Mangolo a halalelang
Alma 43


Khaolo ea 43

Alma le bara ba hae ba ruta lentsoe—Ba-Zorame le baikhaohanyi ba bang ba Ba-Nefi ba fetoha Ba-Lamane—Ba-Lamane ba tla khahlanong le Ba-Nefi ka ntoa—Moroni o hlomella Ba-Nefi ka lihlomo tsa ts’ireletso—Morena o senolela Alma leano la Ba-Lamane—Ba-Nefi ba sireletsa mahae a bona, bolokolohi, malapa le bolumeli—Mabotho a Moroni le Lehi a pota-pota Ba-Lamane. Ka bo 74 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore bara ba Alma ba ile ba tsamaela ho ea har’a sechaba, ho ea phatlalatsa lentsoe ho bona. Le Alma, hape, ka bo eena, o ne a sitoa ho phomola, ’me le eena a tsamaea.

2 Joale ha re sa tla bua ho feta malebana le ho ruta ha bona, ntle le hore ba ile ba ruta lentsoe, le ’nete, ho latela moea oa boporofeta le ts’enolo; ’me ba ile ba ruta ka mokhoa o halalelang oa Molimo e leng ka moo ba neng ba bitsitsoe.

3 ’Me joale ke khutlela paleng ea lintoa lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane, ka selemo sa mashome a robeli sa puso ea baahloli.

4 Hobane bonang, ho ile ha etsahala hore Ba-Zorame ba ile ba fetoha Ba-Lamane; ka baka leo, qalong ea selemo sa mashome a robeli sechaba sa Ba-Nefi se ile sa bona hore Ba-Lamane ba ne ba tla ho bona; ka baka leo ba ile ba etsa litokiso bakeng sa ntoa; ee, ba ile ba bokella hammoho mabotho a bona lefats’eng la Jershone.

5 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba tla ka liketekete tsa bona; ’me ba ile ba tla lefats’eng la Antionume, leo e leng lefats’e la Ba-Zorame; ’me monna eo ka lebitso e leng Zerahemna e ne e le moetapele oa bona.

6 ’Me joale, joaloka ha Ba-Amaleki e ne e le ba ts’ekamelo ea bokhopo bo fetang le ho bolaea ho feta kamoo Ba-Lamane ba neng ba le ka teng, ka ho bona le ka bo bona, ka baka leo, Zerahemna o ile a khetha balaoli ba baholo holima Ba-Lamane, ’me kaofela ha bona e ne e le Ba-Amaleki le Ba-Zorame.

7 Joale sena o se entse e le hore a tle a boloke lehloeo la bona ho lebana le Ba-Nefi, hore a ke a ba tlise taolong ea hae ho fihlella merero ea hae.

8 Hobane bonang, merero ea hae e ne e le ho hlohleletsa Ba-Lamane ho halefa khahlanong le Ba-Nefi; sena o se entse hore a tle a ikhapele matla a maholo holim’a bona, ’me le hore a tle a fumane matla holima Ba-Nefi ka ho ba tlisa litlamong.

9 ’Me joale merero ea Ba-Nefi e ne e le ho matlafatsa mafats’e a bona, le matlo a bona, le basali ba bona, le bana ba bona, hore ba tle ba ba boloke ho tsoa matsohong a lira tsa bona; hape le hore ba ke ba boloke litokelo tsa bona le melemo ea bona, ee, hape le bolokolohi ba bona, hore ba ke ba khumamele Molimo ho latela litakatso tsa bona.

10 Hobane ba ne ba tseba hore haeba ba ka oela matsohong a Ba-Lamane, hore, mang le mang ea tla khumamela Molimo ka moea le ka ’nete, Molimo oa ‘nete a phelang, Ba-Lamane ba tla mo timetsa.

11 Ee, ’me hape ba ne ba tseba lehloeo le feteletseng la Ba-Lamane ho lebana le ba habo bona, bao e neng e le sechaba sa Anti-Nefi-Lehi, ba neng ba bitsoa batho ba Ammone—’me ba ne ba keke ba nka lihlomo, ee, ba ne ba kene selekaneng ’me ba ne ba keke ba se roba—ka baka leo, haeba ba ka oela matsohong a Ba-Lamane ba tla timetsoa.

12 ’Me Ba-Nefi ba ne ba ke ke ba lumella hore ba timetsoe; ka baka leo ba ile ba ba fa mafats’e bakeng sa bojalefa ba bona.

