Lipitso tsa Borumuoa Lichabeng
Khaolo ea 3: Thuto ea 3— Evangeli ea Jesu Kreste


“Khaolo ea 3: Thuto ea 3— Evangeli ea Jesu Kreste,” Ruta Evangeli Eaka: Tataiso ea ho Arolelana Evangeli ea Jesu Kreste (2023)

“Khaolo ea 3: Thuto ea 3,” Ruta Evangeli Eaka

Khaolo ea 3: Thuto ea 3

Evangeli ea Jesu Kreste

Setśoantśo
Ho Tla Lekhetlo la Bobeli, ka Harry Anderson

Batho ba ka Ipotsa

  • Ke Mang Jesu Kreste? A ka nthusa joang le lelapa la ka?

  • Ho bolela eng ho ba le tumelo ho Jesu Kreste? Ke joang ho ba le tumelo ho Eena ho ka hlohonolofatsang bophelo ba ka?

  • Ho bolela eng ho baka?

  • Ke joang nka utloang khotso ea Molimo le ts´oarelo kamor´a hore ke etse likhetho tse mpe?

  • Sepheo sa kolobetso ke eng?

  • Ke eng mpho ea Moea o Halalelang?

  • Ho bolela eng ho mamella ho isa qetellong?

Evangeli ea Jesu Kreste ke ka moo re tlang ho Kreste. E bonolo ho lekana hore ngoana a ka e utloisisa. Thuto ena e tsepamisa maikutlo evangeling le thutong ea tumelo ea Kreste, ho kenyeletsa tumelo ho Jesu Kreste, pako, kolobetso, mpho ea Moea o Halalelang, le ho mamella ho isa qetellong. E boetse e tsepamisa maikutlo ho kamoo evangeli e hlohonolofatsang bana bohle ba Molimo.

Lentsoe evangeli ka kotloloho le bolela “litaba tse molemo.” Evangeli ea Jesu Kreste ke litaba tse molemo hobane e fana ka thuto ea tumelo—´nete ea bosafeleng—tseo re li hlokang ho tla ho eena ´me re pholosoe (bona 1 Nefi 15:14). Evangeli e re ruta hore ke joang re ka phelang bophelo bo botle bo nang le moelelo. Litaba tse monate tsa evangeli li fana ka tsela bakeng sa rona ho ts´oareloa libe, re halaletsoe, le ho khutlela ponts´eng ea Molimo.

Litlhahiso bakeng sa ho Ruta

Karolo ena e fana ka mohlala oa lintlha ho u thusa ho lokisetsa ho ruta. E boetse e kenyelelitse le mehlala ea lipotso le limemo tseo u ka li sebelisang.

Ha u ntse u lokisetsa ho ruta, ela hloko borapeli, boemo ba motho e mong le e mong le litlhoko tsa hae tsa moea. Nka qeto ea hore na ke eng e tla thusa haholo ho e ruta. Lokisetsa ho hlalosa mantsoe ao batho ba ka sitoang ho a utloisisa. Hlophisa ho latela hore na ke nako e kae eo u tlang ho ba le eona, u ntse u hopola ho boloka lithuto li le khuts´oanyane.

Khetha mangolo a halaleleng ao u tlang ho a sebelisa ha u ntse u ruta. Karolo ea “Motheo oa thuto ea Tumelo” ea thuto ena e kenyelelitse mangolo a halalelang a mangata a tleseng thuso.

Nahana lipotso tseo u tlang ho li botsa ha u ntse u ruta. Rera limemo tseo u tlang ho li fana tse tlang ho khothaletsa motho e mong le e mong ho nka khato.

Toboketsa lihlohonolofatso tsa Molimo tse ts´episitsoeng, ´me u arolelane ka bopaki ba hau ba seo u se rutang.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba ruta lelapa

Seo u ka se rutang batho ka metsotso e 15-25

Khetha e le ´ngoe kapa ho feta ea metheo e latelang ho ruta. Motheo oa thuto ea tumelo bakeng sa taba e ´ngoe le e ´ngoe ea motheo e fanoe kamor´a tlhaloso ena.

Borumuoa ba Bo-Molimo ba Jesu Kreste

  • Molimo o rometse Mora oa Hae ea ratoang, Jesu Kreste, lefats´eng ho re lopolla ho tsoa sebeng le lefung.

  • Ka lebaka la sehlabelo se lopollang sa Jesu, re ka hloekisoa libeng tsa rona le ho halaletsoa ha re ntse re baka.

  • Kamor´a hore Jesu a thakhisoe, o ile a tsoha bafung. Ka lebaka la tsoho ea Hae bafung, bohle re tla tsoha bafung kamorao hore re shoe. Sena se bolela hore , moea le ´mele oa motho e mong le e mong li tla kopana hape, ´me e mong le e mong oa rona o tla phela ka hosafeleng, ka ´mele o phethahetseng, o tsohileng bafung.

Tumelo ho Jesu Kreste

  • Tumelo ke oa pele oa evangeli ea Jesu Kreste.

  • Tumelo ho Jesu Kreste e kenyeletsa ho ba le ts´epo ea hore ke Mora oa Molimo le ho ba le ts´epo ho Eena joaloka Mopholosi le Molopolli.

