Lipitso tsa Borumuoa Lichabeng
Khaolo ea 3: Ithute ´me U Rute Evangeli ea Jesu Kreste


“Khaolo ea 3: Ithute ´me U Rute Evangeli ea Jesu Kreste,” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023)

“Ithute ´me U Rute Evangeli ea Jesu Kreste,” Ruta Evangeli Eaka

Setśoantśo
Kolobetso ea Kreste, ka Joseph Brickey

Khaolo ea 3

Ithute ´me U Rute Evangeli ea Jesu Kreste

Lithuto tsa khaolo ena li na le thuto ea tumelo e bohlokoa, litaba tsa metheo, le litaelo tsa evangeli ea Jesu Kreste. Lithuto tsena ke seo baporofeta le baapostola ba phelang ba le laetseng hore le ithute ´me le se rute Li fanoe mona hore le thuse ba bang ho utloisisa hantle thuto ea tumelo ea Kreste.

Karolo ea pele khaolong ena ke memo ea kolobetso. Khaolo ena kaofela e na le lithuto tse ´ne tse latelang:

Ithute mangolo a halalelang ´me u boulele thuto ea tumelo e ´ngoe le e ´ngoe. Hau etsa joalo, Moea o tla paka ka linnete tseo u ithutang tsona. O tla u thusa ho tseba seo u ka se buang le ho thusa ba bang ho amohela bopaki ba ´nete. (Bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84:85.)

Batho ba tla tseba Mopholosi haholo ha ba etsa seo a itseng ba se etse. Etsa limemo thutong ka ´ngoe, ´me u thuse batho ho boloka boitlamo ba bona. Ha batho ba boloka boitlamo ba bona, ba qala ho phela evangeli ea Jesu Kreste le ho etsa lilekane le Molimo.

Ruta lithuto tsohle pele le kamor´a kolobetso. Barumuoa ba boruti lichabeng ba ka nako tsohle ke bona ba etellang pele lithuto tseo ka makhetlo ao. Barumuoa ba boruti lichabeng ba lekala kapa litho tse ling ba nka karolo ha ho khonahala. Bona likhaolo 10 le 13 bakeng sa tlhahiso-leseling ka ho kenyeletsa litho ho ruta.

Lokitsetsa ho Ruta

Ha u lokitsetsa ho ruta, hlahloba lintlha tsa motho ka mong ka ho app ea Ruta Evangeli Eaka. Etsa moralo oa thuto u ipapisitse le litlhoko tsa motho ka mong. Ela hloko seo a lokelang ho se tseba le ho se utloa nakong ea thuto ha u mo etetse. Moea o tla matlafatsa boiteko ba hau ha u nka nako ho itokisa ´me u etsa moralo.

Tsena ke lipotso tseo uena le molakane oa hau le ka rapelang ka tsona ha le itokisetsa ho ruta.

  • Ke memo e fe eo re ka e etsang ho thusa motho ho aha tumelo ho Kreste ´me a bone phethoho? Limemo ke ka moo u thusang batho ho baka le ho utloa “matla a Molopolli” (Helamene 5:11). Ela hloko phethoho ho motho, maemo, le litlhoko tsa hae. Joale kenyelletsa memo e le ´ngoe kapa tse ngata moralong oa thuto ea hau.

  • Ke thuto ea tumelo le metheo e fe e tlang ho thusa motho eo ho boloka boitlamo boo re mo memileng hore a bo etse? Ka thapelo sheba hore na ke thuto ea tumelo le metheo e fe etlang ho thusa motho eo ho utloisisa hore na hobaneng ho boloka boitlamo ba hae ho le bohlokoa ho eena le ho Morena.

  • Re ka thusa joang motho eo ho ithuta thuto? Ho lokisetsa ho ruta thuto, hlophisa ´me u khutsufatse seo u tlang ho se ruta u sebelisa lithuto 1–4. Hloaea lipotso, mangolo a halalelang, mehlala le mecha ea litaba e amohelehang e tla thusa motho ho utloisisa seo u se rutang. Bona khaolo 10 le 13 bakeng sa tlhahiso-leseling ea ka moo u ka ntlafatsang tsela ea hau ea ho ruta.

  • Ke lihlohonolofatso li fe tseo Molimo a li ts´episitseng bakeng sa ho amohela le ho boloka boitlamo? Hau ntse u ithuta, hloaea lihlohonolofatso tseo Molimo a li ts´episitseng. Ha u ntse u ruta, ts´episa lihlohonolofatso ´me u behe bopaki ba tsona.

