Mangolo a halalelang
Alma 52


Khaolo ea 52

Ammorone o hlahlama Amalickia e le morena oa Ba-Lamane—Moroni, Teankame, le Lehi ba etella Ba-Nefi tlholong ea ntoa khahlanong le Ba-Lamane—Motse oa Muleke o oa khutlisetsoa, le Jakobo oa Mo-Zorame o oa bolaoa. Ka bo 66–64 B.C.

1 ’Me joale, ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mabeli a metso e tseletseng sa puso ea baahloli holima sechaba sa Nefi, bonang, ha ba-Lamane ba tsoha hoseng ha pele ha khoeli ea pele, bonang, ba ile ba fumana hore Amalickia o ne a shoele ka tenteng ea hae; ’me hape ba ile ba bona hore Teankame o ne a lokile ho ba fa ntoa ka letsatsi leo.

2 ’Me joale, ha Ba-Lamane ba bona sena ba ne ba ts’ohile; ’me ba ile ba lahla morero oa bona ka ho hoantela lefats’eng le ka leboea, ’me ba khutlela morao ka lebotho lohle la bona ho kena motseng oa Muleke, ’me ba batla ts’ireletso liqhobosheaneng tsa bona.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore moena oa Amalickia o ile a khethoa ho ba Morena holim’a sechaba seo; ’me lebitso la hae e ne e le Ammorone: joana morena Ammorone, moena oa morena Amalickia o ile a khethoa ho busa bakeng sa hae.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a laela hore sechaba sa hae se boloke metse eo, eo ba e hapileng ka ho ts’olla mali; hobane ho ne ho se na motse oo ba o nkileng ntle le hore e be ba lahlehetsoe ke mali a mangata.

5 ’Me joale, Teankame o ile a bona hore Ba-Lamane ba ne ba ikemiselitse ho boloka metse eo ba neng ba e hapile, le likarolo tseo tsa lefats’e leo tseo ba neng ba li hapile; ’me hape ka ho bona boholo ba palo ea bona, Teankame o ile a hopola hore ho ne ho se molemo hore a tle a leke ho ba hlasela liqhobosheaneng tsa bona.

6 Empa o ile a boloka banna ba hae ho potoloha, joaloka ha eka o etsa litokiso tsa ntoa, ee, ’me kannete o ne a lokisetsa ho its’ireletsa khahlanong le bona, ka ho nyolla mabota ho potoloha le ho lokisa libaka tsa ts’ireletso.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a boloka joana ho lokisetsa bakeng sa ntoa hofihlela Moroni a rometse palo e kholo ea banna ho matlafatsa lebotho la hae.

8 ’Me Moroni hape o ile a romela litaelo ho eena hore a tle a boloke bats’oaruoa bohle ba oelang matsohong a hae; hobane joaloka ha Ba-Lamane ba nkile bats’oaruoa ba bangata, hore a tle a boloke bats’oaruoa bohle ba Ba-Lamane e le thekollo bakeng sa bao Ba-Lamane ba ba nkileng.

9 ’Me hape o ile romela litaelo ho eena hore a matlafatse lefats’e la Nala, ’me a sireletse khoro e ts’esane e neng e etella ho kena lefats’eng le ka leboea, e se re Ba-Lamane ba tle ba hape sebaka seo ’me ba tle ba be le matla a ho ba hlekefetsa ka mahlakore oohle.

10 ’Me Moroni hape o ile a romela ho eena, a lakatsa hore a ke a ts’epahalle ho boloka karolo eo ea lefats’e, le hore a tle a batle monyetla o mong le o mong oa ho shapa Ba-Lamane karolong eo, ka moo ho leng matleng a hae kateng, hore mohlomong a ke a nke hape ka leqheka kapa tsela e ngoe metse eo e neng e nkiloe ho tsoa matsohong a bona; ’me hore hape a tle a ntlafatse le ho matlafatsa metse e potapotileng, e sa oelang matsohong a Ba-Lamane.

11 ’Me o ile a re hape ho eena, ke ne ke tla tla ho uena, empa bona, Ba-Lamane ba re hlasetse meeling ea lefats’e pela leoatle la bophirima; ’me bona, kea khahlanong le bona, ka baka leo ke sitoa ho tla ho uena.

12 Joale, morena (Ammorone) o ne a falletse ho tsoa lefats’eng la Zarahemla, ’me o ne a entse hore ho tsebahale ho mofumahali malebana le lefu la moholoane oa hae, ’me o ne a bokelletse hammoho palo e kholo ea banna, ’me o ile a hoantela pele khahlanong le Ba-Nefi meeling e pela leoatle la bophirima.