  • Tumelo ho Jesu Kreste motheo oa ketso le matla.

  • Re ka matlafatsa tumelo ea rona ka ho rapela le ho ithuta mangolo a halalelang, le ka ho mamela litaelo.

Pako

  • Tumelo ho Jesu Kreste e re etella pakong. Pako ke ts´ebetso ea ho sheba ho Molimo le ho furalla sebe. Ha re ntse re baka, liketso tsa rona, litakatso, le mehopolo li fetohela ho lumellana le thato ea Molimo.

  • Ha re baka e le kannete, Molimo o oa re ts´oarela. Ts´oarelo e khonahala hobane Jesu Kreste o lefelletse libe tsa rona.

  • Ha re baka, re utloa khotso ha melato ea rona le masoabi li folisoa.

  • Pako ke ts´ebetso ea bophelo bohle. Molimo o re amohela hape nako eohle ha re baka. A ke ke a re furalla.

Kolobetso: Selekane sa Rona Sa Pele le Molimo

  • Kolobetso ke kamoo re qalang ho kena kamanong ea selekane le Molimo.

  • Kolobetso e na le likarolo tse peli: kolobetso ka metsi le ka Moea. Ha re kolobetsoa le ho tiisoa, re hloekisoa libeng tsa rona, re fuoa qalo e ncha bophelong.

  • Re kolobetsoa ka ho qoelisoa, ho latela mohlala oa Jesu.

  • Bana ha ba kolobetsoe hofihlela ba le lilemo li robeli. Bana ba shoang pele ho lilemo tseo ba lopolloa ke Topollo ea Jesu Kreste.

  • Re nka selallo beke e ´ngoe le e ´ngoe khopotsong ea sehlabelo sa Jesu le ho nchafatsa lilekane tsa rona le Molimo.

Mpho ea Moea o Halalelang

  • Moea o Halalelang ke setho sa boraro sa Bomolimo.

  • Kamor´a hore re kolobetsoe, re fumana mpho ea Moea o Halalelang e le ts´ebeletso ea tiiso.

  • Ha re amohela mpho ea Moea o Halalelang, re ka ba le bolekane ba Hae bophelo bohle ba rona haeba re ts´epahala.

  • Moea o Halalelang o oa re halaletsa, o oa re tataisa, o oa re ts´elisa, le ho re thusa ho tseba ´nete.

Mamella ho Isa Qetellong

  • Ho mamella ho kenyeletsa ho tsoelapele ho sebelisa tumelo ho Kreste letsatsi le leng le le leng. Re tsoelapele ho boloka lilekane tsa rona le Molimo, rea baka, re batla bolekane ba Moea o Halalelang, le ho nka selallo.

  • Ha re ntse re ts´epahalla ho batla ho latela Jesu Kreste, Molimo o ts´episa hore re tla ba le bophelo ba bosafeleng.

Evangeli ea Jesu Kreste e Hlohonolofatsa Bana Bohle ba Molimo

  • Ho phela evangeli ho tebisa nyakallo ea rona, ho susumetsa liketso tsa rona, le ho matlafatsa likamano tsa rona.

  • Re na le monyetla o moholo oa ho thaba—bobeli re le batho ka bo mong le kamalapa—ha re phela ka lithuto tsa Jesu Kreste.

  • Ka evangeli ea Jesu Kreste, malapa a ea hlohonolofatsoa bophelong bona ´me a ka kopangoa ka hosafeleng le ho phela ponts´eng ea Molimo.

Lipotso tseo U ka li Botsang Batho

Lipotso tse latelang ke mehlala ea seo u ka se botsang batho. Lipotso tsena li ka u thusa hore u be le lipuisano tse tletseng moelelo le ho utloisisa litlhoko tsa motho le botebo.

  • Ke eng seo u se tsebang ka Jesu Kreste?

  • Ho bolela eng ho ba le tumelo ho Jesu Kreste?

  • Ke li fe liphetoho tseo u batlang ho li etsa bophelong ba hau?

  • Kutloisiso ea hau ke eng ka pako?

  • Kutloisiso ea hau ke eng ka kolobetso? Ke eng seo u ka se etsang honajoale ho itokisetsa kolobetso?

  • Ke joang Moea o Halalelang o ka u thusang leetong la hau la ho khutlela ponts´eng ea Molimo?

  • Ke e fe phepetso eo uena kapa lelapa la hau le tobaneng le eona? Na re ka u arolela tse ling tsa litsela tseo evangeli ea Jesu Kreste e ka thusang ka teng?

Limemo Tseo U ka li Etsang

  • Na u tla botsa Molimo ka thapelo ho u thusa ho tseba hore seo re se rutileng ke ´nete? (Bona “Litemoso tsa ho Ruta: Thapelo Prayer” karolong ea ho qetela ea thuto ea 1.)

  • Na u ka kena kereke le rona Sontaheng sena ho tla ithuta ho feta ka seo re se rutileng?

  • Na u tla bala Buka ea Mormone le ho rapela ho tseba hore ke lentsoe la Molimo? (U ka khothaletsa likhaolo kapa litemana tse khethehileng.)

  • Na u tla latela mohlala oa Jesu Kreste ´me u kolobetsoe? (Bona “Memo ea Ho Kolobetsoa le Ho Tiisoa,” eo e etellang thuto ea 1.)

