2021
Seboka se Akaretsang: Kopano ea Kereke ea Lefatśe ka Bophara
Loetse 2021


“Seboka se Akaretsang: Kopano ea Kereke ea Lefatśe ka Bophara,” Liahona Loetse 2021

Molaetsa oa khoeli, Liahona Loetse 2021

Seboka se Akaretsang: Kopano ea Kereke ea Lefatśe ka Bophara

Re mamela baporofeta le baetapele ba bang ba Kereke nakong ea seboka se akaretsang. Ba re ruta seo Molimo a batlang ha re se utloa.

Setśoantśo
Kantle ho Setsi sa Seboka

Kamehla ka ´Mesa le Mphalane, Kereke e etsa lenaneo la likopano tse bitsoang seboka se akaretsang. Baetapele ba ruta le ho paka ka Jesu Kreste le evangeli ea Hae. Seboka se Akaretsang se tśoareloa Salt Lake City, Utah, USA, ´me se phatlalatsoa Lefatśeng ka Bophara ka lipuo tse kaholimo ho 80. Litho tsohle le batho bohle ba ka bang le khahleho ba mengoa ho mamela lipuo.

Setśoantśo
Bokahare ba Sebaka sa Seboka

Liboka tsa Pele tsa Kereke

Kereke e ne e thehoe ka molao ka nako ea kopano ka ´Mesa 6, 1830 (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20). Seboka sa pele se akaretsang se ile sa tśoaroa ka Phuptjane 9, 1830. Esale, liboka tse akaretsang li tśoaroa ho tloha ka nako eo tlasa tsamaiso ea Moetapele oa Kereke hohle moo litho li ka bokanang. Ka 1840, baetapele ba ile ba qala ho tśoara liboka habeli ka selemo.

Setśoantśo
Moetapele Nelson sethaleng

Tsela eo Liboka Li Hlophisoang ka Eona Kajeno

Boetapele ba Pele le Lekhotla la Baapostola Ba Leshome le Metso e ´Meli le baetapele ba bang ba Kereke ba bua nakong ea seboka se akaretsang. Tabernacle Choir Mapatlelong a Tempele le lihlopha tse ling tsa ´mino tsa Kereke li fana ka ´mino. Seboka se seng le se seng se mekhahlelo e mehlano: e meraro ka Moqebelo le e ´meli ka Sontaha. Ka ´Mesa, mokhahlelo oa boraro ka Moqebelo ke oa makhotla a Boprista ba Arone le Melkisedek. Ka Mphalane, eba sa litho tsa mokhatlo oa thekolohelo le tsa Baroetsana.

Lithuto tsa Baetapele

Likhoeling tsa pele ho seboka, baetapele ba Kereke ba rapela ka seo ba tla se ruta. Morena o ba susumetsa ho tseba seo ba lokelang ho se bua. Ba re ruta ka evangeli ea ´nete le hore mema ho boloka melao ea Molimo. Ba paka ka Jesu Kreste, ´me ba re khothalletsa ho mo latela.

Ho ithuta ho tsoa Sebokeng

Pele ho seboka se akaretsang, re ka rapela ho utloa seo Morena a batlang re ithute sona. Ha re mamela lipuo, Moea o tla re ruta seo re hlokang ho se tseba. Kamora seboka, lipuo li hlaha ho ChurchofJesusChrist.org, kahara Gospel Library app, le kahara Liahona. Re ka rapela, ra bala lipuo tsena ho ithuta ka Jesu Kreste le evangeli ea Hae.

Ho tsoa Mangolong a Halalelang

Jesu Kreste o rutile hore re lokela ho kopana ´moho kamehla (bona3 Nephi 18:22).

Ha litho tsa Kereke li khumama ´moho, Morena o tlaba le bona (bona Mateu 18:20).

Morena o laetse litho tsa Kereke ho “ruta le ho matlafatsana” (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 43:8).

Ha litho tsa Kereke li bontśa tumelo ho Kreste, Moea oa Hae o tlaba le bona ha ba kopana (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 44:2).

Hatisa