2021
Ho Aha Bo‑uena bo botle ka ho fetisa
Loetse 2021


“Ho Aha Bo‑uena bo botle ka ho fetisa,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha,Loetse 2021, 6-7.

Molaetsa oa khoeli Bakeng Sa Matlafalo ea BachaLoetse 2021

Ho Aha Bo‑uenabo botle ka ho fetisa

Litsela tse hlano tsa ho aha bophelo bo thabileng le ho tlala nyakallo.

Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 95:13–14

Setśoantśo
X-Ray ea baroetsana, moralo oa tempele

Litśoantśo ka Juliet Percival

Ha Molimo a ne a laela Joseph Smith ho aha Tempele ea Kirtland, Ha a ka a etsa hore a utloisise ka bo‑eena. O ile a mo senolela moralo o tla mo etella ho ea katlehong.

“Ntlo e ke e ahoe, e seng ka mokhoa oa lefatśe,” Morena a phatlalatsa. “E ahoe ka mokhoa oo ke tla o bontśa” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 95:13-14). Morena eaba o fana ka litaelo tsa ho aha tempele (bonaLithuto tsa Tumelo le Lilekane 95:15– 17).

Rea leboha, Morena ha a re bontśa feela ho aha litempele. O re file hape le litaelo tse re thusang ho fetoha motho ea nepahetseng ka ho fetisa ka moo re ka khonang. Ha re li latela, re tla aha bophelo ba rona “e seng ka mokhoa oa lefatśe” empa ka tsela eo Morena a lokisitseng ka teng.

Ke tsena litsela tse hlano tsa ho aha bophelo bo thabileng le ho tlala nyakallo bo tsepameng ho Jesu Kreste.

Aha Motheo o Tsitsitseng

Rameralo ofe kapa ofe kapa seahi se tla o bolella hore motheo o tiileng o bohlokoa moahong ofe kapa ofe. Helamane o rutile hore motheo oa bohlokoahali bophelong ba rona ke “lefika la Molopolli oa rona, e leng Jesu Kreste, Mora oa Molimo” (Helaman 5:12). Re ka etsa Jesu Kreste motheo oa rona ka ho tla ho eena, ´me re latele lithuto tsa hae. U ikutloa eka u ea joang ka ho etsa Kreste motheo oa bophelo ba hau?

Sebeletsa ba Bang

Setśoantśo
maoto

Tsela e ´ngoe e kholo ho aha bophelo ba rona, ho latela Mookameli Dieter F. Uchtdort, nakong eo e neng e le Moeletsi oa Bobeli ho Boetapele ba Pele, e tla ha “re eme ka maoto re sebeletsa Morena le ba re potileng.”1 Ha u sebeletsa ba bang, u etsa se entsoeng ke Jesu ´me u ithuta ho fetohela ho ba joaloka eena. U ke ke oa hlohonolofatsa feela bophelo ba batho bao u ba sebeletsang, empa le uena u tla hlohonolofala hape.

Etsa Nako e Tloaelehileng ea Thapelo le ho Bala Mangolo a Halalelang

Setśoantśo
matsoho a rapelang

Tsela e ʹngoe ea ho aha bophelo bo thabileng ke ho aha kamano le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste. Tsela e ntle ea ho etsa joalo ke ka thapelo le ho bala mangolo a halalelang.

Mookameli Uchtdorf o itse: “Ho matlafatsa kamano ea rona le Molimo, re hloka nako e nang le moelelo bongoeng le eena. Ho khutsa ho tsepamisitseng maikutlo ho thapelo ea bo ngoe le ho bala mangolo a halalelang… e tla ba ho tsetela nako ea rona le boiteko ba ho atamela haufi ho Ntat´a rona ea Maholimong.”2

Thapelo ke monyetla oa ho bua le Ntat´a rona ea Maholimong. O oa re tseba, o oa re rata, ´me o batla ho utloa ho tsoa ho rona! Ha re rapela ka tieo, re leboha,´me re kopa lintho tseo re li hlokang, o oa mamela ´me ka nako tsohle o araba ka tsela ea hae le ka nako ea hae.

Ha re tla tabeng ea ho bala mangolo a halalelang, ha ho na tsela e le ´ngoe e nepahetseng ea ho ithuta. Ntho ea bohlokoa ke hore ua e etsa! Mookameli Russell M. Nelson o rutile, “Ho qoela kahara lentsoe la Molimo letsatsi ka leng ho bohlokoa bakeng sa pholoko ea moea.”3 Ho nka nako letsatsi ka leng mangolong a halalelang, kantle ho qeaqeo, ho tla u thusa ho aha bophelo ba tumelo le matla.

Ikamahanye le Batho Ba U Khothaletsang Ho Etsa Botle

Setśoantśo
moshanyana ea otlolotseng liphaka

Ntat´a rona ea Maholimong o batla re kopane re ahe likamano le ba bang—haholo ba lelapa le metsoalle. Hangata re boptjoa ke bao re nkang nako le bona. E le litho tsa Kereke kapa che, u lokela ho ikamahanya le batho ba u thusang ho phela evangeli, ho boloka litekanyetso tsa Morena, ´me u be motho ea betere. Hape u ka thusa ba u potileng ho etsa joalo. Ke mang oa metsoalle ea hau ea u thusang ho aha motheo oa hau holima ho loka?

Fumana Thabo ka Ho Aha Motheo oa Hao

Ho na le litsela tse ling tse ngata tseo u ka ahang bophelo ba hau hore bo be matla moeeng ´me u nyakalle, ho kenyelletsa ho ea kerekeng ho nka selallo, ho etsa leho boloka lilekane , le ho latela keletso ea baporofeta.

Ho molemo ho hopola hore lintho tsena tsohle li nka nako le mosebetsi. Kamehla ho na le ho aha le ho ithuta tse etsoang, empa ha ua lokela ho li etsa o le mong. Molimo o tla u thusa kamehla ha u ikitlaetsa ho aha bophelo boo uena le eena le tlang ho ba motlotlo ka bona le ho u tlisetsa nyakallo.

Lintlha

  1. Dieter F Uchtdorf, “Waiting on the Road to Damascus,” ´Mesa 2011 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona Motśeanong 2011,76

  2. Dieter F. Uchtdorf, “Of Things That Matter Most,” Oct. 2010 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona Pulungoana 2010, 21).

  3. President Russell M. Nelson, “Hear Him ´Mesa. 2020 seboka se akaretsang (Ensign kapa Liahona, Motśeanong 2020, 89).

Hatisa