  • Na re ka beha nako bakeng sa ketelo ea rona e latelang?

Motheo oa Thuto ea Tumelo

Karolo ena e fana ka thuto ea tumelo le mangolo a halalelang bakeng sa hau ho matlafatsa tsebo ea hau le bopaki ba evangeli le ho u thusa ho ruta.

Setśoantśo
Ba na ba leshome le metso e ´meli Jesu o ba rometse, ka Walter Rane

Borumuoa ba Bo-Molimo ba Jesu Kreste

Ntate ea Maholimong o ile a romela Mora oa Hae ea ratoang, Jesu Kreste, lefats´eng ho etsa hore ho khonehe bakeng sa rona bohle ho fihlella nyakallo lefats´eng lena le bophelo ba bosafeleng lefats´eng le tlang. “´Me ena ke evangeli, litaba tse monate, … hore [Jesu Kreste] o tlile lefats´eng … ho jara libe tsa lefats´e, le ho halaletsa lefats´e, le ho le hloekisa ho tloha ho se lokeng hohle; hore ka eena bohle ba ke ba pholosoe” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 76:40–42).

Joaloka ba shoang, e mong le e mong oa rona o tla shoa. Sebe le lefu li ne li tla re thibela ho fumana bophelo ba bosafeleng le Molimo ntle le hore re be le Molopolli (bona 2 Nefi 9). Pele lefats´e le boptjoa, Ntate ea Maholimong o ile a khetha Jesu Kreste ho re lopolla. Ka ponts´o e kholohali ea lerato, Jesu o ile a tla lefats´eng ´me a phethisa borumuoa bo na ba Bo-Molimo. O ile a etsa hore ho khonehe bakeng sa rona ho lopolloa libeng tsa rona, ´me a netefatsa hore re tla tsosoa bafung kamor´a hore re shoe.

Jesu o phetse bophelo bo se nang sebe. Qetellong ea bosebeletsi ba Hae ba ho shoa, O ile a inkela ho Eena libe tsa rona ka ts´otleho ea Hae Gethsemane le ha a ne a thakhisoa (bona 1 Nefi 11:33.). Ts´otleho ea Jesu e ne e le kholo hoo e ileng ea mo etsa hore “a thothomele ka lebaka la bohloko, le ho tsoa mali lesobeng le leng le le leng” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:18). Kamor´a ho ho thakhisoa ha hae, Jesu o ile a tsoha bafung, a fumane tlholo holim´a lefu. Hammoho liketsahalo tsena, ke Topollo ea Jesu Kreste.

Libe tsa rona li re etsa hore re silafale moeeng, ´me ha ho letho le sa hloekang le ka lulang le Molimo” (1 Nefi 10:21). Ka ho eketsa, molao oa toka o hloka litlamorao bakeng sa libe tsa rona.

Sehlabelo se lopollang sa Jesu se fana ka tsela ea ho hloekisoa sebeng le ho halaletsoa ha re ntse re baka. Se boetse se fana ka tsela ea ho khotsofatsa litlhoko tsa toka (bona Alma 42:15, 23–24). Mopholosi o itse, “´Na … ke mamelletse lintho tsena bakeng sa bohle, hore ba ke ba se ke ba sotleha haeba ba ka baka; empa haeba ha ba na ho baka ba tla tlameha ho sotleha esita le joaloka ´Na (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 19:16–17). Ha ene ese ka Jesu Kreste, sebe se ne se tla felisa ts´epo eohle ea bokamoso ba ho ba le Ntate ea Maholimong.

Ka ho inehela e le sehlabelo bakeng sa rona, Jesu ha a hlakola boikarabelo ba rona. Re hloka ho ba le tumelo ho Eena, re bake, ´me re loanele ho mamela litaelo. Ha re ntse re baka, Jesu o tla batla bakeng sa rona litokelo tsa mohau tsa Ntate oa Hae (bona Moroni 7:27 -28). Ka lebaka la poelano ea Mopholosi, Ntate ea Maholimong o oa re ts´oarela, ho re imolla mojaro oa molato oa libe tsa rona (bona Mosaia 15:7-9). Rea hloekisoa moeeng ´me qetellong re ka amoheloa ponts´eng ea Molimo.

Borumuoa ba Bo-Molimo ba Jesu hape e ne e le ho re pholosa lefung. Ka lebaka la tsoho ea Hae bafung, bohle re tla tsoha bafung kamorao hore re shoe. Sena se bolela hore , moea le ´mele oa motho e mong le e mong li tla kopana hape, ´me e mong le e mong oa rona o tla phela ka hosafeleng, ka ´mele o phethahetseng, o tsohileng bafung. Ha ene e se ka Jesu Kreste, lefu le ne le tla felisa ts´epo eohle ea bokamoso ba ho ba le Ntate ea Maholimong.

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Molimo o rometse Mora oa Hae

Poloko ka Jesu Kreste

Ithute Haholo ka Motheo Ona

Tumelo ho Jesu Kreste

Motheo oa pele oa evangeli ke tumelo ho Morena Jesu Kreste. Tumelo ke Motheo bakeng sa motheo eohle ea evangeli.

