2022
Matla a Mokoka oa Semoea
Motśeanong 2022


Molaetsa oa khoeli, Liahona Motśeanong 2022

Matla a Mokoka oa Semoea

Ke rata ho hlahisa liketso tse hlano tseo re ka li nkang ho re thusa ho boloka mokoka oa semoea o motle.

Bana beso ba ratehang, kea le rata. Ke baballa monyetla o na oa ho bua le lona kajeno. Ke rapela kamehla hore le sireletsehe ho litlhaselo tse mpe tsa e mobe ´me le be le matla a ho ea pele le har´a liqholotso li fe kapa li fe tseo le kopanang le tsona.

Liteko tse ling ke meroalo ea lekunutu eo ho se nang motho a e bonang. Tse ling li etsahala sethaleng sa lefatśe. Khohlano e etsahalang Europe e bochabela ke e ´ngoe ea tsona. Ke bile Ukraine le Russia makhetlo a mangata. Ke rata mafatśe ana, lichaba, le lipuo tsa bona. Ke lla le ho rapella bohle ba anngoeng ke khohlano e na. Joaloka ka kereke re etsa tsohle ho thusa ba sotlehileng le ba sokolang ho phela. Re mema bohle ho tsoelapele ho itima le ho rapela bakeng sa bohle ba utloileng bohloko ke tlokotsi ena. Ntoa e ´ngoe le e ´ngoe ke tlolo e tśosang ea ntho e ´ngoe le e ´ngoe eo Morena Jesu Kreste a e emelang le ho e ruta.

Ha ho na e mong oa rona ea ka laolang lichaba kapa liketso tsa ba bang kapa esita le litho tsa malapa a rona. Empa re ka itaola. Pitso eaka kajeno, bana beso ba ratehang, ke ho felisa likhohlano tse etsahalang ka lipelong tsa lona, mahae, a lona le maphelo a lona. Pata tśekamelo ea mofuta o fe kapa o fe ea ho utloisa ba bang bohloko— ho sa natsehe na litśekamelo e kaba bohale, leleme le hlabang, kapa lehloeo ho e mong ea u utloisitseng bohloko Mopholosi o re laetse ho fana ka lerama le leng1 ho rata lira tsa rona, le ho rapella ba re sebelisang ho sa tsotellehe.2

Ho ka ba boima ho tlohella bohale boo u utloang bo utloahala. Ho ka bonahala ho le boima ho tśoarela bao liketso tsa bona tse senyang li utloisitseng ba se nang molato bohloko. ´Me le ha Mopholosi a re laetse ho “ts´oarela batho bohle.”3

Re balateli ba Khosana ea Khotso. Honajoale ho feta neng kapa neng, re hloka khotso e ka fanoang ke Eena feela. Re ka lebella joang hore khotso e be teng lefatśeng ha rona ka bonngoe re sa batle khotso le kutloano? Bana beso, Kea tseba hore seo ke le kopang sona ha se bonolo. Empa balateli ba Jesu Kreste ba lokela ho etsa mohlala bakeng sa lefatśe lohle ho latela. Kea le kopa hore le etse tsohle tseo leka li khonang ho felisa likhohlano tsa bong tseo hajoale li bakileng khalefo ka lipelong tsa lona le maphelong a lona.

Ke kopa ho etsa pitso ena ho re etsahale ka ho buisana ka mohopolo oo ke ileng ka o hopola haufinyane ha ke shebelletse papali ea basketball.

Papaling eo, mokhahlelo oa pele ho ne ho isoanoa holimo le tlaase, pele le morao. Ebe metsotsoaneng e mehlano ea ho qetela,molebeli ho sehlopha se seng a etsa lintlha tse tharo tse ntle. Ka motsotsoana o le mong o setseng, oa mphato oa hae a utsoa bolo ´me a hlaba ntlha e ´ngoe! Joale sehlopha seo se kene ka phaposing ea ho itukisa se le pele ka lintlha tse nne ´me ba shebahala ba le mafolofolo a mokoka. Ba ile ba nka mokoka oo hoea karolong ea bobeli ea papali ´me ea eba bahloli.

