Mangolo a halalelang
Alma 30


Khaolo ea 30

Koriho, oa anti-Kreste, o nyefola Kreste, Topollo, le moea oa boporofeta—O ruta hore Molimo ha a eo, ha hona ho oa ha motho, ha hona kotlo ea sebe, ’me ha hona Kreste—Alma o pakahatsa hore Kreste o tla tla ’me lintho tsohle li bolela hore Molimo o teng—Koriho o batla lets’oao ’me o otloa ka bomumu—Diabolose o ile a hlaha ho Koriho e le lengeloi ’me a mo ruta seo a tla se bua—Koriho oa hatikeloa ’me o oa shoa. Ka bo 76–74 B.C.

1 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore kamora hore sechaba sa Ammone se thehoe lefats’eng la Jershone, ee, ’me hape kamor’a hore Ba-Lamane ba khannelloe kantle lefats’eng leo, ’me ba shoeleng ba bona ba ile ba patoa ke sechaba sa lefats’e leo—

2 Joale ba shoeleng ba bona ba ne ba sa baloe ka lebaka la boholo ba lipalo tsa bona; le ha e le ba shoeleng ba Ba-Nefi ba ne ba sa baloe—empa ho ile ha etsahala hore ba ile ba pata ba shoeleng ba bona, ’me le kamor’a matsatsi a boitimo, le ho lla, le thapelo, (’me e ne e le ka selemo sa leshome le metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli holima sechaba sa Nefi) moo ho ile ha eba le khotso e tsoelang pele hohle lefats’eng leo lohle.

3 Ee, ’me sechaba seo se ile sa leka ho boloka litaelo tsa Morena; ’me ba ne ba tsepame ka ho khomarela lits’ebeletso tsa Molimo, ho latela molao oa Moshe; hobane ba ne ba rutiloe ho boloka molao oa Moshe ho fihlela o tla phethahala.

4 ’Me ke joana sechaba seo se ileng sa se ke sa eba le khathatso selemong seo sohle sa bo-leshome le metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore mathoasong a selemo sa bo-leshome le metso e supileng sa puso ea baahloli, ho ne ho ena le khotso e tsoelang pele.

6 Empa ho ile ha etsahala hore pheletsong ea morao ea selemo sa bo leshome le metso e supileng, ho ile ha kena monna lefats’eng la Zarahemla, ’me e ne e le Anti-Kreste, hobane o ile a qala ho ruta sechaba khahlanong le boporofeta bo ile ba boleloa ke baporofeta, malebana le ho tla ha Kreste.

7 Joale ho ne ho se na molao khahlanong le tumelo ea motho; hobane ho ne ho le khahlanong le litaelo tsa Molimo ka thata hore ho tle ho be le molao o tla tlisa batho maemong a sa lekaneng.

8 Hobane ke joana lengolo le halalelang le reng: Ikhetheleng kajeno, eo le tlang ho mo sebeletsa.

9 Joale haeba motho a ne a lakatsa ho sebeletsa Molimo, e ne e le monyetla oa hae; kapa, haeba a ne a lumela ho Molimo e ne e le monyetla oa hae ho mo sebeletsa; empa haeba a ne a sa lumele ho eena ho ne ho se na molao o mo otlang.

10 Empa haeba a ne a bolaile o ne a otloa ka lefu; ’me haeba a ne a tlatlapile o ne a otloa; ’me haeba a ne a utsoitse le teng o ne a otloa; ’me haeba a ne a febile le teng o ne a otloa; ee, bakeng sa bokhopo bona bohle ba ne ba otloa.

11 Hobane ho ne ho ena le molao oa hore batho ba ahloloe ho latela litlolo tsa bona. Le ha ho le joalo, ho ne ho se na molao o khahlanong le tumelo ea motho; ka baka leo, motho o ne a otleloa feela litlolo tseo a li entseng; ka baka leo batho bohle ba ne ba le maemong a lekanang.

