Mangolo a halalelang
Alma 44


Khaolo ea 44

Moroni o laela Ba-Lamane ho etsa selekane sa khotso kapa ba timetsoe—Zerahemna o hana monyetla, ’me ntoa e qala hape—Mabotho a Moroni a hlola Ba-Lamane. Ka bo 74–73 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba emisa ’me ba khutlela morao oa khato e le ngoe ho tloha ho bona. ’Me Moroni o ile a re ho Zerahemna: Bona, Zerahemna, hore ha re lakatse ho ba banna ba mali. Ua tseba hore le ka matsohong a rona, le ha ho le joalo ha re lakatse ho le bolaea.

2 Bona, ha rea tsoela kantle ho tla loana khahlanong le lona hore re tle re ts’olle mali a lona bakeng sa matla; le haele hona ho tlisa mang kapa mang jokong ea litlamo. Empa lena ke lona lebaka leo lona le tlileng khahlanong le rona; ee, ’me le re halefetse ka lebaka la bolumeli ba rona.

3 Empa joale, lea bona hore Morena o na le rona; ’me lea bona hore o nehelane ka lona matsohong a rona. ’Me joale ke lakatsa hore u tle u utloisise hore sena se entsoe ho rona ka lebaka la bolumeli ba rona le tumelo ea rona ho Kreste. ’Me joale lea bona hore le sitoa ho timetsa ena tumelo ea rona.

4 Joale lea bona hore ena ke tumelo ea ’nete ea Molimo; ee, lea bona hore Molimo o tla ts’ehetsa, le ho boloka, le ho re baballa, ha feela re mo ts’epahalla, le tumelo ea rona, le bolumeli ba rona; ’me ha hona ka mohla Morena a tlang ho lumella hore re ka timetsoa ntle le hore re oele tlolong ’me re latole tumelo ea rona.

5 ’Me joale, Zerahemna, kea u laela, ka lebitso la Molimo eo a matla oohle, ea matlafalitseng liphaka tsa rona hore re fumane matla holim’a lona, ka tumelo ea rona, ka bolumeli ba rona, le ka lits’ebeletso tsa rona tsa ho khumamela, le ka kereke ea rona, le ka ts’ehetso e halalelang eo re e kolotang basali ba rona le bana ba rona, ka tokoloho eo e re tlamellang mafats’eng a rona le naha ea rona; ee, ’me hape le ka tlhokomelo ea lentsoe le halalelang la Molimo, moo teng re kolotang thabo eohle ea rona; le ka sohle se leng bohlokoa haholo ho rona—

6 Ee, ’me sena ha se tsohle; ke u laela ka litakatso tsohle tseo u nang le tsona bakeng sa bophelo, hore le nehelane ka libetsa tsa lona tsa ntoa ho rona, ’me ha re na ho batla mali a lona, empa re tla baballa maphelo a lona, haeba le tla itsamaela ’me le se hlole le tla hape ho tla loana khahlanong le rona.

7 ’Me joale, haeba le sa etse sena, bona, le ka matsohong a rona, ’me ke tla laela banna ba ka hore ba oele holim’a lona, ’me ba otle ’mele ea lona ka maqeba a lefu, hore le tle le fetohe fela; ’me joale re tla bona hore na ke mang ea tla ba le matla holim’a sechaba sena; ee, re tla bona hore na ke mang ea tla tlisoa litlamong.

8 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ha Zerahemna a se a utloile lipolelo tsena o ile a atamela ’me a nehelana ka sabole ea hae le sekereta, le seqha sa hae matsohong a Moroni, ’me a re ho eena: Bona, ke tsena libetsa tsa rona tsa ntoa; re tla nehelana ka tsona ho uena, empa re ke ke ra itumella ho nka kano ho uena, eo re tsebang hore re tla e roba, hape le bana ba rona; empa nka libetsa tsa rona tsa ntoa, ’me re lumelle hore re ke re fallele lefelleng; ntle le moo re tla boloka lisabole tsa rona, ’me re tla shoa kapa re hlole.

9 Bona, ha re ba tumelo ea lona; ha re lumele hore ke Molimo ea nehelaneng ka rona motsohong a lona; empa re lumela hore ke masene a lona a le bolokileng ho tsoa lisaboleng tsa rona. Bona, ke lits’ireletso tsa sefuba tsa lona le lithebe tsa lona tse le bolokileng.

10 Me joale ha Zerahemna a se a entse pheletso ea ho bua mantsoe a na, Moroni o ile a khutlisa sabole le libetsa tsa ntoa tseo a neng a li amohetse, ho Zerahemna, a ntse a re: Bona, re tla felisa khohlano.