13 ’Me sechaba sa Ammone se ile sa fa Ba-Nefi karolo e kholo ea maruo a bona ho ts’ehetsa mabotho a bona; ’me ke joana Ba-Nefi ba neng ba qobellehile, bona feela, ho mamella khahlanong le Ba-Lamane, bao e neng e le pokello ea Lamane le Lemuele, le bara ba Ishmaele, le bohle bao ba ikhaohantseng ho Ba-Nefi, bao e neng e le Ba-Amaleki le Ba-Zorame, le litloholo tsa baprista ba Noe.

14 Joale litloholo tseo li ne li le bongata joaloka, bo atametseng, joaloka ba Ba-Nefi; ’me ke joana Ba-Nefi ba neng ba tlamehile ho loana le ba habo bona, esita le ho isa ts’ollong ea mali.

15 ’Me ho ile ha etsahala hore ha mabotho a Ba-Lamane a se a bokane hammoho lefats’eng la Antionume, bonang, mabotho a Ba-Nefi a ne a itokiselitse ho kopana le bona lefats’eng la Jershone.

16 Joale, moetapele oa Ba-Nefi, kapa monna ea neng a khethiloe ho ba molaoli e moholo holim’a Ba-Nefi—joale molaoli e moholo o ne a nkile taolo ea mabotho oohle a Ba-Nefi—’me lebitso la hae e ne e le Moroni.

17 ’Me Moroni o ne a nkile taolo eohle, le tsamaiso ea lintoa tsa bona. ’Me o ne a le lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano ha a ne a khethoa e le molaoli e moholo holima mabotho a Ba-Nefi.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore o ile a kopana le Ba-Lamane meeling ea lefats’e la Jershone, ’me sechaba sa habo se ne se hlometse ka lisabole, le ka likereta, le mekhoa eohle ea libetsa tsa ntoa.

19 ’Me ha mabotho a Ba-Lamane a bona sechaba sa Nefi, kapa hore Moroni, o ne a lokisitse batho ba habo ka lits’ireletso tsa sefuba le lithebe, ee, ’me hape le lithebe tsa ho sireletsa lihloho tsa bona, ’me hape ba ne ba apesitsoe liaparo tse morumo—

20 Joale lebotho la Zerahemna le ne le sa itokisa ka letho le joalo; ba ne ba na le feela lisabole tsa bona le likerete tsa bona, liqha tsa bona le metsu ea tsona, majoe a bona le matjeketjane a bona; ’me ba ne ba hlobotse, ntle le letlalo le neng le tlanngoe mathekeng a bona; ee, bohle ba ne ba hlobotse, ntle le Ba-Zorame le Ba-Amaleki.

21 Empa ba ne ba sa hlomela ka lits’ireletso tsa sefuba, kapa lithebe—ka baka leo, ba ne ba ts’ohile ka ho fetisisa mabotho a Ba-Nefi ka lebaka la lihlomo tsa bona, ho sa natsehe palo ea bona eo e neng e le ngata haholo ho feta ea Ba-Nefi.

22 Bonang, joale ho ile ha etsahala hore ba ne ba sa qeke ho tla khahlanong le Ba-Nefi meeling ea Jershone; ka baka leo ba ile ba tsoela kantle ho lefats’e la Antionume ho ea lefelleng, ’me ba nka leeto la bona ho potoloha lefelleng, hole pela hloho ea noka ea Sidone, hore ba ke ba tle ho kena lefats’ eng la Manti le ho rua lefats’e leo; hobane ba ne ba sa nahane hore mabotho a Moroni a tla tseba hore na ba ile hokae.

23 Empa ho ile ha etsahala hore, hang hore ba tsamaele ho ea lefelleng Moroni o ile a romela lihloela ho ea lefelleng ho lebela kampo ea bona; ’me Moroni hape, a ne a tseba boporofeta ba Alma, o ile a romela banna ba itseng ho eena, a mo kopa hore a tle a botse Morena moo mabotho a Ba-Nefi a tlamehang ho ea ho its’ireletsa khahlanong le Ba-Lamane.

24 ’Me ho ile ha etsahala hore lentsoe la Morena le ile la tla ho Alma, ’me Alma a tsebisa barumuoa ba Moroni, hore mabotho a Ba-Lamane a ne a tsamaea ho potoloha lefelleng, hore ba ke ba tle ho kena lefats’eng la Manti, hore ba tle ba qale tlhaselo holim’a karolo e nang le bofokoli ea sechaba. ’Me barumuoa bao ba ile ba tsamaea ’me ba fana ka molaetsa ho Moroni.