Mokoka ke mohopolo o matla. Bohle re kile ra o fihlela ka mokhoa o le mong kapa e meng—mohlala, ka koloing e phahamisang lebelo kapa ho se lumellane hoo hang-hang ho fetohang ngangisano.

Joale kea botsa, ke eng e ka hotetsang mokoka oa semoea? Re bone mehlala e metle le e mebe ea mokoka. Re tseba balateli ba Jesu Kreste ba ileng ba fetohela ho sokoloha le ho hola tumelong. Empa re tseba hape ka balumeli ba kileng ba ikemiselitsa ba oeleng. Mokoka o ka fetoha oa ea holimo le tlaase.

Setśoantśo
moroetsana

Ha re so ka re hloka o motle mokoka oa semoea haholo ho feta honajoale khahlanong le lebelo leo bobe le matśoao a lefifi a mpefetseng ka teng. Mokoka oa semoea o motle o tla re thusa hoea pele le har´a tśabo le ho hloka botsitso bo tlisoang ke lioa, li tsunami, ho ropoha ha seretse se chesang, le bora bo hlometseng. Mokoka oa semoea o ka re thusa ho mamella litlhaselo tsa bokhopo tse sa khaotseng tsa e mobe ´me ra mo sitisa ho hohola metheo ea rona ea semoea ka bo mong.

Liketso tse ngata li ka hotetsa mokoka o motle oa semoea. Kutlo, lerato, boikokobetso, ho sebeletsa, le teboho4 ke tsa tse ling tse ´maloa.

Ke rata ho hlahisa liketso tse hlano tseo re ka li nkang ho re thusa ho boloka mokoka oa semoea o motle.

Ea pele: Kena tseleng ea selekane ´me u lule teng.

Ha se khale ha keba le toro e hlakileng eo ho eona ke neng ke kopana le sehlopha sa batho. Ba ile ba mpotsa lipotso tse ngata, tseo hangata e eng ele mabapi le tsela ea selekane le hore na hobaneng e le bohlokoa hakaalo.

Torong eaka, ke hlalositse hore re kena tseleng ea selekane ka ho kolobetsoa le ka ho etsa selekane sa pele le Molimo.5 Nako eohle ha re ja selallo, re tśepisa hape ho inkela lebitso la Mopholosi, le ho mo hopola, le ho boloka litaelo tsa hae.6 Ka puseletso Molimo o re tiisetsa hore re tla ba le Moea oa Morena kamehla ho ba le rona.

Hamorao, re etsa lilekane tempeleng, moo re fumanang le li tśepiso tse kholohali. Litśebeletso le lilekane li re thusa ho fihlela matla a bomolimo. Leeto la selekane ke eona feela tsela e lebisang phahamisong le bophelong ba bosafeleng.

Torong eaka, mosali o ile a botsa na motho ea robileng likano tsa hae a ka khutlela joang tseleng eo. Karabo eaka ho eena e etella tlhahisong eaka ea bobeli:

Sibolla nyakallo ea pako ea letsatsi ka leng.

Pako e bohlokoa joang? Alma o rutile hore re lokela ho “ruta letho ntle le pako le tumelo ho Morena.”7 Pako e hlokoa ho motho e mong le emong ea nang le boikarabello ea lakatsang khanya ea bosafeleng.8 Ha hona mekhelo. Tśenolo ho Moprofeta Joseph Smith, Morena o ile a shapela baetapele ba pele ba Kereke ho se rute evangeli ho bana ba bona.9 Pako ke senotlolo sa khatelo pele. Tumelo e hloekileng e lula e re isa pele tseleng ea selekane.

