Mangolo a halalelang
Alma 11


Khaolo ea 11

Tsamaiso ea lichelete ea Ba-Nefi e ea hlalosoa—Amuleke o loana le Zeezrome—Kreste a keke a pholosa batho ba le libeng tsa bona—Ke feela ba jang lefa ’muso oa maholimo ba pholosoang—Batho bohle ba tla tsohela bophelo bo sa feleng—Ha hona lefu kamorao ho tsoho ea bafu. Ka bo 82 B.C.

1 Joale ho ne ho le molaong oa Mosaia hore motho e mong le e mong eo e neng e le moahloli oa molao, kapa bao ba neng ba khethiloe ho ba baahloli, ba tle ba fumane meputso holatela nako eo ba e sebelitseng ho ahlola bao ba neng ba tlisitsoe ka pele ho bona ho tla ahloloa.

2 Joale haeba motho a ne a kolota e mong, ’me a ne a sa patale seo a se kolotang, o ne a tletlebeloa ho moahloli; ’me moahloli o ne a phethisa tokelo, ’me a romela bahlanka hore motho a tlisoe ka pele ho eena; ’me o ne a ahlola motho ho latela molao le bopaki bo neng bo tlisoa khahlanong le eena, ’me ke joana motho a neng a qobelloa ho patala seo a se kolotang, kapa a phethisoe, kapa a lahleloe kantle har’a batho joalo ka lesholu le senokoane.

3 ’Me moahloli o ne a fumana bakeng sa moputso oa hae ho latela nako ea hae—senine ea khauta; ’me sena ke ho latela molao o fanoeng.

4 Joale ana ke mabitso a lichelete tse fapaneng tsa khauta ea bona, le silivera sa bona, ho latela boleng ba tsona. ’Me mabitso ao a fanoe ke Ba-Nefi, hobane ba ne ba sa lekanye ka mokhoa oa Ba-Juda ba neng ba le Jerusalema; le haele ho lekanya ka mokhoa oa Ba-Juda; empa ba ile ba fetola boleng le tekanyo ea bona, ho latela boinahano le maemo a batho, molokong o mong le o mong ho fihlela puso ea baahloli, ba ne ba thehiloe ke morena Mosaia.

5 Joale litekanyo li joana—senine ea khauta, seone ea khauta, shume ea khauta, le limna ea khauta.

6 Senume ea silivera, amnore ea silivera, ezrome ea silivera, le onti ea silivera.

7 Senume ea silivera e ne e lekana le Senine ea khauta, le tekanyo e fe ea harese, ’me hape le tekanyo eohle ea lijo thollo.

8 Joale bonyane ba Seone ea khauta bo ne bo mena habeli boleng ba Senine.

9 ’Me Shume ea khauta e ne e mena habeli boleng ba Seone.

10 ’Me limna ea khauta e ne e le boleng ba tsona kaofela.

11 ’Me amnore ea silivera e ne e le kholo joaloka ka lisenume tse peli.

12 ’Me ezrome ea silivera e ne e le kholo joaloka lisenume tse ’ne.

13 ’Me onti e ne e le kholo joalo ka tsona kaofela.

14 Joale bona ke boleng ba lipalo tse tlase tsa palo ea bona—

15 Shiblone ke karolo ea bobeli ea senume; ka baka leo, shiblone bakeng sa tekanyo ea karolo ea bobeli ea harese.

16 Shiblume ke karolo ea bobeli ea Shiblone.

17 ’Me lea ke karolo ea bobeli ea Shiblume.

18 Joale ena ke nomoro ea bona ho latela palo ea bona.

19 Joale antione ea khauta e lekana le lishiblone tse tharo.

20 Joale, e ne e le ka sepheo se le seng sa ho fumana leruo, hobane ba ne ba fumana meputso ea bona ho latela mesebetsi ea bona, ka baka leo, ba ile ba hlohlelletsa sechaba moferefereng, le mekhoa eohle ea ts’itiso le bokhopo, hore ba tle ba be le mosebetsi o eketsehileng, hore ba fumane chelete ho latela linyeoe tse neng li tlisoa ka pele ho bona; ka baka leo ba ile ba hlohlelletsa sechaba seo khahlanong le Alma le Amuleke.

21 ’Me sena Zeezrome a qala ho botsa Amuleke, a re: Na u ka arabela lipotso tse ’maloa tseo ke tlang ho u botsa tsona? Joale Zeezrome e ne e le monna eo e leng setsebi meralong ea diabolose, hore a ke a timetse seo se leng molemo; ka baka leo, o ile a re ho Amuleke: Na u tla araba lipotso tseo ke tla li beha ka pele ho uena?

22 ’Me Amuleke o ile a re ho eena; Ee, haeba ke ho latela Moea oa Morena, o ka ho ’na; hobane ha ke na ho bua letho le khahlanong le Moea oa Morena. ’Me Zeezrome a re ho eena: Bona lionti tse ts’eletseng ke tsena tsa silivera, ’me tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba uena u ka latola boteng ba Molimo ea phahaneng.

23 Joale Amuleke o ile a re: Oho uena ngoana oa lihele, u ntekelang? Na hau tsebe hore ba lokileng ha ba inehelle litekong tse joalo?

24 Na u ua lumela hore Molimo ha a eo? Ke re ho uena, Che, uena u ua tseba hore Molimo o teng, empa uena u rata chelete e ngata ho mo feta.

