Mangolo a halalelang
Alma 50


Khaolo ea 50

Moroni o matlafatsa mafats’e a Ba-Nefi—Ba aha metse e mecha e mengata—Lintoa le timetso li oela Ba-Nefi matsatsing a bokhopo ba bona le manyala—Moriantone le baikhaohanyi ba hae ba hloloa ke Teankame—Nefiha oa shoa, ’me mora oa hae Pahorane o tlatsa setulo sa boahloli. Ka bo 72–67 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Moroni ha a ka a emisa ho etsa litokiso bakeng sa ntoa, kapa ho sireletsa sechaba sa habo khahlanong le Ba-Lamane; hobane o ile a etsa hore mabotho a hae a qale ka qalo ea selemo sa mashome a mabeli sa puso ea baahloli, hore ba qale ho fata liqubu tsa mobu ho potoloha le metse eohle, hohle kaofela lefats’eng le neng e le la Ba-Nefi.

2 ’Me holim’a litlhoro tsa makhalo ana a mobu o ile a etsa hore ho be le mapolanka, ee, ts’ebetso ea mapolanka a ahetsoeng holimo ho isa boleleleng ba monna, ho potoloha le metse eo eohle.

3 ’Me o ile a etsa hore holim’a ts’ebetso eo ea mapolanka ho be le sebopeho sa metsu e ahoang holim’a mapolanka ho potoloha; ’me e ne e le matla e phahame.

4 ’Me a etsa hore ho hlongoe litora tse neng li shebetse ho feta ts’ebetso eo ea metsu, ’me a etsa hore ho ahoe libaka tsa ts’ireletso holim’a litora tseo, hore majoe le metsu ea Ba-Lamane e tle e sitoe ho ba lematsa.

5 ’Me ba ne ba itokiselitse hore ba ne ba ka lahlela majoe ho tloha kaholim’a teng, ho latela thato ea bona le matla a bona, ’me ba bolaee eena ea tlang ho leka ho atamela mabota a motse.

6 Ke joana Moroni a ileng a lokisa liqhobosheane khahlanong le ho tla ha lira tsa bona, ho potoloha motseng o mong le o mong lefats’eng leo lohle.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni o ile a etsa hore mabotho a hae a tsamaele ho ea lefelleng le ka bochabela; ee, ’me ba ile ba ea ’me ba khannela Ba-Lamane bohle ba neng ba le lefelleng le ka bochabela ho ea kena mafats’eng a bona, ao a neng a le ka boroa ho lefats’e la Zarahemla.

8 ’Me lefats’e la Nefi le ne le matha ka tsela e otlolohileng ho tloha leoatleng le ka bochabela ho ea ka bophirima.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Moroni a se a khannetse Ba-Lamane bohle ho tsoa lefelleng le ka bochabela, leo le neng le le ka leboea ho mafats’e a borui ba bona, o ile a etsa hore baahi ba neng ba le lefats’eng la Zarahemla le lefats’e le potapotileng ba tsamaee ho ea lefelleng le ka bochabela, esita le ho ea meeling e pela lebopo la leoatle, ’me ba ruoe lefats’e leo.

10 ’Me hape o ile a beha mabotho ka boroa, meeling ea borui ba bona, ’me a etsa hore ba hlome liqhobosheane hore ba tle ba sireletse mabotho a bona le sechaba sa habo bona ho tsoa matsohong a lira tsa bona.

11 ’Me ke joana a ileng a khaola liqhobosheane tsohle tsa Ba-Lamane lefelleng le ka bochabela, ee, hape le ka bophirima, a matlafatsa mola o lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane, lipakeng tsa lefats’e la Zarahemla le lefats’e la Nefi, ho tloha leoatleng le ka bophirima, ho matha pela hlooho ea noka ea Sidone—Ba-Nefi ba ruile lefats’e lohle ho leba leboea, ee, esita le lefats’e lohle le neng le lebile leboea ho lefats’e la Nala, ho latela thato ea bona.

12 Ke joana Moroni, le mabotho a hae, a ileng a hola letsatsi le leng le le leng ka lebaka la tiisetso ea ts’ireletso eo mesebetsi ea hae e ba tliselitseng eona, ba ile ba batla matla a ho khaola Ba-Lamane ho tloha mafats’eng a borui ba bona, hore ba tle ba hloke matla holim’a mafats’e a borui ba bona.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ile ba qala motheo oa motse, ’me ba ile ba bitsa lebitso la motse oo Moroni, ’me o ne o le pela leoatle le ka bochabela; ’me o ne o le ka boroa pela mola oa borui ba Ba-Lamane.