12 ’Me Antikreste enoa, eo lebitso la hae e neng e le Koriho, (’me molao o ne o se na taolo ho eena) a qala ho ruta batho hore ho keke ha eba le Kreste. ’Me ke ka mokhoa ona a ileng a ruta, a re:

13 Oho lona ba tlametsoeng fats’e tlasa ts’epo e bothoto ea lefeela, hobaneng le itjarisa joko ka lintho tse bothoto joalo? Hobaneng le batlana le Kreste? Hobane ha hona motho ea ka tsebang letho leo le tlang ho tla.

14 Bonang, lintho tsena tseo le li bitsang boporofeta, tseo le reng li fetiselitsoe ke baporofeta ba halalelang, bonang, ke litloaelo tse bothoto tsa bo ntat’a lona.

15 Le tseba joang bonnete ba tsona? Bonang, le sitoa ho tseba ka lintho tseo le sa li boneng; ka baka leo le sitoa ho tseba hore ho tla ba le Kreste.

16 Le shebela pele ’me le re le bona ts’oarelo ea libe tsa lona. Empa bonang, ke phello ea kelello e ferekaneng; ’me pherekano ena ea likelello tsa lona e tla ka lebaka la litloaelo tsa bo ntat’a lona, tse le etellang hole tumelong ea lintho tse seng joalo.

17 ’Me le lintho tse ling tse joalo tse ngata o ile a li bolela ho bona, a ba joetsa hore ho ne ho keke ha eba le topollo e etsoang bakeng sa libe tsa batho, empa motho e mong le e mong o ba le boiphihlelo bophelong bona ho latela tsamaiso ea botho; ka baka leo motho e mong le e mong o atleha ho latela bohlale ba hae, le hore motho e mong le e mong o hlola ho latela matla a hae; ’me eng kapa eng eo motho a e etsang e ne e se tlolo.

18 ’Me ke joana a ileng a ba ruta, a khelosa lipelo tsa ba bangata, a etsa hore ba phahamise lihlooho tsa bona bokhopong ba bona, ee, a khelositse basali ba bangata, hape le banna, ho etsa bofebe—a ba joetsa hore ha motho a shoele, hore seo e ne e le eona pheletso ea teng.

19 Joale monna enoa o ile a ea lefats’eng la Jershone hape, ho ea ruta lintho tsena har’a sechaba sa Ammone, bao e kileng ea eba sechaba sa Ba-Lamane.

20 Empa bonang ba ne ba hlalefile ho feta ba bangata ba Ba-Nefi; hobane ba ile ba mo nka; ’me ba mo tlama, ’me ba mo jarela ka pele ho Ammone, eo e neng e le moprista e moholo holima sechaba seo.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore a etse hore a jareloe kantle ho lefats’e leo. ’Me o ile a ea lefats’eng la Gideone, ’me a qala ho ba ruta le bona; ’me mona o ile a sitoa ho ba le katleho e kholo, hobane o ile a nkoa ’me a tlanngoa le ho jareloa ka pele ho moprista e moholo, ’me hape le moahloli e moholo holima lefats’e leo.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore moprista e moholo o ile a re ho eena: hobaneng o ntse o tsamaea o khelosa litsela tsa Morena? Hobaneng o ruta sechaba se hore ha hona ho ba le Kreste, ho sitisa linyakallo tsa bona? Hobaneng o bua khahlanong le boporofeta bohle ba baporofeta ba halalelang?

23 Joale lebitso la moprista eo e moholo e ne e le Giddona. ’Me Koriho o ile a re ho eena: Hobane ha ke rute litloaelo tse bothoto tsa bo ntat’a lona, le hobane ha ke rute sechaba sena ho itlamela fats’e tlasa lits’ebeletso le liketsahalo tsa bothoto, tse thehiloeng ke baprista ba khale, ho ikhapela matla le tokelo holim’a bona, ho ba boloka ba hloka tsebo, hore ba tle ba phahamise lihlooho tsa bona, empa ba tlisoe fats’e ho latela mantsoe a hau.

24 U re sechaba sena ke sechaba se lokolohileng. Bona, ke re ba litlamong. U re boporofeta boo ba khale ke ’nete. Bona, ke re uena ha u tsebe hore ke ’nete.