Tumelo ho Jesu Kreste ho kenyeletsa ho ba le ts´epo ea hore ke Mora oa Molimo ea inots´i. Ho kenyeletsa ho Mo ts´epa joaloka Mopholosi oa rona le Molopolli—hore ke Eena feela tsela ea ho khutlela ponts´eng ea Molimo (bona Liketso 4:10–12; Mosaia 3:17; 4:6–8). Re memeloa ho sebelisa “tumelo e sa thekeselengeng ho Eena, le its´etlehile ka botlalo holim´a bokhabane ba Eena ea matla ho pholosa”(2 Nefi 31:19).

Tumelo ho Jesu Kreste e kenyeletsa ho lumela hore o ile a sotlehela libe tsa rona ka sehlabelo sa Hae se lopollang. Ka lebaka la sehlabelo sa hae, re ka hloekisoa le ho lopolloa ha re ntse re baka. Tlhoekiso ena e re thusa ho fumana khotso le ts´epo bophelong bona. Hape e re lumella ho fumana nyakallo e tletseng kamor´a hore re shoe

Tumelo ho Jesu Kreste e kenyelelitse ho ts´epa hore ka Eena, kaofela re tla tsoha bafung kamor´a hore re shoe. Tumelo ena e ka re ts´ehetsa le ho re ts´elisa linakong tsa tahlehelo. Masoabi a lefu a ka qhaloa ke ts´episo ea Ho Tsoha bafung.

Tumelo ho Jesu Kreste e kenyeletsa ho lumela le ho ts´epa hore o inketse ho Eena mahlomola a rona le lits´otleho (bona Esaia 53:3-5). O tseba ka boiphihlelo ba Hae hore ke joang a ka re ts´ehetsang ka mahau o tletseng har´a liphephetso tsa bophelo (bona Alma 7:11–12; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 122:8). Ha re ntse re sebelisa tumelo, o re thusa ho penyeletsa pele har´a mathata.

Ka tumelo ea rona ho eena, Jesu a ka re folisa nameng le moeeng. O lula kamehla a le malalaotsoe ho re thusa ha re ntse re hopola memo ea hae ho “sheba ho ´na mohopolong o mong le o mong; se ke oa belaela, se ke oa ts´aba ” (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 06:36).

Motheo oa Ketso le Matla

Tumelo ho Jesu Kreste e etella ketsong. Re bonts´a tumelo ea rona ka ho mamela litaelo le ho etsa botle letsatsi le leng le le leng. Re bakela libe tsa rona. Re ea Mo ts´epahalla. Re loanela ho fetohela ho eketsa ho ts´oana le Eena.

Ha re ntse re sebelisa tumelo, re ka fihlella matla a Jesu bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi. O tla holisa boiteko ba rona bo boholo ka ho fetisa. O tla re thusa ho hola le ho hanyetsa moleko.

Ho Matlafatsa Tumelo ea Rona

Moporofeta Alma o rutile hore ho aha tumelo ho ka qala ka “takatso ea ho lumela” e bobebe (Alma 32:27). Joale, bakeng sa tumelo ea rona ho Jesu Kreste ho hola, re hloka ho e holisa ka ho ithuta mantsoe a Hae, ho sebelisa lithuto tsa hae, le ho mamela litaelo tsa hae. Alma o ile a ruta hore ha ka mamello, ka mafolofolo re holisa lentsoe la Molimo ka lipelong tsa rona, “le ke le nke mothapo [´me le be joaloka] sefate se holelang bophelong bo sa feleng —ke joana re matlafatsang tumelo ea rona (Alma 32:41; bona temana ea 26—43).

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Tumelo, Matla le Poloko

Thuto ea Tumelo

Mehlala ea Tumelo

Mesebetsi le Kutlo

Tumelo ho isa Pakong

Ithute Haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Jesu Kreste,” “Lefella, Topollo,” “Tumelo

  • Bible Dictionary, “Tumelo

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Jesu Kreste,” “Topollo ea Jesu Kreste,” “Tumelo ho Jesu Kreste

Pako

Pako ke Eng?

Pako ke motheo oa bobeli oa evangeli ea Jesu Kreste. Tumelo ho Jesu Kreste le lerato la rona bakeng sa hae li re susumetsaa ho baka(bona Helamane 14:13). Pako ke ts´ebetso ea ho sheba ho Molimo le ho furalla sebe. Ha re ntse re baka, liketso tsa rona, litakatso, le mehopolo li fetohela ho lumellana le thato ea Molimo. Ts´oarelo ea libe e etsoa hore e khonahale ka Jesu Kreste le sehlabelo sa hae se lopollang.

Pako ke ho feta ho sebelisa matla a boikemisetso ho fetoha boits´oarong kapa ho hlola bofokoli. Pako ke ho fetohela ho Kreste e le kannete, eo a re fang matla a hofihlella “phetoho e kholo” lipelong tsa rona (Alma 5:12–14), Ha re fihlella ho fetoha ha pelo, re tsoaloa hape moeeng Mosaia 27:24–26).

Ka pako, re qala pono e ncha ea Molimo, bo rona, le lefats´e. Re utloa bocha lerato la Molimo bakeng sa rona joaloka bana ba hae—le lerato la Mopholosi oa rona bakeng sa rona. Monyetla oa ho baka ke e ´ngoe ea lihlohonolofatso tse kholo tseo Molimo a re fileng tsona ka Mora oa hae.

