Mangolo a halalelang
Alma 1


Buka ea Alma
Mora oa Alma

Pale ea Alma, eo e neng mora oa Alma, moahloli e moholo oa pele holima batho ba Nefi, le hape e le moprista e moholo Kerekeng. Pale ea puso ea baahloli, le lintoa le likhang har’a batho. ’Me hape le pale ea ntoa lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane, ho latela lingoliloeng tsa Alma, Moahloli e moholo oa pele.

Khaolo ea 1

Nehore o ruta lithuto tsa bohata, o theha kereke, o hlahisa boprista ba bohata, ’me o bolaea Gideone—Nehore o oa ahloloa ka polao bakeng sa botlokotsebe ba hae—Boprista ba bohata le lihloriso li jaleha har’a batho—Baprista ba ea itjara, batho ba hlokomela mafutsana, le Kereke e ea atleha. Ka bo 91–88 B.C.

1 Joale ho ile ha etsahala hore ka selemo sa pele sa puso ea baahloli holim’a batho ba Nefi, ho tloha ka nako ena ho ea pele, Morena Mosaia ka ha a ne a se a ile ka tsela ea lefats’e lohle, a ne a loanne ntoa e molemo, a tsamaile ka ho loka ka pela Molimo, ho se na ea mo siang ho busa bakeng sa hae; le ha ho le joalo o ne a ile a etsa melao, ’me e ne e ananetsoe ke batho; ka baka leo ba ne ba tlameha ho tsamaea ka melao eo a e entseng.

2 ’Me ho ile ha etsahala hore ka selemo sa pele sa puso ea Alma setulong sa kahlolo, ho bile le monna ea tlisoang ka pele ho eena ho tla ahloloa, monna eo e neng e le senatla, ’me a tsejoa ka matla a hae a maholo.

3 ’Me o ne a tsamaile har’a batho, a ntse a ba ruta seo a neng a se bitsa hore ke lentsoe la Molimo, a nyenyefatsa kereke; a phatlalatsa ho batho hore moprista le moruti e mong le e mong o lokela ho tsebahala; ’me ha ba lokela ho sebetsa ka matsoho a bona, empa ba lokela ho phelisoa ke batho.

4 ’Me hape o ile a pakahatsa ho batho bao hore batho bohle ba tla pholosoa ka letsatsi la ho qetela, ’me ha ba hloke ho ts’oha kapa ho thothomela, empa ba ke ba phahamise lihlooho tsa bona ’me ba nyakalle; hobane Morena o bopile batho bohle, ’me hape o lopollotse batho bohle; ’me, qetellong, batho bohle ba tla ba le bophelo ba bosafeleng.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a ruta lintho tsena haholo hoo ba bangata ba ileng ba lumela mantsoeng a hae, esita le ba bangata hoo ba ileng ba qala ho mo ts’ehetsa le ho mo fa chelete.

6 ’Me o ile a qala ho phahamisetsoa holimo boikhohomosong ba pelo ea hae, le ho apara liaparo tsa theko e holimo haholo, ee, ’me esitsa le ho qala ho theha kereke kamor’a mokhoa oa hae oa ho ruta.

7 ’Me ho ile ha etsahala hore a ntse a tsamaea, ho ruta bao ba lumelang lentsoeng la hae, o ile a kopana le monna ea kenang kereke ea Molimo, ee, esita le e mong oa baruti ba bona; ’me a qala ho loants’ana le eena ka bohale, hore a tle a khelose batho ba kereke; empa monna eo a mo hanyetsa, a mo eletsa ka mantsoe a Molimo.

8 Joale lebitso la monna eo e ne e le Gideone; ’me e ne e le eena sesebelisoa ka liatleng tsa Molimo ho lopolla batho ba Limhi ho tsoa litlamong.

9 Joale, hobane Gideone o ile a mo hanyetsa ka mantsoe a Molimo o ne a halefetse Gideone, ’me a hula sabole ea hae ’me a qala ho mo otla. Joale Gideone a ne a hlasetsoe ka lilemo tse ngata, ka baka leo o sitiloe ho mamella likotlo tsa hae, ka baka leo o ile a bolaoa ka sabole.