Ka kopo se ke ua tśaba kapa ua lieha pakong. Satane o thabela ho hlora ha hau. E khaole. Khaola tśusumetso ea hae bophelong ba hau! Qala kajeno ho utloa monate oa ho hlobola botho.10 Mopholosi o re rata kamehla empa haholo-holo ha re baka. O tśepisitse hore le ha “lithaba lika sutha, le maralla a tlosoa… mosa oaka o ke ke oa le tlohela.”11

Haeba u ikutloa eka u khelohile tseleng ea selekane hole haholo kapa nako e telele ´me ha ho tsela ea ho khutla, hono feela ha se ´nete.12 Ka kopo kopana le mobishopo oa hau kapa mookameli oa lekalana. Ke moemeli oa Morena ´me o tla o thusa ho ho fihlela nyakallo e phomolo ea ho baka.

Joale hlokomela: Ho khutlela tseleng ea selekane ha ho bolele hore bophelo bo tla ba bonolo. Leeto le na le thata ´me ka linako tse ling le tla utloahala eka ke moepa o boima.13 Ho hloa hona, le ha hole joalo, ho reretsoe ho re leka le ho re ruta, ho otla boleng ba rona, le ho re thusa ho fetoha balumeli. Ke eona feela tsela e etellang ho ea phahamisong. Moprofeta e mong14 o hlalositse maemo a “hlohonolofetseng ´me a thabileng a bao ba bolokang litaelo tsa Molimo. Hobane bonang, ba hlohonolofalitsoe linthong tsohle, ka bobeli tsa nama le tsa moea; ´me haeba ba tsoelapele ho tśepahala ho isa qetellong ba amoheloa leholimong … [´me] ba lule le Molimo ka boemo ba thabo e sa feleng.”15

Ho tsamaea tseleng ea selekane, ho kopantseng le ho baka ha letsatsi ka leng, ho rotetsa mokoka o motle oa semoea.

Setśoantśo
mosali o shebelletse seboka se akaretsang

Uruguay

Tlhahiso eaka ea boraro: Ithute ka Molimo le ka moo a sebetsang.

E ´ngoe ea liqholotso tsa rona tse kholo ke ho hlalohanya pakeng tsa ´nete ea Molimo le litaba tsa maiketsetso tsa Satane. Ke ka hoo Morena a re lemosang ho “rapela kamehla, … hore re tle re hlole Satane, le hore re … phonyohe matsohong a basebeletsi ba Satane ba phahamisang mesebetsi ea hae.”16

Moshe o fane ka mohlala oa ho hlalohanya pakeng tsa Molimo le Satane. Ha Satane a ilo leka moshe, o ile a utloa thetso hobane o ene a ile a buisana le Molimo sefahleho le sefahleho. Kapele Moshe o ile a hlokomela na Satane ke mang ´me a mo laela ho tloha pela hae.17 Ha Satane a qophelletse, Moshe o ile a tseba hore na o bitsa ho Molimo joang ho kopa thuso. Moshe o ile a amohela matla a bomolimo ´me a khalemetse e mobe hape, a re “Tloha ho nna Satane, hobane enoa ke eena Molimo feela eo ke tlang ho mo khumamela.”18

Re lokela ho latela mohlala oo. Tlosa tśusumetso ea Satane bophelong ba hau! Ka kopo se ke oa mo latela ho ea bolibeng ba mesarelo ea hae e sa feleng.”19

Ka lebelo le tśosang, tumelo e sa nosetsoeng letsatsi ka leng “ka lentsoe le lokileng la Molimo” e ka oela. Ke joana ntho e ka thibelang Satane e hlakileng: re hloka boiphihlelo ba letsatsi ka leng ho khumamela Morena le ho ithuta evangeli ea hae. Ke ipiletsa ho lona ho lumella hore Molimo a be teng bophelong ba lona. Mo fe karolo e lekaneng ea nako ea hau . Hau etsa joalo, hlokomela se etsahalang ho mokoka o motle oa hau oa semoea.

Tlhahiso ea 4: Batla ´me u lebelle mehlolo.