Ts´ebetso ea Pako

Ha re baka, re lemoha libe tsa rona le ho utloa masoabi a ´nete. Re bolela libe tsa rona ho Molimo ´me re kopa ts´oarelo ea hae. Re boela re bolela libe tse tebileng ho baetapele ba Kereke ba fuoeng tokelo, ba tlang ho re ts´ehetsa ha re ntse re baka. Re etsa seo re ka se khonang ho etsa puseletso, ho bolelang hore re leka ho lokisa mathata ao liketso tsa rona e ka bang li a bakile. Pako ea sebele e molemo ka ho fetisa ha e bonahatsoa ka liketso tse lokileng sebaka sa nako e itseng.

Pako ke ts´ebetso ea letsatsi le letsatsi bophelong bohle ba rona. “Bohle ba sitiloe ´me ha ba ts´oaneloe ke khanya ea Molimo” (Ba Roma 3:23). Re tlameha ho tsoelapele ho baka, re ntse re hopola hore re “ka etsa tsohle ka Kreste ea re fang matla” (Bafilipi 4:13). Morena o re netefalelitse hore “ ha ngata ka moo batho ba ka bakang ke tla ba ts´oarela melato ea bona” (Mosaia 26:30).

Lihlohonolofatso tsa Pako

Pako ke taba ea motheo o motle o tlisang nyakallo le khotso. E re tlisa ho “matla a molopolli, ho isa polokong ea meea ea [rona].” (Helamane 5:11).

Ha re baka, molato oa rona le masoabi li folisoa ke ts´ebetso ea nako. Re utloa ts´usumetso ea Moea ka bongata bo bohlolo. Takatso ea rona ea ho latela Molimo e hola ka matla.

Setśoantśo
Mookameli Russell M. Nelson

“Batho ba bangata haholo ba nka pako e le kotlo—ntho e hlokang ho qojoa. … Empa boikutlo bona ba ho ba kotlong bo bakuoa ke Satane. O leka ho re sitisa ho sheba ho Jesu Kreste, ea emeng ka liatla tse bulehileng, a ts´epile le ho ikemisetsa ho folisa, ho ts´oarela, ho hloekisa, ho matlafatsa, le ho re halaletsa” (Russell M. Nelson, “Re ka Etsa BHo etere le ho ba Betere,” Ensign kapa Liahona, Mots´eanong 2019, 67).

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Pako

Topollo le Ts´oarelo.

Mohau Bakeng sa Ba Bakang

Ithute Haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Baka, Pako,” “lefella, Topollo

  • Bukantsoe ea Bibele, “Israele

  • Buka ea Tsamaiso e Akaretsang, 32.1

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Pako,” “Topollo ea Jesu Kreste

Setśoantśo
kolobetso ea moroetsana

Kolobetso: Selekane sa Rona Sa Pele le Molimo

Tumelo ho Jesu Kreste le ho baka ho re lokisetsa ts´ebeletso ea kolobetso le tiisetso. Kolobetso ke ts´ebeletso ea pele e pholosang ea evangeli ea Jesu Kreste. Ha re amohela ts´ebeletso ena ea nyakallo ea ts´epo, re etsa selekane sa rona sa pele le Molimo.

Ts´ebeletso ke mosebetsi kapa ketso e halalelang e sebetsoang ka tokelo ea Boprista. Lits´ebeletso tse ling joaloka kolobetso, li bohlokoa bakeng sa poloko ea rona.

Ka lits´ebeletso, re etsa lilekane le Molimo. Lilekane tsena ke lits´episo tse halalelang lipakeng tsa rona le Molimo. O re ts´episa ho re hlohonolofatsa ha re boloka lits´episo tsa rona le Eena. Re tlameha ho ba le boikemisetso bo matla ho boloka lits´episo tsa rona le Molimo.

Molimo o fane ka lits´ebeletso le lilekane ho re thusa ho tla ho Eena le ho fumana bophelo ba bosafeleng. Ha re ntse re amohela lits´ebeletso tsa boprista ´me re boloka lilekane tse amehang, re ka fihlella “matla a bomolimo” bophelong ba rona (Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 84:20).

Selekane sa Kolobetso

Mopholosi o rutile hore kolobetso e ea hlokahala bakeng sa rona ho kena ´musong oa leholimo (bona Johanne 3:5). E boetse ea hlokahala bakeng sa rona ho fetoha litho tsa kereke ea Jesu Kreste. Mopholosi oa rona o beile mohlala ka ho kolobetsoa (bona Mattheu 3:13–17

Ha re kolobelitsoe ´me re boloka lilekane tsa rona, Molimo o re tse´pisa ho ts´oarela libe tsa rona (bona Liketso 22:16; 3 Nefi 12: 1-2). Hlohonolofatso ena e kholo e etsoa hore e khonahale ka sehlabelo se lopollang sa Jesu Kreste, eo a “re ratileng, ´me a re hlatsoa libe tsa rona ka mali a hae” (Ts´enolo 1:5). Molimo hape o re ts´episa ho re hlohonolofatsa ka bolekane ba Moea o Halalelang e le hore re tle re halaletsoe, re tataisoe, le ho ts´elisoa.