25 ’Me joale u buile leshano ka pela Molimo ho ’na. Uena u re ho ’na—Bona onti tsena tse ts’eletseng, tseo e leng tsa boleng bo boholo, ke tla u fa tsona—feela ka pelong ea hau u na le ho li boloka ho tla ho ’na; ’me e ne e le takatso ea hau hore ke tle ke latole Molimo oa ’nete a phelang, hore u tle u be le lebaka la ho ntimetsa. ’Me joale bona, ka lebaka la bobe bona bo boholo u ba le moputso oa hau.

26 ’Me Zeezrome a re ho eena: Uena u re ho na le Molimo oa ’nete a phelang?

27 ’Me Amuleke a re: Ee, ho na le Molimo oa ’nete a phelang.

28 Joale Zeezrome a re: Na ho na le ho feta Molimo ea mong?

29 ’Me a araba a re, Che.

30 Joale Zeezrome a re ho eena hape: Ke joang u tsebang lintho tse?

31 ’Me a re: Lengeloi le ile la li tsebahatsa ho ’na.

32 ’Me Zeezrome a re hape: Ke mang eo a tlang ho tla? Na ke Mora oa Molimo?

33 ’Me a re ho eena, Ee.

34 ’Me Zeezrome hape a re: Na o tla pholosa batho ba hae ba le libeng tsa bona? ’Me Amuleke a araba a re ho eena: Ke re ho uena a keke a etsa joalo, hobane ha ho khonehe ho eena hore a latole lentsoe la hae.

35 Joale Zeezrome a re ho sechaba seo: Bonang hore le hopola lintho tsena; hobane o itse ha hona e mong empa Molimo ea mong: le ha a itse Mora oa Molimo o tla tla, empa ha a na ho pholosa batho ba hae—joaloka ha e ka o na le tokelo ea ho laela Molimo.

36 Joale Amuleke hape a re ho eena: Bona u buile leshano, hobane u itse ke buile joaloka ha e ka ke na le tokelo ea ho laela Molimo hobane ke itse a keke a pholosa batho ba hae ba le libeng tsa bona.

37 ’Me ke re ho uena hape hore o tla sitoa ho ba pholosa libeng tsa bona; hobane ke sitoa ho latola lentsoe la hae, ’me o itse ha hona letho le sa hloekang le ka jang lefa ’muso oa maholimo; ka baka leo, ke joang le ka pholosoang, ntle le hore le je lefa ’muso oa maholimo? Ka baka leo, le keke la pholosoa le le libeng tsa lona.

38 Joale Zeezrome hape a re ho eena: Na Mora oa Molimo ke eena Ntate oa Bosafeleng ka sebele?

39 ’Me Amuleke a re ho eena: Ee, ke Ntate oa Bosafeleng oa maholimo le lefats’e ka sebele, le lintho tsohle tse ho tsona; ke qalo le qetelo, oa pele le oa ho qetela;

40 ’Me o tla tla lefats’eng ho tla lopolla batho ba hae; ’Me o tla inkela ho eena litlolo tsa bao ba lumelang lebitsong la hae; ’me bana ke bona bao ba tlang ho ba le bophelo ba bosafeleng, ’me ha ho e mong eo poloko e tlang ho tla.

41 Ka baka leo ba khopo ba tla sala joaloka ha eka ha ho a ba le topollo e entsoeng, ntle le hore e be ho tlamolla litlamo tsa lefu; hobane bonang, letsatsi lea tla leo bohle ba tla tsoha bafung ’me ba eme ka pele ho Molimo, ’me ba ahloloe ho latela mesebetsi ea bona.

42 Joale, ho na le lefu leo le bitsoang lefu la nama; ’me lefu la Kreste le tla tlamolla litlamo tsa lefu lena la nama, hore bohle ba tla tsoha lefung lena la nama.

43 Moea le ’mele li tla kopana hape ka sebopeho se phethahetseng; setho le manonyoletso li tla tsosolosetsoa ho phetheha, esita le joaloka moo re leng ka teng ka nako ena; ’me re tla tlisoa ho tla ema ka pele ho Molimo, re tseba joalo ka ha re tseba hajoale, ’me re na le khopolo e khanyang ea melato eohle ea rona.

44 Joale, tsosoloso ena e tla tla ho bohle, ’moho ba tsofetseng le ba bacha, ’moho ba litlamong le ba lokolohileng, ’moho ba batona le ba bats’ehali, ’moho ba khopo le ba lokileng; ’me esita le hore ha hona le ha e se e le qoba ea moriri oa hloho tsa bona e tla lahleha; empa ntho engoe le engoe e tla tsosolosetsoa ka ho phethahala, ka moo e leng ka teng hajoale, kapa ka ’mele, ’me ba tla tlisoa le ho qosoa ka pele ho tulo ea kahlolo ea Kreste Mora, le Molimo Ntate, le Moea o Halalelang, e leng Molimo ea mong oa bosafeleng, ho ahloloa ho latela mesebetsi ea bona, hore na e bile e nepahetseng kapa hore na e bile e mebe.

45 Joale, bonang, ke buile le lona malebana le lefu la ’mele o shoang, hape le malebana ho tsoha bafung ha ’mele o shoang. Ke re ho lona hore ’mele ona o shoang o tsosetsoa ho ’mele o phelang ka ho sa feleng, ke hore ho tsoa lefung, esita le ho tsoa lefung ho ea bophelong, hore ba keke ba hlola ba shoa; meea ea bona e kopana le ’mele ea bona, e sa hlole e arohana; joana ’mele oohle o fetohela semoeeng le ho phela ka ho sa feleng, hore li se hlole li bona ho bola.

46 Joale ha Amuleke a se a qetile mantsoe ana batho ba qala ho makala, hape le Zeezrome a qala ho thothomela. ’Me ke joana a feletseng mantsoe Amuleke, kapa sena ke sohle seo ke se ngotseng.

Hatisa