Mangolo a halalelang
Alma 53


Khaolo ea 53

Bats’oaruoa ba Ba-Lamane ba sebelisoa ho matlafatsa motse oa Nala—Liphapang har’a Ba-Nefi li fana ka keketso ea litlholo tsa Ba-Lamane—Helamane o nka bolaoli ba likete tse peli tsa bara ba kenang bonneng ba sechaba sa Ammone. Ka bo 64–63 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba beha balebeli holima bats’oaruoa ba Ba-Lamane, ’me ba ile ba ba qobella ho tsamaea ba lo boloka ba shoeleng, ee, ’me hape le ba shoeleng ba Ba-Nefi ba ileng ba bolaoa; ’me Moroni o ile a beha banna holima bona ho ba lebela ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona.

2 ’Me Moroni o ile a ea motseng oa Muleke le Lehi, ’me a nka bolaoli ba motse oo a bo fa Lehi. Joale bonang, Lehi enoa e ne ele monna ea ileng a ba le Moroni karolong e kholo ea lintoa tsa hae tsohle; ’me e ne e le monna ea ts’oanang le Moroni, ’me ba ne ba nyakallela polokehong ea e mong le ea e mong; ee, ba ne ba ratana e mong ho e mong, ’me le ho ratoa ke sechaba sohle sa Nefi.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Ba-Lamane ba qete ho boloka ba bona ba shoeleng hape le ba shoeleng ba Ba-Nefi, ba ile ba hoantisetsoa morao ho kena lefats’eng la Nala; ’me Teankame, ka litaelo tsa Moroni, o ile a etsa hore ba qale ho sebetsa ka ho cheka sekoti ho potoloha le lefats’e leo, kapa motse, Nala.

4 ’Me o ile a etsa hore ba ahe lebota la lifate holim’a lebopo le ka hare la sekoti; ’me ba lahlela mobu holimo ho tsoa ka sekoting khahlanong le lebota la lifate; ’me ke joana ba ileng ba etsa hore Ba-Lamane ba sebetse hofihlela ba potapotile motse oa Nala ho potoloha hohle ka lebota le matla la lifate le mobu, ho isa bophahamong bo fetisisang.

5 ’Me motse ona o ile oa fetoha qhobosheane e fetisisang ho tloha kamorao ho moo, ’me motseng ona ba ile ba lebela bats’oaruoa ba Ba-Lamane; ee, esita le ka har’a mabota ao ba ileng ba etsa hore ba a ahe ka matsoho a bona. Joale Moroni o ne a qobelleha ho etsa hore Ba-Lamane ba sebetse, hobane ho ne ho le bobebe ho ba lebela ha ba le mosebetsing oa bona; ’me o ne a lakatsa ho ba le mabotho a hae kaofela ha a tlameha ho etsa tlhaselo holim’a Ba-Lamane.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni ke joana a ileng a fumana tlholo holim’a le leng la mabotho a maholo a Ba-Lamane, ’me o ne a hapile motse oa Muleke, oo e neng e le e ngoe ea liqhobosheane tsa Ba-Lamane lefats’eng la Nefi; ’me ke joana le eena a ahileng qhobosheane ho boloka bats’oaruoa ba hae.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ka a leka ho feta moo ho loana le Ba-Lamane ka selemo seo, empa o ile a sebelisa banna ba hae ka ho lokisetsa ntoa, ee, le ka ho etsa liqhobosheane ho lebela khahlanong le Ba-Lamane, ee, hape le ho lopolla basali ba bona le bana ba bona tlaleng le mahlomoleng, le ho fana ka lijo bakeng sa mabotho a bona.

8 ’Me joale ho ile ha etsahala hore mabotho a Ba-Lamane, ka leoatle le ka bophirima, boroa, nakong ea bosieo ba Moroni ka lebaka la bolotsana har’a Ba-Nefi, bo entseng hore ho be le liphapang har’a bona, ba ile ba fumana sebaka holim’a Ba-Nefi, ee, haholo hoo hore ba ne ba hapile palo e itseng ea metse ea bona karolong eno ea lefats’e.

9 ’Me ke joana ka lebaka la bokhopo har’a bona, ee, ka lebaka la liphapang le bolotsana har’a bona ba ile ba behoa maemong a kotsi haholoholo.