Karolong ea rona ea selekane sa kolobetso, re paka hore re ikemiselitse ho inkela ho rona lebitso la Jesu Kreste. Hape re ts´episa hore kamehla re tla Mo hopola le ho boloka litaelo tsa Hae. Re tśepisa ho rata le ho sebeletsa ba bang, “ho lla le ba llang;… ho ts´elisa ba hlokang ho ts´elisoa, le ho ema re le lipaki tsa Molimo ka linako tsohle linthong tsohle le libakeng tsohle.” (Mosiaia 18:9; bona litemana 8–10, 13). Re bonts´a boikemisetso ba ho sebeletsa Jesu Kreste ho isa qetelong ea bophelo ba rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:37; Mosaia 2:17).

Boikemisetso ba lilekane tsa rona tse amanang le kolobetso ke boikarabelo bo boholo. Hape lia khothatsa le ho tlala nyakallo. Li bopa kamano e khethehileng lipakeng tsa rona le Ntate ea Maholimong e leng ka moo a tsoelang pele ho fana ka lerato la hae.

Kolobetso ka ho Qoelisoa.

Jesu o rutile hore re hloka ho kolobetsoa ka ho qoelisoa bakeng sa ho hlakola libe tsa rona (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:72–74).). Kolobetso ka ho qoelisoa ke lets´oao la lefu, lepato, le ho tsoha bafung ha Jesu Kreste (bona Baroma 6: 3-6).

Kolobetso ka ho qoelisoa, hape e na le ts´oants´iso e matla ho rona ka bo mong. E emetse lefu la bophelo ba rona ba khale, ho patoa ha bophelo boo, le ho hlaha ha rona ka tsoalo ea moea. Hare kolobelitsoe re qala tsela ea ho ba ba tsoetsoeng hape ´me re ba bara le barali ba moea ba Kreste (bona Mosaia 5:7–8; Baroma 8:14–17).

Bana

Bana ha ba kolobetsoe hofihlela ba fihla lilemong tsa boikarabello,e leng lilemo tse robeli (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 68:27). Bana ba shoang pele ho lilemo tseo ba lopolloa ke Topollo ea Jeso Kreste (bona Moroni 8:4–24; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 137:10). Pele bana ba kolobetsoa, ba tlameha hore ba rutoe evangeli e le hore ba tle ba itokisitse bakeng sa mohato ona oa bohlokoa bophelong ba bona ho etsa selekane le Molimo.

Selallo

Ntate oa rona ea Maholimong o batla hore re ts´epahalle lilekane tseo re li etsang le Eena. Ho re thusa ho etsa sena, o re laetse ho kopana khafetsa ho nka selallo. Selallo ke ts´ebeletso ea Boprista eo Jesu a ileng a e tsebisa Ba-Apostola ba Hae hang pele ho Topollo ea Hae.

Ho nka selallo ho khubung ea sepheo sa kopano ea selallo ea beke e ´ngoe le e ´ngoe. Bohobe le metsi li ea hlohonolofatsoa ebe li fuoa phutheho. Bohobe bo emetse sehlabelo sa Mopholosi sa sehlabelo sa ´mele oa hae bakeng sa rona. Metsi a emetse mali a Hae a ileng a ts´olloa bakeng sa rona

Re nka mats´oao ana khopotsong ea sehlabelo sa Mopholosi ho nchafatsa lilekane tsa rona le Molimo. Re amohela bocha hore ts´episo ea hore moea o tla ba le rona.

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Mohlala oa Kreste

Selekane sa Kolobetso

Lits´oanelo tsa Kolobetso

Lihlohonolofatso tse Ts´episitsoeng tsa Kolobetso

Tlhokahalo ea Tokelo

Jesu O Qalile Selallo

Lithapelo tsa Selallo

Ho nka Selallo

Ithute Haholo ka Motheo Ona

  • Tataiso ho ea Mangolong a Halalelang: “Kolobetso, Kolobetsa, ” “Selallo

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Kolobetso,” “Selallo

Setśoantśo
Kreste o beha matsoha a hae ho mosali

Mpho ea Moea o Halalelang

Ho Amohela Mpho ea Moea o Halalelang

Kolobetso e na le likarolo tse peli. Jesu o rutile hore re hloka ho“tsoaloa ka metsi le le ka moea” ho kena ´musong oa Molimo (Johanne 3:5; khatiso e ekelitsoe). Joseph Smith o rutile, “Kolobetso ka metsi empa e le karolo ea kolobetso feela, ´me ha e na thuso ntle le karolo e ´ngoe—ke hore, kolobetso ea Moea o Halalelang” (Lithuto tsa Baokameli ba Kereke: Joseph Smith [2007], 95)).

Kolobetso ea metsi e lokela ke ho lateloa ke kolobetso ea Moea hore e be e phethahetse. Ha re amohela likolobetso ka bobeli, re hloekisoa libe tsa rona ´me re tsoaloa hape moeeng. Joale ke moo re qalang bophelo bo bocha ba moea bo joaloka barutuoa ba Kreste

Re amohela kolobetso ea Moea ka ts´ebeletso e bitsoang tiiso. Ts´ebeletso eena e etsoa ke moprista ea mong kapa ho feta ba behang matsoho a bona holim´a lihloho tsa rona. Pele ba re tiisa joalo ka setho sa Kereke, ´me e be ba fana ka mpho ea Moea o Halalelang holim´a rona. Ena ke ts´ebeletso e ts´oanang le e supuoeng ka Testamenteng e Ncha le Buka ea Mormone (bona Liketso 8:14–17; 3 Nefi 18:36–37).

