Mangolo a halalelang
Alma 35


Khaolo ea 35

Ho ruta ka lentsoe ho timetsa mesebetsi ea Ba-Zorame—Ba tebela ba sokolohileng, bao joale ba kopanang le batho ba Ammone Jershone—Alma o ba masoabi ka lebaka la bokhopo ba sechaba. Ka bo 74 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore kamor’a hore Amuleke a etse pheletso ea mantsoe a na, ba ile ba ikhula ho tsoa bongateng ’me ba tla ka holimo ho kena lefats’eng la Jershone.

2 Ee, ’me bohle kaofela ba habo bona, kamor’a hore ba rute lentsoe ho Ba-Zorame, le bona ba ile ba tla ka holimo ho kena lefats’eng la Jershone.

3 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore karolo ea ba tummeng ho feta ea Ba-Zorame e buisane hammoho malebana le mantsoe ao a rutiloeng ho bona, ba ne ba halefile ka lebaka la lentsoe, hobane le ile la timetsa mesebetsi ea bona; ka baka leo ba ne ba sa mamele mantsoe ao.

4 ’Me ba ile ba romela le ho bokella hammoho lefats’eng leo lohle batho bohle, ’me ba buisana le bona malebana le mantsoe a boletsoeng.

5 Joale babusi ba bona le baprista ba bona le baruti ba bona ha ba ka ba lumella sechaba ho tseba malebana le litakatso tsa bona; ka baka leo ba ile ba fumana ka lekunutu likelello tsa batho bohle.

6 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore ba fumane likelello tsa batho bohle, bao ba neng ba ts’ehetsa mantsoe a boletsoeng ke Alma le ba habo ba ile ba lahleloa kantle ho lefats’e leo; ’me ba ne ba le bangata; ’me ba ile ba tla ka holimo le bona ho kena lefats’eng la Jershone.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore Alma le ba habo ba ile ba ba ruta.

8 Joale sechaba sa Ba-Zorame se ne se halefetse sechaba sa Ammone se neng se le Jershone, ’Me ’musi e moholo oa Ba-Zorame, e le monna ea khopo, a romela ho sechaba sa Ammone a lakatsa hore ba lahlele kantle ho lefats’e la bona bohle ba ileng ba ea ka holimo ho kena lefats’eng la bona.

9 ’Me o ile a befola lits’okelo tse ngata khahlanong le bona. ’Me joale sechaba sa Ammone ba ne ba sa ts’abe mantsoe a bona; ka baka leo ha ba ka ba ba lahlela kantle, empa ba ile ba amohela bohle ba futsanehileng ba Ba-Zorame ba ileng ba tla ho bona; ’me ba ile ba ba fepa, ’me ba ba apesa, ’me ba ba fa mafats’e bakeng sa bojalefa ba bona; ’me ba ile ba ba fa holatela litlhoko tsa bona.

10 Joale sena se ile sa hlohleletsa Ba-Zorame ho halefa khahlanong le sechaba sa Ammone, ’me ba ile ba qala ho kopana le Ba-Lamane le ho ba hlohleletsa le bona ho halefa khahlanong le bona.

11 ’Me ke joana Ba-Zorame le Ba-Lamane ba ileng ba qala ho etsa litokiso tsa ntoa khahlanong le sechaba sa Ammone, le hape khahlanong le Ba-Nefi.

12 ’Me ke joana ho felileng selemo sa bo leshome sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi.

13 ’Me sechaba sa Ammone se ile sa falla ho tsoa lefats’eng la Jershone, ’me ba ile ba ea ka holimo ho kena lefats’eng la Meleke, ’me ba fana ka sebaka lefats’eng la Jershone bakeng sa mabotho a Ba-Nefi, hore ba tle ba loane le mabotho a BA-Lamane le mabotho a Ba-Zorame; ’me ke joana ho ileng ha qala ntoa pakeng tsa Ba-Lamane le Ba-Nefi, ka selemo sa bo-mashome a robeli a puso ea baahloli; ’me pale e tla fanoa ea lintoa tsa bona kamorao ho mona.

14 ’Me Alma, le Ammone, le ba habo bona, ’me le bara ba babeli ba Alma ba ile ba khutlela Zarahemla, kamor’a ho ba lisebelisoa ka matsohong a Molimo tsa ho tlisetsa ba bangata ba Ba-Zorame ho baka; ’me ba bangata kamoo ba neng ba tliselitsoe ho baka kateng ba ile ba khanneloa kantle ho lefats’e la bona; empa ba na le mafats’e bakeng sa bojalefa ba bona lefats’eng la Jershone, ’me ba nkile lihlomo ho its’ireletsa, le basali ba bona, le bana, le mafats’e a bona.

15 Joale Alma, ka ho hlomoha ka lebaka la bokhopo ba sechaba sa habo, ee, ka lebaka la lintoa, le lits’ollo tsa mali, le liqabang tseo li neng li le har’a bona; ’me a ne a tsoa phatlalatsa lentsoe, kapa a rometse ho phatlalatsa lentsoe, har’a batho bohle motseng o mong le o mong; ’me a bona hore lipelo tsa batho li qalile ho thatafala, ’me ba qalile ho khopiseha ka lebaka la ho tiea ha lentsoe, pelo ea hae e ne e tletse masoabi ka ho fetisisa.

16 Ka baka leo, o ile a etsa hore bara ba hae ba bokelloe hammoho, hore a ke a ba fe emong le emong oa bona thomo ea hae, ka ho arohana, malebana le lintho tse amanang le ho loka. ’Me re na le pale ea litaelo tsa hae, tseo a ba fileng ho latela lingoliloeng tsa hae.

Hatisa