2022
Lerato la Bomolimo Moralong oa Ntate
Motśeanong 2022


“Lerato la Bomolimo Moralong oa Ntate” Liahona, Motśeanong 2022.

Molaetsa oa khoeli, Liahona Motśeanong 2022

Lerato la Bomolimo Moralong oa Ntate

Mantsoe a qotsitsoeng

Setśoantśo
lithaba tse phahameng har´a maru

Ka Kerekeng tsosolesitsoeng ea Jesu Kreste ea Bahalaleli ba Mehla ea Kajeno e, re na le kutloisiso e ikhethileng ea moralo oa Ntat´a rona ea Maholimong. Se na se re neha tsela e fapaneng ea ho sheba sepheo sa bophelo, kahlolo ea bomolimo e latelang, le pheletso e halalelang ea bana bohle ba Molimo.…

… Thuto e sibollutsoeng ea kereke ea Jesu Kreste e tsosolstsoeng e ruta hore bana bohle ba Molimo— ka ho qolla karolo e fokolang ho ela hloko mona—qetellong ba tla phahamisetsoa ´musong oa khanya.…

… E kholo ea tsena ke phahamiso ´musong oa khanya ea letsatsi, moo teng re ka fetohang ho ba joaloka Ntate oa rona le Mora oa hae, Jesu Kreste.…

… Morero oa kereke e tsosolositsoeng ke ho thusa bana bohle ba Molimo ho tśoaneleha bakeng sa seo Molimo a ba lakaletsang sona ho ba pheletso ea bona.…

Hoa mantlha ho rona ke tśenolo ea Molimo hore phahamiso e ka fumanoa feela ka ho tśepahalla likano tsa lenyalola bosafeleng pakeng tsa monna le mosali. Thuto eo ea bomolimo ke lona lebaka la hore re rute hore “bong ke karolo ea bohlokoa ea motho ka mong ea pele ho bophelo ba ho shoa, ea bophelong ba ho shoa, le boitsibiso ba bosafeleng le sepheo” [“The Family: A Proclamation to the World,” ChurchofJesusChrist.org]. …

Re tiisa hore phatlalatso ea lelapa, e thehiloeng thutong e sa fetoheng, e bolela mofuta oa likamano tsa malapa moo karolo ea bohlokahali ea ntlafatso ea bosafeleng ba rona e ka hlahang.

… Re tlameha ho batla ho arolelana linnete tse na tsa bosafeleng le ba bang. Empa ka lerato leo re le kolotang baahisane ba rona, kamehla re amohela liqeto tsa bona. Joaloka ka ha moprofeta oa Buka ea Mormone a rutile, re tlameha ho hahamalla pele, re na le “Lerato la Molimo le la batho bohle” [2 Nefi 31:20].

Hatisa