10 ’Me joale bonang, ke na le seo hanyane ke tlang ho se bolela malebana le sechaba sa Ammone, seo, qalong e ne e le Ba-Lamane; empa ka Ammone le bana babo, kapa ho ena le hoo ka matla a lentsoe la Molimo, ba ile ba sokolohela ho Morena; ’me ba ne ba ile ba tlisoa tlase ho kena lefats’eng la Zarahemla, ’me haesale ba sireletsoa ke Ba-Nefi.

11 ’Me ka lebaka la kano ea bona ba ne ba bolokiloe ho se nke lihlomo khahlanong le ba habo bona; hobane ba ne ba nkile kano hore ha ba sa tla hlola ba ts’olla mali ho feta, ’me ho latela kano ea bona ba ka be ba timetse; ee, ba ka be ba itumelletse ho oela matsohong a bana babo bona, ha e ne e se ka kutloelo bohloko le lerato le fetisisang leo Ammone le bana babo ba neng ba ena le lona bakeng sa bona.

12 ’Me ka lebaka lena ba ne ba ile ba tlisoa tlase Zarahemla; ’me esale ba sireletsoa ke Ba-Nefi.

13 Empa ho ile ha etsahala hore ha ba bona kotsi, le mahlomola le litsietsi tseo Ba-Nefi ba neng ba li mamella bakeng sa bona, ba ile ba sisinngoa ke kutlelobohloko ’me ba ne ba lakatsa ho nka lihlomo ho sireletsa naha ea bona.

14 Empa bonang, joaloka ha ba ne ba se ba batla ho nka libetsa tsa bona tsa ntoa, ba ile ba hloloa ke likhothaletso tsa Helamane le bana babo, hobane ba ne ba le lekhatheng la ho roba kano eo ba e entseng.

15 ’Me Helamane o ne a ts’aba hore e se re ka ho etsa joalo ba tle ba lahleheloe ke meea ea bona; ka baka leo bohle ba ileng ba kena selekaneng sena ba ile ba qobelleha ho bona ba habo bona ba feta har’a mahlomola a bona, maemong a bona a kotsi ka nako ena.

16 Empa bonang, ho ile ha etsahala hore ba ne ba ena le bara ba bangata, ba neng ba sa kena selakaneng sa hore ha ba na nka libetsa tsa bona tsa ntoa ho its’ireletsa khahlanong le lira tsa bona; ka baka leo ba ile ba ipokella hammoho ka nako ena, ba bangata joaloka ha ba khona ho nka lihlomo, ’me ba ile ba ipitsa Ba-Nefi.

17 ’Me ba ile ba kena selekaneng sa ho loanela tokoloho ea Ba-Nefi, ee, ho sireletsa lefats’e leo ho isa ho beheng maphelo a bona fats’e; ee, esita le ho etsa selekane hore ba keke ba hlola ba nehelana ka tokoloho ea bona, empa ba tla loana maemong ohle ho sireletsa Ba-Nefi le bona ho tsoa litlamong.

18 Joale bonang, ho ne ho ena le likete tse peli tsa bahlankana bao, ba ileng ba kena selekaneng sena ’me ba nka libetsa tsa bona tsa ntoa ho sireletsa naha ea bona.

19 ’Me joale bonang, joaloka ha ba ne ba sa hlole e ba hofilela joale tsietsi ho Ba-Nefi, ba ile ba fetoha joale ka nako ena hape ts’ehetso e kholo, hobane ba ile ba nka libetsa tsa bona tsa ntoa, ’me ba ne ba lakatsa hore Helamane e be moetapele oa bona.

20 ’Me kaofela ha bona e ne e le bahlankana, ’me e ne e le linatla tse fetisisang bakeng sa sebete, hape le matla le mosebetsi; empa bonang, sena e ne e se phetho—e ne e le banna ba nang le ’nete ka linako tsohle nthong efe kapa efe eo ba neng ba e ts’epeloa.

21 Ee, e ne e le banna ba ’nete le ho hlaphoheloa, hobane ba ne ba ile ba rutoa ho boloka litaelo tsa Molimo le ho tsamaea ka ho loka ka pele ho eena.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore Helamane o ile a hoanta ka hloohong ea likete tse peli tsa masole a kenang bonneng a hae, ts’ehetsong ea sechaba se meeling ea lefats’e leo ka boroa pela leoatle la bophirima.

23 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome a mabeli a metso e robeli ea puso a baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

Hatisa