14 ’me hape ba ile ba qala motheo oa motse lipakeng tsa motse oa Moroni le motse oa Aarone, ho kopanya meeli ea Aarone le Moroni; ’me ba ile ba bitsa lebitso la motse oo, kapa lefats’e leo, Nefiha.

15 ’Me ba ile ba qala ka sona selemo seo ho aha metse e mengata ka leboea, o mong ka mokhoa o khetholohileng oo ba ileng ba o bitsa Lehi, o neng o le ka leboea pela meeli ea lebopo la leoatle.

16 ’Me ke joana e bileng pheletso ea selemo sa mashome a mabeli.

17 ’Me ke maemong a na a katleho sechaba sa Nefi se neng se le qalong ea selemo sa mashome a mabeli a motso o mong sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

18 ’Me ba ile ba atleha ka ho fetisisa, ’me ba fetoha barui ka ho fetisisa; ee. ’me ba ile ba ngatafala le ho ba matla lefats’eng leo.

19 ’Me ke joana re bonang kamoo li tletseng mohau le ho loka kateng liketso tsa Morena, ho isa ho phethathatseng mantsoe oohle a hae ho bana ba batho; ee, rea bona hore mantsoe a hae a netefatsoa, esita le ka nako ena, eo a ileng a e bolela ho Lehi, a re:

20 Ho lehlohonolo uena le bana ba hau; ’me ba tla hlohonolofatsoa, joaloka ha ba tla boloka litaelo tsa ka ba tla atleha lefats’eng leo. Empa hopola, joaloka ha ba keke ba boloka litaelo tsa ka ba tla khaoloa ho tloha ponts’eng ea Morena.

21 ’Me rea bona hore lits’episo tsena li netefalitsoe ke sechaba sa Nefi; hobane e bile liqabang tsa bona le likhang tsa bona, ee, lipolao tsa bona, le botlatlapi ba bona, ho khumamela lits’oants’o ha bona, bofebe ba bona, le manyala a bona, tseo li neng li le har’a bona, tse ileng tsa ba tlisetsa lintoa tsa bona le timetso ea bona.

22 ’Me ba neng ba ts’epahala ho boloka litaelo tsa Morena ba ne ba lopolloa ka linako tsohle, ha liketekete tsa ba habo bona ba khopo ba ne ba rometsoe litlamong, kapa ba timetse ka sabole, kapa ho fela ke ho se lumele, le ho kopana le Ba-Lamane.

23 Empa bonang ha ho so ka ho eba le nako ea thabo ho feta ena har’a sechaba sa Nefi, ho tloha matsatsing a Nefi, ho feta matsatsing a Moroni, ee, esita le ka nako ena, ka selemo sa mashome a mabeli a motso o mong sa puso ea baahloli.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore selemo sa mashome a mabeli a metso e mmeli ea puso ea baahloli le sona se ile sa fela ka khotso; ee, hape le selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore qalong ea selemo sa mashome a mabeli a metso e mene sa puso ea baahloli, ho ka be ho ile ha eba le khotso har’a sechaba sa Nefi ha e ne e se ka khang e ileng ea nka sebaka har’a bona malebena le lefats’e la Lehi, le lefats’e la Moriantone, leo le neng le kena meeling ea Lehi; bobeli ao a neng a le meeling pela lebopo la leoatle.

26 Hobane bonang, batho ba neng ba ruile lefats’e la Moriantone ba ile ba tseka karolo ea lefats’e la Lehi; ka baka leo ho ile ha qala ho ba le khang e futhumetseng pakeng tsa bona, haholo hoo sechaba sa Moriantone se ileng sa nka lihlomo khahlanong le ba habo bona, ’me ba ne ba ikemiselitse ka sabole ho ba bolaea.

27 Empa bonang, batho ba neng ba ruile lefats’e la Lehi ba ile ba balehela kampong ea Moroni, ’me ba kopa eena bakeng sa thuso; hobane bonang, ba ne ba se ka phosong.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore ha sechaba sa Moriantone, se neng se etelletsoe pele ke monna eo lebitso la hae e neng e le Moriantone, sa fumana hore sechaba sa Lehi se balehetse kampong ea Moroni, ba ne ba tletse ts’abo ka ho fetisisa e se re lebotho la Moroni le tle le tle holim’a bona le ho ba timetsa.