Moea o Halalelang ke setho sa boraro sa Bomolimo. O sebetsa ka ho kopana le Ntate ea Maholimong le Jesu Kreste. Ha re amohela mpho ea Moea o Halalelang, re ka ba le bolekane ba hae bophelong bohle ba rona joaloka ha re ts´epahala.

Moea o Halalelang o re Hlohonolofatsa Joang

Mpho ea Moea o Halalelang ke e ´ngoe ea limpho tse kholokholo tsa Ntat´a rona ea Maholimong. Moea o Halalelang o oa re hloekisa le ho re halaletsa, ho re etsa hore re halalele ho feta, ho phetheha ho feta, ho ts´oana le Molimo ho feta (bona 3 Nefi 27:20). O re thusa ho fetoha le ho hola moeeng ha re ntse re batla ho latela litaelo tsa Molimo.

Moea o Halalelang o re thusa ho ithuta le ho elelloa ´nete (bona Moroni 10:5). O boetse o netefatsa ´nete lipelong tsa rona le likelellong. Ho tlatsetsa moo, Moea o Halalelang o re thusa ho ruta ´nete (bona Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 42:14). Ha re ithuta le ho ruta ´nete ka matla a Moea o Halalelang, O e isa lipelong tsa rona (bona 2 Nefi 33:1).

Ha ka boikokobetso re batla tataiso ho Moea o Halalelang, O tla re tataisa (bona 2 Nefi 32:5.). Sena se kenyeletsa ho re susumetsa hore ke joang re ka sebeletsang ba bang.

Moea o Halalelango o fana ka matla a moea ho re thusa ho hlola mefokololo. O re thusa ho hlola moleko. O ka re hlokomelisa ka likotsi tsa moea le tsa nama.

Moea o Halalelang o tla re thusa har´a mathata a bophelo. O tla re ts´elisa nakong ea linako tsa liteko kapa masoabi, ho re tlatsa ka ts´epo (bona Moroni 8:26). Ka Moea o Halalelang, re ka utloa lerato la Molimo bakeng sa rona.

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Sebopeho sa Moea o Halalelang.

Lihlohonolofatso le Ts´usumetso e tsoang ho Moea o Halalelang

Bohlokoa ba Mpho ea Moea o Halalelang

Ithute Haholo ka Motheo Ona

Setśoantśo
Jesu o ts´oere bana

Mamella ho Isa Qetellong

Ha re kolobelitsoe le ho tiisoa, re kena selekaneng le Molimo. Hara lintho tse ling, re ts´episa ho boloka litaelo tsa hae le ho mo sebeletsa bakeng sa nako e setseng ea bophelo ba rona (bona Mosaia 18:8-10, 13; Lithuto tsa Tumelo le Lilekane 20:37).

Kamor´a hore re kene tseleng ea evangeli ka kolobetso le tiiso, re etsa ka matla ho lula ho eona. Ha re tsoa ka tseleng le hanyane feela, re sebelisa tumelo ho Kreste ho baka. Hlohonolofatso ea ho baka e re lumella ho khutlela tseleng ea evangeli le ho boloka lihlohonolofatso tsa lilekane tsa rona le Molimo. Ha re ntse re baka e le ka ´nete, kamehla Molimo o ikemiselitse ho re ts´oarela le ho re amohela hape.

Ho mamella ho isa qetellong ho bolela ho lula re ts´epahalla Molimo ho isa qetellong ea bophelo ba rona—linakong tse bonolo le tse thata, nakong ea katleho le litsietsi. Ka boikokobetso re lumella Kreste ho re bopa le ho re etsa ho ba joaloka Eena. Re sheba ho Kreste ka tumelo, ts´epo, le ho ts´epa ho sa natsehe se tlang bophelong ba rona.

Ho mamella ho isa qetellong ha ho bolele ha feela ho ts´oarella hofihlela re shoa. Ho ena le hoo, ho bolela ho tsepamisa bophelo, mehopolo, le liketso tsa rona ho Jesu Kreste. Ho kenyeletsa ho tsoelapele ho sebelisa tumelo ho Kreste letsatsi le leng le le leng. Hape re tsoelapele ho baka, ho boloka lilekane tsa rona le Molimo, re batla bolekane ba Moea o Halalelang.

“Le tlameha ho hahamalla pele ka tieo ho Jesu Kreste, le ena le ts´epo e phethahetseng e hlakileng, le lerato la Molimo le la batho bohle. Ntat´a rona ea Maholimong o ts´episa hore ha re ntse re mamella ho isa qetellong, “re tla ba le bophelo ba bosafeleng” (2 Nefi 31:20).

