2021
Mangolo a Pauluse
Loetse 2021


“Mangolo a Pauluse,” Lipale tsa Testamente e Ncha tsa Babali ba Banyenyane, 2019

“Mangolo a Pauluse”

Molaetsa oa khoeli Motsoalle Loetse, 2021

Mangolo a Pauluse

1Ba-Korinthe 1 le Ba-Galata1

Moapostola Pauluse a thusa ho etella Kereke kamora hore Jesu a khutlele leholimong. Ka nako eo ho ne ho se mehala kapa marang-rang. Eaba Pauluse o ngolla litho tsa Kereke mangolo.

Setśoantśo
mosali o bala lengolo

Pauluse a ngolla batho ba motseng oa Korinthe. A ba bolella hore ba tśoarelane. A ba bolella hore ba be le mamello. A ngola ka Jesu.

Setśoantśo
monna o bala lengolo

Pauluse a ngolla batho sebakeng se bitsoang Galatia A re ba rate baahisane ba bona. A ba bolella kamoo moea o utloahalang ka teng.

Setśoantśo
ngoana o bala buka

Mangolo a Pauluse a ne a le bohlokoa hoo ebileng karolo ea Bibele. U ka a bala ka Testamenteng e Ncha.

Setśoantśo
bana ba shebelletse seboka se akaretsang

Nka ithuta ho tsoa lithutong tsa Pauluse. Ke tla mamela seo baporofeta le baapostola ba se rutang kajeno.

Leqephe la Ho Taka

Ke Rata Bibele!

Setśoantśo
ngoana o bala Bibele le ntate

Tobetsa setśoantśong ho khoasolla.

Litśoantśo ka Apryl Stott

Hatisa