29 Ka baka leo, Moriantone o ile a beha lipelong tsa bona hore ba tle ba balehele lefats’eng le neng le le ka leboea, leo le neng le apesitsoe ke likarolo tse kholo tsa metsi, ’me ba ruoe lefats’e leo le neng le le ka leboea.

30 ’Me bonang, ba ka be ba kentse moralo ona ts’ebetsong, (oo e neng e tla ba sesosa seo se neng se tla lleloa) empa bonang, Moriantone, e le monna oa tjantjello e ngata, ka baka leo o ne a halefetse e mong oa bahlanka ea mots’ehali, ’me o ile a oela holim’a hae ’me a mo shapa haholo.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a baleha, ’me a tla holimo kampong ea Moroni, ’me a bolella Moroni lintho tsohle malebana le taba eo, hape le malebana le merero ea bona ea ho balehela lefats’eng le ka leboea.

32 Joale bonang, batho ba neng ba le lefatse’eng la Nala, kapa ho fapana le hoo Moroni, o ne a ts’aba hore ba tla mamela mantsoe a Moriantone ’me ba kopane le sechaba sa hae, ’me ke joana a neng a tla fumana ho rua likarolo tsa lefats’e leo, hoo ho neng ho tla beha motheo bakeng sa litlamorao tse tebileng bakeng sa sechaba sa Nefi, ee, litlamorao tseo li neng li tla etella ho heletseng ha tokoloho ea bona.

33 Ka baka leo, Moroni o ile a romela lebotho, ka kampo ea bona, ho ea thibela sechaba sa Moriantone, ho emisa paleho ea bona ho ea lefats’eng le ka leboea.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore ha ba ka ba ba thibela hofilela ba tlile meeling ea lefats’e la Mahlomoleng; ’me moo ba ile ba ba thibela, pela khoro e ts’esane e neng e etella pela leoatle ho kena lefats’eng le ka leboea, ee, pela leoatle, ka bophirima le ka bochabela.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore lebotho le neng le rometsoe ke Moroni, le neng le etelletsoe pele ke monna eo lebitso la hae e neng e le Teankame, le ile la kopana le sechaba sa Moriantone, ’me se ne se le manganga hoo sechaba sa Moriantone, (ba ne ba susumetsoa ke bokhopo le mantsoe a hae a thoholetsang) hore ntoa e ile ea qala lipakeng tsa bona, eo ka eona Teankame a ileng a bolaea Moriantone le ho hlola lebotho la hae, ’me a ba nkela bots’oaruoeng, ’me a khutlela kampong ea Moroni. ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome mabeli a metso e mene sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Ba-Nefi.

36 ’Me ke joana sechaba sa Moriantone se ileng sa khutlisetsoa morao. ’Me holima ho etseng selekane ha bona ho boloka khotso ba ile ba tsosolosetsoa lefats’eng la Moriantone, ’me kopano e ile ea nka sebaka pakeng tsa bona le sechaba sa Lehi, ’me le bona ba ile ba tsosolosetsoa lefatse’eng la bona.

37 ’Me ho ile ha etsahala hore ka sona selemo seo hore sechaba sa Nefi se ile sa fumana khotso e tsosolosetsoa ho bona, hore Nefiha, moahloli oa bobeli, a shoa, a ne a tlatsitse setulo sa kahlolo ka ho loka ho phethehileng ka pele ho Molimo.

38 Le ha ho le joalo, o ile a hanela Alma ho rua lingoliloeng tseo le lintho tseo li neng li hlonephuoa ke Alma le bo ntat’ae hore li halalela ka ho fetisa; ka baka leo Alma o ne a ile a li fa mora oa hae, Helamane.

39 Bonang, ho ile ha etsahala hore mora oa Nefiha o ile a khetheloa ho tlatsa setulo sa kahlolo, sebakeng sa ntat’ae; ee, o ile a khetheloa ho ba moahloli e moholo le ’musi holima sechaba, ka kano le ts’ebeletso e halalelang ho ahlola ka ho loka, le ho boloka khotso le bolokolohi ba sechaba, le ho ba fa litokelo tsa bona tse halalelang ho khumamela Morena Molimo oa bona, ee, ho tse’hetsa le ho boloka sepheo sa Molimo matsatsi oohle a hae, le ho tlisa toka ho ba khopo ho latela botlokotsebe ba bona.

40 Joale bonang, lebitso la hae e ne e le Pahorane. ’Me Pahorane o ile a tlatsa setulo sa ntat’ae, ’me a qala puso ea hae qetelong ea selemo sa mashome a mabeli a metso e mene, holim’a sechab sa Nefi.

Hatisa