25 U re batho bana ke sechaba se molato ’me se oeleng, ka lebaka la tlolo ea motsoali. Bona, ke re lesea ha le be le molato ka lebaka la batsoali ba lona.

26 ’Me hape u re Kreste o tla tla. Empa bona, ke re ha u tsebe hore ho tla ba le Kreste. ’Me u re hape o tla bolaeloa libe tsa lefats’e—

27 ’Me ke joana le khelosetsang hole sechaba sena ka litloaelo tse bothoto tsa bo ntat’a lona, le ho latela litakatso tsa lona; ’me le ba bolokile fats’e, esita le joaloka ha eka e ne e le litlamong, hore le tle le ithabise ka mesebetsi ea matsoho a bona, hore ha ba na sebete sa ho batlisisa ka sebete, le hore ha ba na sebete sa ho natefeloa ke litokelo le melemo ea bona.

28 Ee, ha ba na sebete sa ho sebelisa seo e leng sa bona mohlomong ba tle ba se ke ba siteloa baprista ba bona, ba ba jarisang joko ho latela litakatso tsa bona, ’me ba tlisitse ho lumela, ho latela litloaelo le litoro tsa bona le maikutlo a bona le lipono tsa bona le liphiri tsa bona tsa boiketsiso, hore ha ba sa etse ho latela mantsoe a bona, ba tla ba khopisa motho ea sa tsejoeng, eo ba reng ke Molimo—motho ea so kang a bonoa kapa ho tsejoa, ea so kang a eba kapa ea sa tlo hlola a eba teng.

29 Joale e itse ha moprista e moholo le moahloli e moholo ba bona ho thatafala ha pelo ea hae, ee, ha ba bona hore a ka nyefola esita le khahlanong le Molimo, ba ne ba keke ba eba le karabo e fe kapa e fe mantsoeng a hae; empa ba ile ba etsa hore a tlanngoe; ’me ba ile ba nehelana ka eena matsohong a liofisiri, ’me ba mo romela lefats’eng la Zarahemla, hore a tle a tlisoe ka pele ho Alma, le moahloli e moholo eo e neng e le ’musi holima lefats’e leo lohle.

30 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a tlisitsoe ka pele ho Alma le moahloli e moholo, o ile a tsoelapele ka mokhoa o ts’oanang joaloka ha a ile a etsa lefats’eng la Gideone; ee, o ile a tsoelapele ho nyefola.

31 ’Me o ile a hoelehetsa ka mantsoe a maholo a ikhants’itseng ka pele ho Alma. ’me o ile a nyefola khahlanong le baprista le baruti, a ba qosa ka ho khelosetsa sechaba kamora litloaelo tse bothoto tsa bo ntat’a bona, molemong oa ho ithabisa ka mesebetsi ea sechaba seo.

32 Joale Alma a re ho eena: Ua tseba hore ha re ithabise ka mesebetsi ea sechaba sena; hobane bona ke sebelitse esita le ho tloha qalong ea puso ea baahloli hofihlela joale, ka matsoho a ka bakeng sa boipheliso ba ka, ho sa tsotellehe maeto a ka a mangata hohle ho potoloha lefats’e lena ho phatlalatsa lentsoe la Molimo ho sechaba sa heso.

33 ’Me ho sa tsotellehe mesebetsi e mengata eo ke e entseng ka kerekeng, ha ke so amohele le ka mohla esita le ha e se e le senine e le ngoe feela bakeng sa mosebetsi oa ka; le ha ele bana beso, ntle le ha e ne e le setulong sa boahloli; ’me nakong eo re amohetse feela ho latela molao ka nako ea rona.

34 ’Me joale, haeba ha re amohele letho bakeng sa mesebetsi ea rona ka kerekeng, ho re fa phaello e fe ho sebeletsa ka kerekeng ntle le hore e ne e le ho phatlalatsa ’nete, hore re tle re be le nyakallo nyakallong ea bana ba bo rona?

