Mangolo a halalelang
Alma 55


Khaolo ea 55

Moroni o hana ho fapanyetsana bats’oaruoa—Balebeli ba Ba-Labane ba hohelloa ho taoa ’me bats’oaruoa ba Ba-Nefi ba lokoloha—Motse oa Gid o nkoa kantle ho ts’ollo ea mali. Ka bo 63–62 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore ha Moroni a se a amohetse lengolo lena o ne a halefile ho feta, hobane o ne a tseba hore Ammorone o ne a ena le tsebo e phethehileng ea boqhekanyetsi ba hae; ee, o ne a tseba hore Ammorone o ne a tseba hore e ne e se lebaka le lokileng le neng le entse hore a loane ntoa khahlanong le sechaba sa Nefi.

2 ’Me o ile a re: Bonang, nke ke ka fapanyetsana ka bats’oaruoa le Ammorone ntle le hore a hule morero oa hae, joaloka ha ke boletse lengolong la ka; hobane nke ke ka mo lumella hore a tle a be le matla a fetang ao a nang le oona.

3 Bonang, ke tseba sebaka seo Ba-Lamane ba lebetseng sechaba sa heso seo ba se nkileng ho ba bats’oaruoa; ’me joalo ka ha Ammorone a keke a ntumella ho ea ka lengolo la ka, bonang, ke tla mo fa ho latela mantsoe a ka; ee, ke tla batla lefu har’a bona hofihlela ba tla kopa khotso.

4 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Moroni a se a boletse mantsoe ana, o ile a etsa hore phuputso e etsoe har’a banna ba hae, hore mohlomong a ka fumana monna eo e leng setloholo sa Lamane har’a bona.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba fumana a le mong, eo lebitso la hae e neng e le Lamane; ’me e ne e le e mong oa bahlanka ba morena ea ileng a bolaoa ke Amalickia.

6 Joale Moroni o ile a etsa hore Lamane le palo e nyane ea banna ba hae ba tsamaee ho ea balebeling ba neng ba le holi’ma Ba-Nefi.

7 Joale Ba-Nefi ba ne ba lebetsoe motseng oa Gid; ka baka leo Moroni o ile a khetha Lamane ’me a etsa hore palo e nyane ea banna e tsamaee le eena.

8 ’Me e itse ha e le mantsiboea Lamane o ile a ea ho balebeli ba neng ba le holim’a Ba-Nefi, ’me bonang, ba ile ba mo bona ha a tla, ’me ba mo hlokomelisa; empa o ile a re ho bona: Se ts’abeng; bonang, ke Mo-Lamane. Bonang, re phonyohile ho tloha ho Ba-Nefi, ’me ba ea robala, ’me bonang re nkile e ’ngoe veine ea bona ’me re e tlisitse le rona.

9 joale ha Ba-Lamane ba utloa mantsoe ana ba ile ba mo amohela ka nyakallo; ’me ba ile ba re ho eena; Re fe e ’ngoe veine ea hau, hore re ke re noe; re thabile hore u nkile veine le uena hobane re khathetse.

10 Empa Lamane o ile a re ho bona: Ha re bolokeng e ’ngoe veine ea rona hofihlela rea khahlanong le Ba-Nefi ho ea loana. Empa polelo ena feela e ile ea ba etsa hore ba lakatse ho feta ho noa e ’ngoe ea veine eo.

11 Hobane, ba ile ba re bona: Re khathetse, kabaka leo nka e ’ngoe ea veine, ’me hanyane hanyane re tla fumana veine bakeng sa lijo tsa rona, eo e tlang ho re matlafaletsa ho ea khahlanong le Ba-Nefi.

12 ’Me Lamane o ile a re ho bona: Le ka etsa ho latela litakatso tsa lona.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba nka e ’ngoe veine ka bolokolohi; ’me e ne e le monate tatsong ea bona, ka baka leo ba ile ba e nka ka bolokolohi ho feta; ’me e ne e le matla, e ne e lokisitsoe ka matla a eona.

14 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba noa ’me ba nyakalla, ’me hanyane hanyane ba ne ba tahiloe kaofela.

15 ’Me ha Lamane le banna ba hae ba bona hore ba tahiloe kaofela, ’me ba ne ba le borokong bo tebileng, ba ile ba khutlela ho Moroni le ho mo bolella tsohle lintho tse etsahetseng.

16 ’Me joale sena e ne e le ho latela moralo oa Moroni. ’Me Moroni o ne a hlophisitse banna ba hae ka libetsa tsa ntoa; ’me a ea motseng oa Gid, nakong eo Ba-Lamane ba neng ba le borokong bo tebileng le ho taoa, ’me ba lahlela libetsa tsa ntoa ho bats’oaruoa, haholo hoo hore e be ba ne bahlometse kaofela.

