2022
Ho Tsitsa Har´a Lifefo
Motśeanong 2022


“Ho Tsitsa har´a Lifefo,” Bakeng sa Matlafalo ea Bacha, Motśeanong 2022.

Molaetsa oa khoeli, Liahona Motśeanong 2022

Ho Tsitsa Har´a Lifefo

Mantsoe a qotsitsoeng

Setśoantśo
ntlo ea khanya

Bakeng sa rona ba ngongorehileng ka rona le bao re ba ratang, ho na le tśepo ka har´e ho tśepiso eo Molimo a e entseng ea sebaka sa polokeho ka har´a lifefo tse tlang.…

Mantsoe boporofeta a Morena Benjamine a ea sebetsa le nakong ea rona.…

O memme batho ba hae le rona ho aha feela ho lefika la ´nete la polokeho, e leng ´Mopholosi. O hlakisitse hore re na le bolokolohi ba ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng le hore re ke ke ra qoba litlamorao tsa likhetho tsa rona.…

Tlhaho ea rona e fetoha ho ba joaloka ka ngoana, ea mamelang Molimo ea nang le lerato. Phetoho eo e tla re lumella hore re natefeloe ke limpho tse tlisoang ke Moea o Halalelang. Ho ba le Moea o Halalelang kamehla ho tla re tśelisa, o re tataise `me o re tiise.…

Ha lifefo tsa bophelo li tla, u ka tsitsa hobane u eme holima lefika la tumelo ea hau ho Jesu Kreste. Tumelo eo e tla u etella pele ho ho baka hoa letsatsi ka leng le ho boloka likano kamehla. Joale u tla mohopola kamehla. Le har´a lifefo tsa lehloeo le bokhopo, u tla ikutloa u tsitsitse ´me u be le tśepo.…

…Joaloka ngoana ea bonolo ea lerato, amohela thuso ea Hae. Etsa ´me u boloke likano tseo a li fanang Kerekeng ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno. Li tla u matlafatsa. ´Mopholosi o tseba lifefo le libaka tsa polokeho tseleng e eang hae ho Eena le ho Ntat´a rona ea Maholimong. O tseba Tsela. Ke Tsela.

Hatisa