10 ’Me monna ea ’molaileng o ile a nkoa ke batho ba kereke, ’me a isoa ka pele ho Alma, ho ahloloa ho latela lits’ito tseo a li entseng.

11 ’Me ho ile ha etsahala hore a eme ka pele ho Alma ’me a ipuelella ka sebete se seholo.

12 Empa Alma a re ho eena: Bona, lena ke lekhetlo la pele leo boprista ba bohata bo hlahisoang har’a batho bana. ’Me bona, ha o molato feela oa boprista ba bohata, empa o lekile ho bo qobella ka sabole; ’me haeba boprista ba bohata bo ne bo ka qobelloa har’a batho bana bo ne bo tla netefatsa ts’enyeho eohle ea bona.

13 ’Me o ts’ollotse mali a monna ea lokileng, ee, monna ea entseng tse ngata tse molemo har’a batho bana; ’me haeba re ne re ka o qenehela mali a hae a ne a tla ba holim’a rona bakeng sa boiphetetso.

14 Ka baka leo u ahloleloa ho shoa, ho latela molao oo re o filoeng ke Mosaia, morena oa rona oa hoqetela; ’me o amohetsoe ke batho bana; ka baka leo batho bana ba tlameha ho tsamaea ka molao.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ba mo nke; ’me lebitso la hae e ne e le Nehore; ’me ba ile ba mo jarela holim’a leralla la Manti, ’me moo a etsoa hore, kapa ka ho nepahala o ile a amohela lipakeng tsa maholimo le lefats’e, hore seo a se rutileng batho bao se ne se le khahlanong le lentsoe la Molimo; ’me o ile a mamella lefu le nyatsehang.

16 Le ha ho le joalo, sena ha sea ka sa beha pheletsong ho jaleha ha boprista ba bohata hohle lefats’eng leo; hobane ba ne ba le bangata ba ratang lintho tsa lefeela tsa lefats’e, ’me ba ile ba tsoelapele ho ruta lithuto tsa bohata; ’me sena ba se entse molemong oa maruo le hlonepho.

17 Le ha ho le joalo, ba ne ba se na sebete sa ho bua leshano, haeba ho ne ho tsejoa, ka lebaka la ts’abo ea molao, hobane ba buang leshano ba ne ba otloa; ka baka leo ba ne ba ikhakanya joaloka ha e ka ba ruta ho latela tumelo ea bona; ’me joale molao o ne o se na matla holim’a motho o fe kapa o fe bakeng sa tumelo ea hae.

18 ’Me ba ne ba se na sebete sa ho utsoa, ka lebaka la ts’abo ea molao, hobane ba joalo ba ne ba otloa; le haele sebete sa ho tlatlapa, kapa ho bolaea, hobane ea bolaeang o ne a otloa ka lefu.

19 Empa ho ile ha etsahala hore mang kapa mang ea neng a sa kene kereke ea Molimo a qala ho hlorisa bao ba neng ba kena kereke ea Molimo, ’me ba inketse ho bona lebitso la Kreste.

20 Ee, ba ile ba ba hlorisa, ’me ba ba hlasela ka mekhoa eohle ea mantsoe, ’me sena ka lebaka la boikokobetso ba bona; hobane ba ne ba se na boikhohomoso mahlong a bona, le hobane ba ne ba arolelana lentsoe la Molimo, e mong ho e mong, ntle le chelete le ntle le theko.

21 Joale ho ne ho ena le molao o thata har’a batho ba kereke, hore ho se be le motho o fe kapa o fe, ea kenang kereke, a tsohele ho hlorisa bao ba neng ba sa kene kereke, le hore ho se be le hloriso har’a bona.

22 Le ha ho le joalo, ho ne ho ena le ba bangata har’a bona ba ileng ba qala ho ikhohomosa, ’me ba qala ho loants’ana ka khalefo le lira tsa bona, esita le ka ho otla; ee, ba ne ba otlana ka lifeisi tsa bona.

23 Joale sena e ne e le ka selemo sa bobeli sa puso ea Alma, ’me e ne e le sesosa sa mahlomola a mangata ho kereke; ee, e ne e le sesosa sa teko tse ngata le kereke.