11 Joale ke sitoa ho hula mantsoe ao ke a boletseng, ka baka leo joaloka Morena ea phelang, ha le na ho tsamaea ntle le hore le tsamaee ka kano ea hore ha le na ho khutla hape khahlanong le rona ho tla loana. Joale joaloka ha le le ka matsohong a rona re tla ts’ollela mali a lona fats’e, kapa le tla ikobela maemo ao kea sisintseng.

12 ’Me joale ha Moroni a se a buile mantsoe a na, Zerahemna o ile a boloka sabole ea hae, ’me o ne a halefetse Moroni, ’me a phakisetsa pele hore a tle a bolaee Moroni; empa itse ha a phahamisa sabole ea hae, bonang, e mong oa masole a Moroni o ile a e otlela fats’e, ’me ea robeha mofeng; ’me hape o ile a otla Zerahemna hore a mo tlose letlalo la hlooho ’me la oela fats’e. ’Me Zerahemna o ile a khutlela morao ho tloha ka pele ho masole a hae.

13 ’Me ho ile ha etsahala hore lesole leo le neng le eme haufi, le ileng la tlosa letlalo la hlooho ea Zerahemna, le ile la nka letlalo leo la hlooho fats’e ka moriri, ’me la le beha saboleng ea lona, ’me a otlollela letsoho la hae ho bona, a re ka lentsoe le hoelehelitseng:

14 Esita le joaloka ka ha letlalo le la hlooho le oetse fats’e, e leng letlalo la hlooho ea morena oa lona, le joale le lona le tla oela fats’e ntle le hore le nehelane ka libetsa tsa lona tsa ntoa ’me le tsamaee ka selekane sa khotso.

15 Joale ba ne ba le bangata, ha ba utloa mantsoe ana ’me ba bona letlalo la hlooho le saboleng, hore ba ile ba otloa ke letsoalo; ’me ba bangata ba ile ba tla ’me ba lahlela libetsa tsa bona tsa ntoa maotong a Moroni, ’me ba kena selekaneng sa khotso. ’Me ba bangata joaloka ba ileng ba kena selekaneng ba ile ba ba lumella ho fallela lefelleng.

16 Joale ho ile ha etsahala hore Zerahemna o ne a halefile ka ho fetisisa, ’me o ile a hlohleletsa karolo e setseng ea masole a hae khalefong, ho loana ka matla a setseng ho feta khahlanong le Ba-Nefi.

17 ’Me joale Moroni o ne a halefile, ka lebaka la manganga a Ba-Lamane; ka baka leo o ile a laela sechaba sa habo hore ba tle ba oele holim’a bona ’me ba ba bolaee. ’ Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba qala ho ba bolaea; ee, le Ba-Lamane ba ile ba loana ka lisabole tsa bona le ka matla a bona.

18 Empa bonang, matlalo a bona a hlobotseng le lihlooho tsa bona tse feela li ne li pepeselitsoe lisabole tse bohale tsa Ba-Nefi; ee, bonang ba ile ba hlabuoa le ho otloa, ee, ’me ba ile ba oela kapele ka ho fetisisa ka pela lisabole tsa Ba-Nefi; ’me ba ile ba qala ho fielloa fats’e, esita le joaloka ha lesole la Moroni le ile la porofeta.

19 Joale Zerahemna, ha a bona hore kaofela ha bona ba haufi le ho timetsoa, a llela ho Moroni ka matla a maholo, a ts’episa hore o tla etsa selekane le batho ba hae le bona, haeba a ka baballa maphelo a karolo e setseng ea bona, hore ha ba sa hlola ba tla ntoeng khahlanong le bona.

20 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni o ile a etsa hore mosebetsi oa lefu o emise hape har’a sechaba seo. ’Me o ile a nka libetsa tsa ntoa ho tsoa ho Ba-Lamane; ’me kamor’a hore ba kene selekaneng le eena sa khotso ba ile ba lumelloa ho fallela lefelleng.

21 Joale palo ea ba bona ba shoeleng e ne e sa balehe ka lebaka la boholo ba palo eo; ee, palo ea bona ea ba shoeleng e ne e le kholo ka ho fetisisa, ka bobeli ka ho Ba-Nefi le ka ho Ba-Lamane.

22 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba lahlela bafu ba bona ka metsing a Sidone, ’me ba tsamaile ’me ba patiloe botebong ba leoatle.

23 ’Me mabotho a Ba-Nefi, kapa a Moroni, a khutla ’me ba tla matlong a bona le mafats’eng a bona.

24 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa bo-mashome a robeli a puso a baahloli holim’a sechaba sa Ba-Nefi. ’Me e joana pheletso ea lingoliloeng tsa Alma, tse neng li ngotsoe matlapeng a Nefi.

Hatisa