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Mamella ho Isa Qetellong

Lihlohonolofatso tsa Bao ba Mamellang ho isa Qetellong

Ithute Haholo ka Motheo Ona

  • Lihlooho tsa Evangeli: “Litsietsi

  • Tataiso ea Mangolo a Halalelang: “Mamella,” “Tsietsi

Setśoantśo
lelapa le bososelang

Evangeli ea Jesu Kreste e Hlohonolofatsa Bana Bohle ba Molimo

Evangeli ea Jesu Kreste ke bakeng sa Bana ba Molimo bohle. Mangolo a halalelang a ruta hore “bohle ba ea ts´oana ho Molimo” ho sa tsotelehe moo re tsoang kapa boemo ba rona. O mema “bohle ho tla ho eena le ho nka molemo oa hae; ´me ha a hanele mang ho tla ho eena” (2 Nefi 26:33).

Evangeli e re hlohonolofatsa hohle bophelong ba rona a ho shoa le isa ka ho safeleng. Re na le monyetla o moholo oa ho thaba—bobeli re le batho ka bo mong ka malapa—ha re phela ka lithuto tsa Jesu Kreste (bona Mosaia 2:41; “Lelapa: Phatlalatso ho Lefatse”,” ChurchofJesusChrist.org). Ho phela evangeli ho tebisa nyakallo ea rona, ho susumetsa liketso tsa rona, le ho matlafatsa likamano tsa rona.

Ho phela evangeli ea Jesu Kreste ho ka re sireletsa ha re etsa likhetho tse ka re hlahisang kotsi nameng kapa moeeng. E re thusa ho fumana matla le mats´eliso linakong tsa liteko le masoabi. E fana ka tsela e eang nyakallong ea bophelo ba bosafeleng.

E ´ngoe ea melaetsa e meholo ea evangeli e tsosolositsoeng ke hore re karolo ea lelapa la Molimo. Re bara le barali ba ratoang ba Hae. Ho sa natsehe maemo a lelapa la rona lefats´eng, e mong le e mong oa rona ke setho sa lelapa la Molimo.

Karolo e ´ngoe e kholo ea molaetsa oa rona ke hore malapa a ka ba ´moho ka hosafeleng. Lelapa le tlotsitsoe ke Molimo. Moralo oa Ntate ea Maholimong oa thabo o etsa likamano tsa lelapa li tsoelepele kanqane ho lebitla. Lits´ebeletso tse halalelang tsa tempele le lilekane li etsa hore malapa a khone ho ba ´moho.

Ka khanya ea evangeli , malapa a ka rarolla ho se utloisisane, likhang, le liphepetso. Malapa a arohantsoeng ke ho hloka kutloano a ka folisoa ke pako, ts´oarelo, le tumelo matleng a Topollo ea Jesu Kreste.

Evangeli ea Jesu Kreste e thusa malapa ho nts´etsa pele likamano tse matla. Lehae ke sebaka se molemo ka ho fetisa ho ruta le ho ithuta metheo ea evangeli. Lehae le thehiloeng metheong ea evangeli e tla ba sebaka sa sets´abelo le polokeho. E tla ba sebaka seo Moea oa Morena o ka lulang.

Boithuto ba Mangolo a Halalelang

Ithute Haholo ka Motheo Ona

Lethathamo la thuto le lekhuts´oanyane ho isa bohareng

Lethathamo le latelang ke mohlala oa seo u ka se rutang e mong haeba u na le nako e khuts´oanyane feela. Ha u sebelisa lethathamo lena, khetha motheo o le mong kapa ho feta ho ruta. Motheo oa thuto ea tumelo bakeng sa motheo o mong le o mong o fanoe pelenyana thutong ena.

Ha u ntse u ruta, botsa lipotso ´me u mamele. Fana ka limemo tse tlang ho thusa batho ho ithuta na ke joang ba ka holelang ho ba haufi le Molimo. Memo ea bohlokoa ke bakeng sa hore motho eo a kopane le lona hape. Bolelele ba thuto bo tla its´etleha ka lipotso tseo u li botsang le ho mamela hoo u ho etsang.

Setśoantśo
barumuoa ba boruti lichabeng ba ruta basali

Seo u ka se rutang batho ka metsotso e 3-10

  • Molimo o rometse Mora oa Hae ea ratoang, Jesu Kreste, lefats´eng ho re lopolla ho tsoa sebeng le lefung.

  • Tumelo ho Jesu Kreste motheo oa ketso le matla. Tumelo e re thusa ho fihlella matla a matlafatsang a Mopholosi maphelong a rona.

  • Tumelo ho Jesu Kreste e re etella pakong. Pako ke ts´ebetso ea ho sheba ho Molimo le ho furalla sebe. Ha re ntse re baka, liketso tsa rona, litakatso, le mehopolo li fetohela ho lumellana le thato ea Molimo.

  • Ha re baka, Molimo o oa re ts´oarela. Ts´oarelo e khonahala hobane Jesu Kreste o lefelletse libe tsa rona.

  • Kolobetso e na le likarolo tse peli: kolobetso ka metsi le ka Moea. Ha re kolobetsoa le ho tiisoa, re hloekisoa libeng tsa rona, re fuoa qalo e ncha bophelong.

  • Kamor´a hore re kolobetsoe, re fumana mpho ea Moea o Halalelang e le ts´ebeletso e bitsoang tiiso.

  • Ha re ts´epahalla ho latela tsela ea evangeli ho isa qetellong ea bophelo a rona, Molimo o re ts´episa hore re tla ba le bophelo ba bosafeleng.

Hatisa