng

Molimo o na le ´mele oa nama le masapo o tsohileng bafung. Molimo ke Ntate oa meea ea rona. O rata e mong le e mong oa bana ba hae ka ho phethahala. Molimo o phethahetse, o na le matla ohle, ´me o tseba ntho e ngoe le e ngoe. Ha a na leeme, o lereko, ´me o mosa. Re phetse re le meea le Molimo pele re tsoaloa. O re rometse lefats´eng ho tla ithuta le ho hola. Takatso e kholokholo ea Molimo ke hore e mong le e mong oa bana ba hae ba khutle ho ea phela le eena hape kamor´a hore re shoe. Molimo o re ruta hore re tlameha ho latela Jesu Kreste e le hore re khutlele ponts´eng ea Molimo.

Setśoantśo
Jesu Kreste oa Ruta Lefats´eng la Meea.

Kreste oa Ruta Lefats´eng la Meea, ka Robert T. Barrett

Jesu Kreste

Jesu Kreste le eena o na le ´mele oa nama le masapo. Ke mora oa letsibolo oa Molimo. Pele re tsoaloa, Molimo o ile a mo khetha ho ba Mopholosi oa rona. Hona ho bolela hore Jesu o tlile lefats´eng ho tla ba mohlala bakeng sa rona, ho re ruta evangeli ea hae, ho lefella libe tsa rona, le ho re pholosa lefung. Ka lebaka la Jesu Kreste, re ka ts´oareloa libe tsa rona ha re baka. Jesu Kreste hape o ile utloa bohloko bakeng sa lintho tse ngata e le hore a tle a utloisise ´me a re thuse. Jesu Kreste o ile a shoa ´me a phela hape, a etsa hore motho e mong le e mong a khone ho phela hape.

Setśoantśo
lepato la Kreste

Pontśo ea litśoantśo ka Getty.

Moea o Halalelang

Moea o Halalelang ke setho se seng sa Molimo o Mong se senang ´mele oa nama. Ke moea. Moea o Halalelang o khona ho buisana ka kotloloho le meea ea rona. O pakahatsa ho rona hore Molimo o teng ka sebele le Jesu Kreste ke Mopholosi oa rona. Moea o Halalelang o sebetsa joaloka moromuoa oa Molimo ho re fa maikutlo a Lerato, tataiso, le khothatso. Ha re kolobetsoa le ho tiisoa, re amohela mpho ea Moea o Halalelang. Kamor´a kolobetso ea rona, Moea o Halalelang o ka lula le rona kamehla ha re boloka litaelo tsa Molimo.

Setśoantśo
Pono ea Pele

Pono ea Pele, ka Walter Rane

Pono ea Pele ea Joseph Smith

Ha nako e ntse e ea, batho ba bile le pherekano ka Molimo o Mong. Batho ba ne ba sa lumellane ka hore na Molimo, Jesu Kreste, le Moea o Halalelang ba joang. Lena ke le leng la mabaka ao Pono ea Pele ea Joseph Smith e neng e le bohlokoa hakana. O ile a bona hore Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba na le ´mele ´me ke batho ba babeli ba arohaneng.

Setśoantśo
Ho mamela

Ho mamela ka Michael Jarvis Nelson

Ba Arohane Empa ba Kopane

Mangolo a halalelang le baporofeta ba mehla ea kajeno ba re ruta hore Molimo, Jesu Kreste, le Moea o Halalelang ke batho ba arohaneng ba nang le morero o le mong: ho se shoe ha rona le bophelo ba bosafeleng (bona Moses 1:39). Joaloka litho tsa sehlopha se le seng, ba sebetsa ´moho ho re thusa letsatsi le leng le le leng. Re ka ikutloa re le haufi le Bona ha re baka libeng tsa rona le ho khetha ho loka.

Mangolo a halalelang ka Molimo o Mong

  • Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste ba na le bonngoe ba morero (bona Johanne 10:30).

  • Ntate ea Maholimong o buile ho Mora oa hae (bona Mattheu 3:16 -17).

  • Jesu Kreste o buile le Ntate oa Hae (bona Johanne 11:41).

  • Jesu Kreste o ile a re rapella hore re be ntho e le ngoe ka letsatsi le leng (bona Johanne 17:11).

  • Joseph Smith o bone Ntate ea Mahalimong le Jesu Kreste (bona Joseph Smith—Nalane 1: 17).

  • Moea o Halalelang o pakahatsa hore Jesu Kreste ke Mopholosi oa rona (bona Johanne 15:26).

Hatisa