Lipitso tsa Borumuoa Lichabeng
Khaolo ea 3: Memo ea ho Kolobetsoa le ho Tiisoa


“Khaolo ea 3: Memo ea ho Kolobetsoa le ho Tiisoa” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023)

“Memo ea ho Kolobetsoa le ho Tiisoa” Ruta Evangeli Eaka

Khaolo ea 3

Memo ea ho Kolobetsoa le ho Tiisoa

Setśoantśo
Come into the Fold of God,[Tloho Mohlapeng oa Molimo], ka Walter Rane

Thuto ea Motheo

Bohle re bana ba Ntate ea Maholimong. Re tlile lefats’eng ho ba le monyetla oa ho ithuta, ho hola le ho fetoha ho ba joalo ka Eena e le hore re tle re tsebe ho khutlela ho Eena (bona Moshe 1:39). Re keke ra khona ho fetoha ho ba joaloka Eena kapa ho khutlela ho Eena ntle le thuso ea bomolimo. Ntat´a rona ea Maholimong o rometse Mora oa Hae, Jesu Kreste, ho re shoela le ho choatla maqhama a lefu (bona 3 Nefi 27:13–22).

Re fumana monyetla oa topollo ea Kreste ka ho sebelisa tumelo ho Eena ho isa pakong, ka ho kolobetsoa, ho amohela mpho ea Moea o Halalelang, le ho mamella ho isa qetellong. Ho boloka selekane sa kolobetso ke mohato oa pele oa ho itlama ho Molimo hore Moea o Halalelang o ka hloekisa, oa matlafatsa, le ho fetola boemo ba rona hore bo be betere. Ho ba le ts´usumetso ena e halalelang ho bitsoa ho tsoala hape moeeng. (Bona 2 Nefi 31:7, 13–14, 20–21; Mosaia 5:1–7; 18; 27:24; 3 Nefi 27:20; Johanne 3:5.)

Tsoalo ea semoea e qala ha re kolobetsoa ka metsi le ka Moea. Kolobetso ke ts´ebeletso e thabisang e nang le ts´epo. Ha re kolobetsoa ka lipelo le moea o robehileng, re qala bophelo bo bocha ka ts′ehetso ea matla a Molimo. Ka mor´a hore re kolobetsoe le ho tiisoa, re ka tsoela-pele ho matlafatsoa ka ho ja selallo ka ts′oanelo. (bona 2 Nefi 31:13; Mosaia 18:7–16; Moroni 6:2; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:37

Ho Etsa Memo

Ha u utloa tataiso ea Moea o Halalelang, mema batho hore ba kolobetsoe `me ba tiisoe. Sena se ka etsahala nakong ea thuto.

Ruta thuto ea kolobetso `me u thuse batho ho utloisisa lithuto tsa Kreste (bona thuto 3). Ruta ka bohlokoa le thabo ea selekane sa kolobetso, le ho amohela ts′oarelo ea libe, le ho amohela mpho ea Moea o Halalelang ka ho tiisoa.

Lokisetsa batho memo ea kolobetso ka ho etsa bonnete ba hore ba utloisisa seo u ba rutileng le selekane seo batlang ho se etsa. Selekane sa kolobetso se ka tsela e latelang:

  • Re ikemisetse ho inkela lebitso la Jesu Kreste.

  • Boloka litaelo tsa Molimo.

  • Sebeletsa Molimo le ba bang

  • Mamella ho isa qetellong (bona thuto 4.)

U ka arolelana tse latelaang:

“Ha re kolobetsoa, re paka kapele ho [Molimo] hore [re] kena selekaneng le eena, hore [re] tla mo sebeletsa ‘me re boloke litaelo tsa hae.’ Ha re etsa selekane sena, O re ts´episa hore O tla [re] tlatsa haholo ka Moea oa Hae o Halalelang’ (Mosaia 18:10).”

Memo ea hao ea ho kolobetsa e lokela ho hlaka `me e totobale. U ka re:

“U ka latela mohlala oa Jesu Kreste ka ho kolobetsoa ke motho e mong ea tlotselitsoeng ho etsa ts´ebeletso ee? Re tla u thusa ho itukisetsa kolobetso. Re lumela u ka lokeloa ke kolobetso ka [letsatsi]. Na o ka itokisetsa ho kolobetsoa ka letsatsi leo?”

Joaloka memo e ′ngoe le e ′ngoe eo u e etsang, ts′episa lihlohonolofatso tse kholo tseo batho ba tla li fumana ha ba amohela memo ea ho kolobetsoa ´me ba boloka lilekane tse amehang. Arolelana bopaki ba hau ka lihlohonolofatso tsena.

Ruta hore kolobetso le tiiso ha se pheletso. Empa, ke lintlha tseleng ea ts′okoloho tse tlisang ts′epo, thabo le matla a Molimo ka hohle bophelong ba motho (bona Mosaia 27:25-26). Kamor′a hore batho ba kolobetsoe `me ba tiisoe, ba shebela pele hore ba halaletsoe ka Moea ha ba tsoela-pele tseleng ea selekane.

Ha ho khonahala, mema bao u ba rutang ho tla ts′ebeletsong ea kolobetso le kopanong ea selallo eo ho eona motho a tiisoang.

Litlhahiso Bakeng sa Memo ea ho Kolobetsoa

Nahana ka ho bala tlaleho ea mangolo ea Jesu ha a kolobetsoa (bona Matteu 3:13–17). Hape u lokela ho bonts’a ts’oants’iso ea Bibele e bonts’ang kolobetso ea Mopholosi kapa ts’oants’iso ea Buka ea Mormone ea moo barutuoa ba Mopholosi ba kolobetsang.

Hape u ka bala pale ea Nefi ka kolobetso ea Jesu (bona 2 Nefi 31:4-12). Ho bala lipale tsa kolobetso ea Jesu Kreste ho ka matlafatsa ba rutoang.

Boithuto ba Mangolo a halalelang

Ithute mangolo a halalelang a latelang:

Ngola kakaretso ea tseo u ithutileng tsona.

Hatisa