  • Ke litho li fe tse ka nkang karolo? Kopanong ea beke le beke ea khokahano, sheba na ke litho li fe tse ka thusang ho ruta le ho ts´ehetsa motho. Pele ho thuto, buisanang ka ho nka karolo ha bona. Bona khaolo 10.

  • Keng seo re ka se etsang ho thusa batho ho boloka boitlamo kamor´a hore re tlohe? Etsa ts´alo-morao e nyenyane ka letsatsi ho thusa batho ho boloka boitlamo ba bona. Batla litsela tseo u ka kenyeletsang litho ho thusa bau u ba rutang ho boloka boitlamo ba bona. Ts´alo morao ena eka ba ho bala khaolo ka Bukeng ea Mormone kapa mangolong a mang a halalelang. Haeba motho e mong a sa boloka boitlamo boo a bo entseng pele, ho molemo ho mo thusa ka bona pele u ka mofa bo bong. Bona khaolo 11.

  • Re ka ba thusa joang nakong e tlang? Kamor´a thuto e ´ngoe le e ´ngoe, hlahloba boiphihlello ba batho bao u ba rutang. Na tumelo ea bona ho Kreste ea hola? Na ba utloa Moea? Na ba ntse ba baka le ho etsa le ho boloka boitlamo ba bona? Na ba ntse ba rapela, ba ithuta Buka ea Mormone le ho kena kereke? Etsa meralo ea ho ba thusa.

Ruta ho tsoa Pelong ea Hau Joaloka ha Moea o u Tataisa

Ha ba bua le bohle barumuoa ba boruti lichabeng, Boetapele ba Pele le Lekhotla la Ba-Apostola ba Leshome le Metso e ´meli ba boletse:

“Morero oa rona ke ho ruta molaetsa oa evangeli e tsosolositsoeng ka tsela e lumellang Moea ho tataisa barumuoa ba boruti lichabeng hammoho le ba rutoang. Ho bohlokoa ho ithuta mohopolo oa [thuto],empa sena ha sea lokela ho rutoa ka makhetlo-khetlo. Morumuoa oa boruti lichabeng o lokela ho ikutloa a phutholohile ho sebelisa mantsoe a hae joaloka ha a susumetsoa ke Moea. Ha a lokela ho fana ka qotso e ts´oeroeng ka hlooho, empa o lokela ho bua ho tsoa pelong a sebelisa mantsoe a hae. A ka kheloha ho tsoa ho thuto, a fana ka seo a susumetsoang ho se etsa, ho latela litabatabelo le litlhoko tsa [motho]. A bua ho latela tsebo ea hae le mantsoe a hae, o lokela ho beha bopaki ba hae ka linnete tsa seo a se rutang.”

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba kopana le monna

Ruta ,´me U Meme ho Latela Litlhoko tsa Motho

U na le bolokolohi ba ho ruta lithuto ka tsela e fe kapa e fe e ka thusang batho ho itokisetsa kolobetso le tiiso. Seo u se rutang, ka nako eo u se rutang ka eona, le nako eo u e nkang li tlisoa ke litlhoko tsa motho eo u mo rutang le ke tataiso ea Moea. Mohlala, hau ruta batho ba sa tsebeng ka BoKreste, u ka qala ka ho ba thusa ho ba le khokahano e matla le Ntate ea Maholimong le kutloisiso ea morero o Hae (bona “Ho Ruta Batho Ba Sa Tsebeng ka BoKreste” ho khaolo ea 10).

Lumella Moea ho u tataisa hore na u etse limemo li fe le hore na neng. Memo e nepahetseng ka nako e nepahetseng e ka khothaletsa batho ho etsa lintho tse tla aha tumelo ea bona. Liketso tsena li ka isa ho ho fetoheng ha pelo (bona Mosaiea 5:2; Alma 5:12–14).

Ruta lithuto tse bonolo, tse hlakileng ´me tse khuts´oanyane. Ka tloaelo, ketelo ea thuto ha ea lokela ho nka nako e fetang metsotso e 30 ´me u ka ruta motho le ka metsotso e 5.

U tla hloka likopano tse ngata ho ruta metheo thutong ele ´ngoe. Batho hangata ba tla utloisisa ha betere melaetsa hau ruta lithuto tse khuts´oanyane, ruta hangata, ´me u rute karolo e ´nyane.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

U tataisetsoa ho ruta eng?

Ke hobaneng ho le bohlokoa ho ithuta thuto ea tumelo ea evangeli thutong?

Hatisa