35 Joale hobaneng u bolela hore re ruta sechaba se ho fumana phaello, ha uena, ka bo uena, u tseba hore ha re fumane phaello? ’Me joale, na u lumela hore re thetsa sechaba se, hoo ho bakang nyakallo lipelong tsa bona?

36 ’Me Koriho o ile a mo araba, Ee.

37 ’Me eaba Alma o re ho eena: Na ua lumela hore Molimo o teng?

38 ’Me a araba a re, Che.

39 Joale Alma a re ho eena: Na u tla latola hape hore Molimo o teng, ’me hape u latole Kreste? Hobane bona, ke re ho uena, kea tseba hore Molimo o teng, ’me hape hore Kreste o tla tla.

40 ’Me joale u na le bopaki bo fe hore ha hona Molimo, kapa hore Kreste ha a tle? Ke re ho uena ha u na bona, ntle le hore ke lentsoe la hau feela.

41 Empa, bona, ke na le lintho tsohle e le bopaki hore lintho tsena ke ’nete; ’me le uena u na le lintho tsohle e le bopaki ho uena hore ke ’nete; na u tla li latola? Na ua lumela hore lintho tse ke ’nete?

42 Bona, kea tseba hore ua lumela, empa u na le moea oa leshano, ’me u hlobotse Moea oa Molimo hore e be ha o na sebaka ka har’e ho uena; empa diabolose o na le matla holima hau, ’me oa u laola, ho sebetsa masene a hore a tle a timetse bana ba Molimo.

43 ’Me Koriho o ile a re ho Alma: Haeba u tla mponts’a lets’oao, hore ke tle ke kholisehe hore Molimo o teng, ee, u mpots’e hore o na le matla, ’me joale ke tla kholiseha ke ’nete ea mantsoe a hau.

44 Empa Alma a re ho eena: U na le mats’oao a lekaneng; na u tla leka Molimo oa hau? Na u tla re, Mponts’e lets’oao, ha u na le bopaki ba ba bohle bana beno, ’me hape le baporofeta bohle ba halalelang? Mangolo a halalelang a behiloe ka pele ho uena, ee, ’me lintho tsohle lia bolela hore Molimo o teng; ee, esita le lefats’e, le lintho tsohle tse holim’a sefahleho sa lona, ee, le ts’isinyo ea lona, ee, hape le mafats’e oohle a tsamaeang ka boemo ba oona bo laotsoeng a pakahatsa hore ho na le ’Mopi e Moholo.

45 ’Me le ha ho le joalo u tsamaea hohle, u khelosetsa hole lipelo tsa sechaba sena, u pakahatsa ho bona hore ha hona Molimo? ’Me le ha hole joalo na u tla latola khahlanong le lipaki tse tsohle? ’Me o ile a re: Ee, Ke tla latola, ntle le hore u tla mponts’a lets’oao.

46 ’Me joale ho ile ha etsahala hore Alma a re ho eena: Bona, ke hlomohile ka lebaka la ho thatafala ha pelo ea hau, ee, hore e be u tla tsoelapele ho hanyetsa moea oa ’nete, hore moea ua hau o tle o timetsoe.

47 Empa bona, ho molemo hore moea oa hau o lahlehe ho ena le hore u be mokhoa oa ho tlisa meea e mengata fats’e timelong, ka leshano la hau le ka mantsoe a hau a thoholetsang; ka baka leo haeba u tla latola hape, bona Molimo o tla u otla, hore u fetohe semumu, hore u se hlole u bula molomo ua hau hape, hore ha u sa tla thetsa sechaba sena.

48 Joale Koriho u ile a re ho eena: ha ke latole boteng ba Molimo, empa ha ke lumele hore Molimo o teng; ’me ke re hape, hore ha u tsebe hore Molimo o teng; ’me ntle le hore u mponts’e lets’oao, ha ke na ho lumela.

49 Joale Alma a re ho eena: Ke tla u fa sena bakeng sa lets’oao, hore u tla otloa ka bomumu, ho latela mantsoe a ka; me ke re, ka lebitso la Molimo, u tla otloa ka bomumu, hore u se hlole u ba le puo.