Moroni o re tiisetsa hore “Molimo ha a emisa ho ba Molimo oa mehlolo”21 E ngoe le e ngoe buka ea mangolo a halalelang e bontśa ka mokhoa oo Morena a kenang maphelong a ba lumelang ho Eena.22 O ile a arola Leoatle le Lefubelu bakeng sa Moshe, a thusa Nefi ho fumana matlapa a tśepe e khubelu , ´me a tsosolosa Kereke ea hae ka Moporofeta Joseph Smith. O mong le o mong oa mehlolo e na e nkile nako ´me e ka nna ea seke ea ba seo batho bao ba neng ba se lebeletse ho tsoa ho Morena.

Ka tsela e tśoanang, Morena o tla hlohonolofatsa uena ka mehlolo haeba u lumela ho Eena, u sa “belaele letho.”23 Etsa mesebetsi ea semoea ho batla mehlolo. Ka thapelo, kopa Molimo ho u thusa ho ba le tumelo ea mofuta oo. Ke u tśepisa hore u tla ikutloela ka bo-uena hore Jesu Kreste o “fana ka matla ho ba khathetseng; me ho ba senang matla o eketsa matla. ”24 Lintho tse mmaloa li tla potlakisa mokoka oa hau oa semoea ho feta ho hlokomela hore Morena o u thusa ho tlosa thaba bophelong ba hau.

Setśoantśo
Lelapa le shebile seboka se akaretsang

Taiwan

Tlhahiso ea 5: Felisa khohlano bophelong ba hau.

Ke ipiletsa ho lona hape ho felisa likhohlano bophelong ba lona . Ikoetlisetse boikokobetso, sebete, le matla a hlokehang ho tśoarela le ho batla tśoarelo. Mopholosi o tśepisitse hore “ha re tśoarela batho litlolo tsa bona, Ntat´a rona ea Maholimong o tla re tśoarela.”25

Libeke tse peli ho tloha letsatsing le na re tlabe re keteka Paseka. Lipakeng tsa honajoale le nako eo, ke u mema ho batla ho felisa khohlano ea bo mong e saleng e o imela. Na ho ka ba le ketso e ngoe ea teboho ho Jesu Kreste bakeng sa Topollo ea hae? Haeba honajoaloe tsoarelo e bonahala e le ntho e seng bobebe, kopa matla ka topollo ea mali a Jesu Kreste ho u thusa. Hau etsa joalo, ke tśepisa khotso le mokoka oa semoea o eketsehileng.

Ha Mopholosi a shoela batho bohle, o ile a bula tsela hore ba mo latelang ba ka fihlela pholiso ea hae, matlafalo, le matla a topollo. Litokelo tse na tsa semoea li fumaneha ho bohle ba batlang ho mo utloa le ho mo latela.

Bana beso ba ratehang, ka boipiletso bohle ba pelo eaka, ke le kopa ho kena tseleng la selekane ´me le lule teng. Fihlela nyakallo ea pako ea letsatsi ka leng. Ithute ka Molimo le ka moo a sebetsang. Batla ´me u lebelle mehlolo. Phehellang ho felisa likhohlano bophelong ba lona.

Ha le etsa lintho tse na, ke le tśepisa bokhoni ba ho tsoelapele tseleng ea selekane ka mokoka o eketsehileng, ho sa natsehe litśitiso tseo le kopanang le tsona. Ke le ts´episa matla a maholo a ho hanela teko, khotso e ngata ea kelello, tokoloho tśabong, le bonngoe bo boholoanyane ka malapeng a lona.

Molimo oa phela! Jesu ke Kreste! O oa Phela! O oa phela ´me o tla re thusa. Ka tsena ke pakahatsa ka lebitso le halalelang la Molopolli oa rona Jesu Kreste, amen.

Lintlha

  1. Bona 3 Nefi 12:39.

  2. Bona 3 Nefi 12:44.

  3. Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 64:10. Bonahape khaolo 9.