17 Ee, esita le basali ba bona, le bao bohle bana ba bona, ba bangata joaloka ba neng ba khona ho sebelisa sebetsa sa ntoa, ha Moroni a se a hlomelletse bats’oaruoa bao; ’me lintho tsena tsohle li ile tsa etsoa ka khutso e tebileng.

18 Empa ha eba ba ne ba tsositse Ba-Lamane, bonang ba ne ba tahiloe ’meBa-Nefi ba ka be ba ba bolaile.

19 Empa bonang, sena e ne e se takatso ea Moroni; o ne a sa thabele lipolao le ts’ollo ea mali, empa o ne a thabela ho pholosa sechaba sa habo ho tloha timelong; ’me bakeng sa lebaka lena a keke a tlisa holim’a hae ho hloka toka, o ne a keke a oela holim’a Ba-Lamane le ho ba timetsa botaoeng ba bona.

20 Empa o ne a fumane litakatso tsa hae, hobane o ne a hlomelletse bats’oaruoa bao ba Ba-Nefi ba neng ba le kahar’e ho mabota a motse, ’me o ne a ba file matla a ho rua likarolo tseo li neng li le ka har’a mabota.

21 ’Me joale o ile a etsa hore banna ba neng ba na le eena ba ikhulele sebakana ho tloha ho bona, ’me ba potapote mabotho a Ba-Lamane.

22 Joale bonang sena se ile sa etsoa nakong ea bosiu, hoo e itseng ha Ba-Lamane ba tsoha hoseng ba ileng ba bona hore ba ne ba potapotiloe ke Ba-Nefi kantle le bats’oaruoa ba ne ba hlometse kahar’e.

23 ’Me ke joana ba ileng ba bona hore Ba-Nefi ba na le matla holim’a bona; ’me maemong a na ba ile ba fumana hore ho ne ho se molemo hore ba tle ba loane le Ba-Nefi; ka baka leo balaoli ba baholo ba bona ba ile ba batla libetsa tsa bona tsa ntoa, ’me ba ile ba li tlisa le ho li lahlela maotong a Ba-Nefi, ba kopa mohau.

24 Joale bonang, sena e ne e le takatso ea Moroni. O ile a ba nka e le bats’oaruoa ba ntoa, ’me a hapa motse oo, ’me a etsa hore bats’oaruoa bohle ba lokolloe, bao e neng e le Ba-Nefi; ’me ba ile ba kena lebothong la Moroni, ’me ea eba matlafalo e kholo lebothong la hae.

25 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a etsa hore Ba-Lamane, bao a ileng a ba nka e le bats’oaruoa, hore ba qale mosebetsi ka ho matlafatsa liqhobosheane ho potoloha le motse oa Gid.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a se a matlafalitse motse oa Gid, ho latela litakatso tsa hae, o ile a etsa hore bats’oaruoa ba hae ba nkeloe motseng oa Nala; ’me hape o ile a lebela motse oo ka lebotho le matla a fetisang.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ba ile ba etsa joalo, ho sa natsehe bolotsana bohle ba Ba-Lamane, ho boloka le ho sireletsa bats’oaruoa bohle ba ileng ba ba nka, ’me hape ho boloka sebaka le molemo oo ba neng ba o khutlisitse.

28 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Nefi ba ile ba qala hape ho ba bahloli, le ho tseka hape litokelo tsa bona le melemo ea bona.

29 Linako tse ngata Ba-Lamane ba ile ba leka ho ba potapota bosiu, empa litekong tsena ba ile ba lahleheloa ke bats’oaruoa ba bangata.

30 ’Me linako tse ngata ba ile ba leka ho fana ka veine ea bona ho Ba-Nefi, hore ba tle ba ba timetse ka chefo kapa ka botaoa.

31 Empa bonang, Ba-Nefi ba ne ba sa ee butle ho hopola Morena Molimo oa bona nakong eena ea mahlomola. Ba ne ba sitoa ho nkeloa marabeng a bona; ee, ba ne ba keke ba nka veine ea bona, ntle le hore pele ba qale ka ho fana ka karolo ea eona ho bats’oaruoa ba Ba-Lamane.

32 ’Me ke joana ba neng ba le hlokolosi hore ho se ke ha eba le chefo e tlang ho fanoa har’a bona; hobane haeba veine ea bona e ne e ka ba chefo ho Mo-Lamane e ne e tla ba chefo le ho Mo-Nefi; ’me ke joana ba ileng ba beha tekong lino tsohle tsa bona.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore ho ne ho le molemo bakeng sa Moroni ho etsa litokiso tsa ho hlasela motse oa Moriantone; hobane bonang, Ba-Lamane ba ile, ka mesebetsi ea bona, ba matlafatsa motse oa Moriantone hofihlela o fetoha qhobosheane e fetisisang.

34 ’Me ba ne ba ntse ba tsoelapele ho tlisa mabotho a macha ho kena motseng oo, hape le phepelo tse ncha tsa lijo.

35 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa mashome mabeli a metsto e robong ea puso a baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

Hatisa