50 Joale ha Alma a se a boletse mantsoe ana, Koriho o ile a otloa ka bomumu, hore e be o ne a hloka puo, ho latela mantsoe a Alma.

51 ’Me joale e itse ha moahloli e moholo a bona sena, o ile a otlolla letsoho la hae ’me a ngolla Koriho. a re: Na u kholisehile ke matla a Molimo? Ke ho mang moo u neng u lakatsa hore Alma a bonahatse lets’oao la hae? U ne u ka lakatsa hore a hlokofatse ba bang, ho u bonts’a lets’oao? Bona, o u bonts’itse lets’oao; ’me joale na u tla tseka ho feta mo?

52 ’Me Koriho o ile a otlolla letsoho la hae a ngola, a re: Kea tseba hore ke semumu, hobane ke sitoa ho bua; ’me kea tseba hore ha ho letho ntle le matla a Molimo a neng a ka tlisa sena ho ’na; ee, ’me haesale ke ntse ke tseba hore Molimo o teng.

53 Empa bonang, diabolose o nthetsitse; hobane o ile a hlaha ho ’na ka sebopeho sa lengeloi, ’me a re ho ’na: Tsamaea ’me u ilo khutlisa sechaba sena, hobane bohle ba khelohetse kamor’a Molimo ea sa tsejoeng. ’Me o ile a re ho ’na: Ha hona Molimo; ee, ’me a nthuta seo ke tlang ho se bolela. ’Me ke rutile mantsoe a hae; ’me kea rutile hobane a ne a thabisa kelellong ea nama; ’me kea rutile, esita le hofihlela ke na le katleho e kholo, hoo kannete ke ileng ka lumela hore e ne e le ’nete; ’me ka baka lena ke ile ka hanyetsa ’nete, esita le hofihlela ke tlisa thohako ena e kholo holim’a ka.

54 Joale ha a se a boletse sena, o ile a kopa hore Alma a rapele ho Molimo, hore thohako eo e ke e tlosoe ho eena.

55 Empa Alma a re ho eena: Haeba thohako ena e tlosoa ho uena u tla khelosa hape lipelo tsa sechaba sena; ka baka leo, ho tla etsahala ho uena esita joaloka ka thato ea Morena.

56 ’Me ho ile ha etsahala hore thohako eo ha e eaka ea tlosoa ho Koriho; empa o ile a lahleloa kantle, ’me a tsamaea a kena ntlo le ntlo a ntse a kopa lijo.

57 Joale litaba tsa sena se etsahetseng ho Koriho li ile tsa phatlatlatsoa hang-hang hohle lefats’eng leo; ee, phatlalatso eo e ile ea romeloa ke moahloli e moholo ho batho bohle lefats’eng leo, ho phatlalatsa ho bohle ba ileng ba lumela mantsoe a Koriho hore ba tlameha ho baka ka potlako, mohlomong likotlo tse ts’oanang li tla tla ho bona.

58 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba kholiseha ka bokhopo ba Koriho; ka baka leo ba ile ba sokolohela ho Morena kaofela; ’me sena se ile sa tlisa pheletso ea bokhopo ba mokhoa oa Koriho. ’Me Koriho o ile a tsamaea ntlo le ntlo, a kopa lijo bakeng sa ho phela.

59 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a ntse a tsamaea har’a sechaba seo, ee, har’a batho bao ba ileng ba ikarola ho tloha ho Ba-Nefi ’me ba ipitsa Ba-Zorame, ba ne ba eteletsoe pele ke monna eo lebitso la hae e leng Zorame—’me ha a ntse a tsamaea har’a bona, bonang, o ile a hatikeloa, esita le hofihlela a shoele.

60 ’Me ke joana re bonang pheletso ea hae eo a khelositseng litsela tsa Morena; ’me ke joana re bonang hore diabolose a ke ke a ts’ehetsa bana ba hae ka letsatsi la ho qetela, empa o potlaka a ba hulela tlase liheleng.

Hatisa