  4. Joaloka ha Moapostola Paulose a buile, “Leboha linthong tsohle” (1 Bathesalonika 5:18). E ´ngoe ea sethibela sa ´nete bakeng ho tsieleha, ho nyahama, le ho hloka mafolofolo moeeng, ke teboho. Ke li fe lintho tseo re ka bonts´ang teboho ho Molimo ka tsona? Mo lebohe ka botle ba lefat´se, ka evangeli e tsosolositsoeng, le ka litsela tse ngata-ngata tseo Eena le Mora oa hae ba etsang hore matla a bona a be teng ho rona mona lefat´seng. Mo lebohe ka mangolo a halalelang, ka mageloi a arabelang ho likopo tsa rona ho Molimo ho re thusa, ka ts´enolo, le ka malapa a bosafeleng. Ho feta tsohle, leboha Molimo ka mpho ea Mora oa hae le Topollo ea Jesu Kreste, e etsang hore ho khonahale hore re fihlele merero eo re e rometsoeng ho e phetha lefats´eng.

  5. Ho utloisisa tsela ea selekane, ho bohlokoa ho utloisisa hore selekane se kenyeletsa boitlamo pakeng tsa Molimo le e mong oa bana ba hae. Ka har´a selekane, Molimo o beha lipehelo, ´me re lumela ho lipehelo tseo. Ka phapanyetsano, Molimo o etsa lits´episo ho rona. Lilekane tse ngata li tsamaea le mats´oao a kantle—kapa ts´ebeletso e halalelang eo re nkang karolo ho eona ponts´eng ea lipaki. Mohlala, kolobetso ke sesupo ho Morena hore motho ea kolobetsoang o entse selekane sa ho boloka litaelo tsa Molimo.

  6. Bona Moroni 4:3; 5:2; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:77, 79.

  7. Mosiea 18:20.

  8. Bona Moshe 6:50,57.

  9. Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 93:40–48.

  10. Bona Mosaia 3:19.

  11. Isaia 54:10,khatiso e ekelitsoe; bona hape 3 Nefi 22:10. Mosa e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la seheberu hesed, lentsoe le matla ka moelelo o tebileng le kenyeletsang mosa, mohau, lerato la selekane le tse ling.

  12. Ho ea khonahala ho etsa puseletso bakeng sa libe tse ling empa eseng tse ling. Ha motho a le mong a hlekefetsa kapa a lematsa e mong, kapa ha e mong a nka bophelo ba e mong, tokiso e feletseng e keke ea etsahala. Moetsalibe liketsahalong tsena a ka etsa ho itseng feela, ´me karolo e kholo e sala e kolotoa. Ka lebaka la boikemisetso ba Morena ho ts´oarela karolo e setseng, re ka tla ho eena ho sa natsehe hore re khelohile hakae. Ha re baka e le kannete, O tla re ts´oarela. Mokoloto o setseng pakeng tsa libe tsa rona le bokhoni ba rona ba ho etsa tokiso e feletseng o ka lefelloa feela ka ho sebelisa Topolo ea Jesu Kreste, eo aka etsang mpho ea mohau. Boikemisetso ba Hae ba ho ts´oarela mokoloto o setseng ke mpho e kekeng ea lekanngoa.

  13. Bona 1 Nefi 31:18–20.

  14. Moprofeta oa Mo-Nefi Morena Benjamine.

  15. Mosaia 2:41

  16. Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 10:5; khatiso e ekelitsoe.

  17. Bona Moshe 1:16; bona hape khaolo 1–20.

  18. Moshe 1:20.

  19. Helamane 5:12.

  20. Moroni 6:4.

  21. Mormone 9:15; bona hape khaolo ea 19.

  22. Moapostola Johanne o phatlalalitse hore o ngotse mehlolo ea Mopholosi “hore re tle re lumele hore Jesu ke Kreste” (Johanne 20:30).

  23. Mormone 9:21.

  24. Isaia 40:29.

  25. Mattheu 6:14.

Hatisa