13 ’Me ke joana a neng a leka ho hlekefetsa Ba-Nefi, le ho hulela hole karolo ea mabotho a bona karolong ea lefats’e leo, ha a ne a laetse bao a neng a ba siile ho rua metse eo a neng a e hapile, hore le bona ba hlekefetse Ba-Nefi ba meeling ea leoatle la bochabela, ’me ba hape mafats’e a bona ka hohle kamoo ho neng ho le matleng a bona, ho latela matla a mabotho a bona.

14 ’Me ke joana Ba-Nefi ba neng ba le maemong ao a kotsi ka pheletso ea selemo sa mashome a mabeli a metso e ts’eletseng sa puso ea baahloli holima sechaba sa Nefi.

15 Empa bonang, ho ile ha etsahala hore ka selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa puso ea baahloli, hore Teankame, ka taelo ea Moroni—ea neng a thehile mabotho ho sireletsa meeli e ka boroa le ka bophirima ea lefats’e leo, ’me o ne a qalile mohoanto oa hae ho leba lefats’eng la Nala, hore a tle a thuse Teankame le ba nna ba hae ho khutlisetsa metse eo ba ileng ba e lahleheloa—

16 ’Me ho ile ha etsahala hore Teankame o ne a amohetse litaelo tsa ho etsa tlhaselo holim’a motse oa Muleke, le ho o khutlisetsa haeba ho ne ho khoneha.

17 ’Mo ho ile ha etsahala hore Teankame o ile a etsa litokiso tsa ho etsa tlhaselo holim’a motse oa Muleke, ’me a hoantele pele ka lebotho la hae khahlanong le Ba-Lamane; empa o ile a bona hore ha ho khonehe hore a ka ba hlola ka matla ha ba ntse ba le liqhobosheaneng tsa bona; ka baka leo o ile a lahla merero ea hae ’me a khutlela hape motseng oa Nala, ho ea emela ho tla ha Moroni, hore a tle a amohele matla lebothong la hae.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni o ile a fihla ka lebotho la hae lefats’eng la Nala, pheletsong ea ho qetela ea selemo sa mashome a mabeli a metso e supileng sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

19 ’Me qalong ea selomo sa mashome a mabeli a metso e robeli, Moroni le Teankame le ba bangata ba balaoli ba baholo ba ile ba ts’oara lekhotla la ntoa—ba etse joang ho etsa hore Ba-Lamane ba tsoele kantle khahlanong le bona ho tla loana; kapa hore ka mokhoa o mong ba ke ba ba thoholetse ho tsoa liqhobosheaneng tsa bona, hore ba tle ba fumane molemo holim’a bona ’me ba nke hape motse oa Muleke.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba romela baemeli lebothong la Ba-Lamane, le neng le sirelelitse motse oa Muleke, ho moetapele oa lona eo lebitso la hae e neng e le Jakobo, ba mo kopa hore a ke a tsoele kantle le mabotho a hae ho ea kopana le bona holim’a mabalane a lipakeng tsa metse eo e ’meli. Empa bonang, Jakobo, eo e neng e le Mo-Zorame, o ne a keke a tsoela kantle le lebotho la hae ho kopana le bona mabalaneng ao.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni, ka ho hloka ts’epo ea ho kopana le bona holim’a mabaka a hlokang leeme, ka baka leo, o ile a qeta ka morero oa hore a tle a thetse Ba-Lamane kantle ho liqhobosheane tsa bona.

22 Ka baka leo o ile a etsa hore Teankame a tle a nke palo a nyane a banna ’me ba hoantele tlase pela lebopo la leoatle; ’me Moroni le lebotho la hae, bosiu, ba hoantela lefelleng, ka bophirima ho motse oa Muleke; ’me ke joana, ka hosane, ha balebeli ba Ba-Lamane ba se ba fumane Teankame, ba ileng ba matha ’me ba e bolela ho Jakobo, moetapele oa bona.

23 ’Me ho ile ha etsahala hore mabotho a Ba-Lamane a ile a hoantela pele khahlanong le Teankame, ba nahanne hore ka lipalo tsa bona ba tla hlola Teankame ka lebaka la bonyane ba lipalo tsa hae. ’Me ha Teankame a bona mabotho a Ba-Lamane a tsoela kantle khahlanong le eena o ile a qala ho khutlela morao tlase pela lebopo la leoatle, ho ea leboea.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane ba bona hore o qala ho baleha, ba ile ba khothala ’me ba ba lelekisa ka matla. ’Me ha Teankame joana a ntse a khelosetsa hole Ba-Lamane ba neng ba ba lelekisetsa lefeela, bonang, Moroni o ile a laela hore karolo ea lebotho la hae le neng le ena le eena e hoantele pele ho kena motseng oo, ’me ba o hape.