24 Hobane lipelo tsa ba bangata li ne li thatafetse, ’me mabitso a bona a ile a hlakoloa, hore ba se hlole ba hopoloa har’a batho ba Molimo. ’Me hape ba bangata ba ikhula ho tsoa ho bona.

25 Joale sena e ne e le teko e kholo ho bao ba ileng ba ema ka tieo tumelong; le ha hole joalo, ba ne ba tsitsitse le ho se sisinyehe ho boloka litaelo tsa Molimo, ’me ba jara ka mamello lihloriso tse neng li tlisoa ho bona.

26 ’Me ha moprista a ne a tlohela mosebetsi oa hae ho ea arolela lentsoe la Molimo ho batho, batho bao le bona ba ne ba tlohela mesebetsi ea bona ho ea utloa lentsoe la Molimo. ’Me ha moprista a aroletse lentsoe la Molimo ho bona bohle ba ne ba khutlela ka mafolofolo mesebetsing ea bona; ’me moprista, a sa inke a le kaholimo ho ba mo utloang, hobane moruti o ne a se betere ho ea utloang, le haele tichere ho ba betere ho feta moithuti; ’me ke joana ba neng ba lekana kaofela, ’me ba ile ba sebetsa, motho e mong le e mong ho latela matla a hae.

27 ’Me ba ile ba fana ka maruo a bona, motho e mong le e mong ho latela seo a nang le sona, ho mafutsana, le ba hlokang, le ba kulang, le ba mahlomoleng; ’me ba ne ba sa apare liaparo tse theko e holimo, le ha feela ba ne ba le makhethe ba shebahala hantle.

28 ’Me ke joana ba ileng ba theha likamano tsa kereke; ’me ba ile ba qala ho ba le khotso e tsoelang pele hape, ho sa natsehe mahlomola a bona oohle.

29 ’Me joale, ka lebaka la ho tsitsa ha kereke ba ile ba qala ho rua ka ho fetisisa, ba na le bongata ba lintho tsohle tseo ba neng ba li hloka—bongata ba likhuts’oane le mehlape, le tse nonts’itsoeng tsa mefuta eohle, ’me hape bongata ba lijo thollo, le khauta, le silevera, le lintho tsa bohlokoa, le bongata ba sei le lesela le lohiloeng hantle, le mefuta eohle ea lesela le molemo le shebahalang hantle.

30 ’Me ke joana, maemong a bona a ho atleha, ha ba ka ba khutlisa mang kapa mang ea hlobotseng, kapa ea neng a lapile, kapa ea nyoriloeng, kapa ea kulang, kapa ea so kang a matlafatsoa; ’me ha ba ka ba beha lipelo tsa bona holim’a maruo; ka baka leo ba ne ba lokolohile ho bohle, ka bobeli ba baholo le ba banyenyane, ka bobeli ba batona le ba bats’ehali, hore na ke kantle ho kereke kapa ka kerekeng, ba se na khethollo ho batho joaloka bao ba nang le litlhoko.

31 ’Me ke joana ba ileng ba atleha le ho fetoha barui ba fetang hole bao ba neng ba sa kene kereke.

32 Hobane ba neng ba sa kene kereke ba ne ba ithabisa ka boloi, le ts’ebeletso ea melimo ea lits’oants’o kapa botsoa, le ka mesoaso ea lipolelo tsa lefeela, le ka mōna le khang; ba apara liaparo tsa theko e holimo, ba phahamiselitsoe holimo boikhohomosong ba mahlo a bona, ba hlorisa, ba bua leshano, ba utsoa, ho tlatlapa, ho etsa bofebe, le ho bolaea, le mekhoa eohle ea bokhopo; le ha ho le joalo, molao o ile oa kenngoa ts’ebetsong holim’a bohle ba o tlolang, kahohle ka moo ho neng ho khoneha.

33 ’Me ho ile ha etsahala hore ka joana ho sebelisa molao holim’a bona, emong le e mong a sotleha ho latela seo a se entseng, ba ile ba fetoha ba sa etseng letho, ’me ba se na sebete sa ho etsa bokhopo haeba ho ne ho tsejoa; ka baka leo, ho ne ho ena le khotso e ngata har’a batho ba Nefi ho fihlela selemo sa bohlano sa puso ea baahloli.

Hatisa