25 ’Me ke joana ba ileng ba etsa, ’me ba bolaea bao ba neng ba siiloe ho sireletsa motse, ee, bohle bao ba neng ba keke ba nehelana ka libetsa tsa bona tsa ntoa.

26 ’Me ke joana Moroni a ileng a hapa motse oa Muleke ka karolo ea lebotho la hae, nakong eo a neng a hoantile le karolo e setseng ho kopana le Ba-Lamane ha ba tlameha ho khutla telekisong ea bona ea Teankame.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba lelekisa Teankame hofihle ba tlile pela motse oa Nala, ’me ba ile ba kopana le Lehi le lebotho le lenyane, le neng le siiloe ho sireletsa motse oa Nala.

28 ’Me joale bonang, ha balaoli ba baholo ba Ba-Lamane ba se ba bone Lehi le lebotho la hae le tla khahlanong le bona, ba ile ba baleha ka pherekano e kholo, e se re mohlomong ba tla sitoa ho fumana motse oa Muleke pele Lehi a tla ba ts’oara; hobane ba ne ba khathetse ka lebaka la mohoanto oa bona, ’me banna ba Lehi ba ne ba sa le sehlahlo.

29 Joale Ba-Lamane ba ne ba sa tsebe hore Moroni o ne a le kamorao ho bona ka lebotho la hae; ’me ba ne ba ts’ohile feela Lehi le banna ba hae.

30 Joale Lehi o ne a sa lakatse ho ba ts’oara ho fihlela ba kopana le Moroni le lebotho la hae.

31 ’Me ho ile ha etsahala hore pele Ba-Lamane ba khutlela hole ba ne ba potapotiloe ke Ba-Nefi, ke banna ba Moroni ka letsohong le leng, le banna ba Lehi ka ho le leng, bohle bao kaofela ba neng ba ntse ba le sehlahlo ba tletse matla; empa Ba-Lamane ba ne ba khathetse ka lebaka la ho hoanta ha bona ho ho lelele.

32 ’Me Moroni o ile a laela banna ba hae hore ba oele holim’a bona hofihlela ba nehelane ka libetsa tsa bona tsa ntoa.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore Jakobo, e le moetapele oa bona, hape e le Mo-Zorame, ’me a na le moea o sa hloleheng, o ile a etella Ba-Lamane ho ea pele ho loana ka khalefo e fetisisang khahlanong le Moroni.

34 Moroni a le tseleng ea bona ea mohoanto, ka baka leo Jakobo o ne a ikemiselitse ho ba bolaea le ho betla tsela ea hae ho ea motseng oa Muleke. Empa bonang, Moroni le banna ba hae ba ne ba le matla ho feta; ka baka leo ha ba ka ba fana ka tsela bakeng sa Ba-Lamane.

35 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba loana ka matsohong ka bobeli ka khalefo e fetisisang; ’me ho ile ha eba le ba bangata ba bolaoang ka mahlakore ka bobeli; ee, ’me Moroni o ne a lemetse ’me Jakobo o ile a bolaoa.

36 ’Me Lehi o ile a ba hatella ka morao ka khalefo e joang ka banna ba hae ba matla, hore Ba-Lamane ba kamorao ba ile ba nehelana ka libetsa tsa bona tsa ntoa; ’me karolo ea bona e setseng, ka ho ferekana haholo, e ne e sa tsebe hore na e tsamae kapa e loane.

37 Joale Moroni ka ho bona pherekano ea bona, o ile a re ho bona: Haeba le tla tlisa libetsa tsa lona tsa ntoa ’me le nehelane ka tsona, bonang re tla emisa ho ts’olla mali a lona.

38 ’Me ho ile ha etsahala hore ha Ba-Lamane ba se ba utloile mantsoe ana, balaoli ba bona ba baholo, bohle ba neng ba sa bolaoa, ba ile ba tla pele ’me ba lahlela libetsa tsa bona tsa ntoa fats’e maotong a Moroni, ’me hape ba laela banna ba bona hore ba etse se ts’oanang.

39 Empa bonang, ba ne ba le bangata ba sa batleng ho etsa joalo, ’me ba neng ba sa nehelane ka lisabole tsa bona ba ile ba nkuoa ’me ba tlangoa, ’me ba tsekisoa libetsa tsa bona tsa ntoa, ’me ba ile ba qobelloa ho hoanta le bahabo bona ho ea pele ho kena lefats’eng la Nala.

40 ’Me joale palo ea bats’oaruoa ba ileng ba nkuoa e ile ea feta palo ea ba bolailoeng, ee, ho feta ba bolailoeng ka mahlakoreng ka bobeli.

Hatisa