25 Joale Moroni, a sia karolo ea lebotho la hae lefats’eng la Jershone, e se re ka mokhoa ofe kapa ofe karolo ea Ba-Lamane e tle kene lefats’eng leo le ho rua motse oo, a nka karolo e setseng ea lebotho la hae ’me a tsamaela ho kena lefats’eng la Manti.

26 ’Me o ile a etsa hore sechaba sohle karolong eo ea lefats’e ba tle ba ipokelle hammoho ho loana khahlanong le Ba-Lamane, ho sireletsa mafats’e a bona le naha ea bona, litokelo tsa bona le tokoloho ea bona; ka baka leo ba ne ba itokiselitse khahlanong le nako ea ho tla ha Ba-Lamane.

27 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni o ile a etsa hore lebotho la hae le ipate phuleng eo e neng e le haufi le lebopo la noka ea Sidone, eo e neng e le ka bophirima ho noka ea Sidone lefelleng.

28 ’Me Moroni o ile a beha lihloela ho potoloha, hore a tle a tsebe ha kampo ea Ba-Lamane e tla.

29 ’Me joale, joaloka ha Moroni a ne a tseba maikemisetso a Ba-Lamane, hore e ne e le maikemisetso a bona ho timetsa ba habo bona, kapa ho ba beha tlasa taolo ea bona le ho ba tlisa litlamong hore ba tle ba ithehele ’muso oa bona holim’a lefats’e leo lohle;

30 ’Me eena hape a ne a tseba hore e ne e le feela takatso ea Ba-Nefi ho boloka mafats’e a bona, le tokoloho ea bona, le kereke ea bona, ka baka leo o ne a sa hopole hore ke sebe hore a tle a ba sireletse ka leqheka; ka baka leo, o ile a fumana ka lihloela tsa hae tsela eo Ba-Lamane ba neng ba tlo e nka.

31 Ka baka leo, o ile a arola lebotho la hae ’me a tlisa karolo kaholimo ho kena phuleng, ’me a ba pata ka bochabela, le ka boroa ho leralla la Ripla;

32 ’Me karolo e setseng o ile a e pata phuleng e ka bophirima, ka bophirima ho noka ea Sidone, ’me tlase hoo ho kena meeling ea lefats’e la Manti.

33 ’Me ke joana ha a ne a behile lebotho la hae ho latela takatso ea hae, o ne a itukiselitse ho kopana le bona.

34 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba tla holimo ka leboea ho leralla, moo karolo ea lebotho la Moroni e neng e ipatile.

35 ’Me joaloka ha Ba-Lamane ba ne ba fetile leralla la Ripla, ’me ba tlile ho kena phuleleng, ’me ba qalile ho ts’ela noka ea Sidone, lebotho le neng le ipatile ka boroa ho leralla, le neng le etelletsoe pele ke monna eo lebitso la hae e neng e le Lehi, ’me o ile a etella lebotho la hae ho ea pele ’me ba potapota Ba-Lamane hohle ka bophirima kamorao ho bona.

36 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane, ha ba bona Ba-Nefi ba tla ho bona kamorao, ba ile ba reteleha ’me ba qala ho loana le lebotho la Lehi.

37 ’Me mosebetsi oa lefu o ile oa qala ka mahlakore a mabeli, empa ho ne ho ts’abeha ho feta ka karolong ea Ba-Lamane, hobane ho hlobola ha bona ho ne ho ba pepeselitse likotlo tse boima tsa Ba-Nefi ka lisabole tsa bona le ka likerete, tse ileng tsa tlisa lefu ho e neng e ka ba ka ho olta ho hong le ho hong.

38 Ha ka letsohong le leng, ho ne ho ena le hoane le hoane monna ea oang har’a Ba-Nefi, ka lisabole tsa bona le tahlehelo ea mali, bona ba ne ba ts’ireletsehile likarolong tse bohlokoa ho feta tsa ’mele, kapa likarolo tse bohlokoa ho feta tsa ’mele li ne li ts’ireletsehile ho ho otla ha Ba-Lamane, ke lits’ireletso tsa lifuba tsa bona, le lits’ireletso tsa liphaka tsa bona, le matlapa a bona a hloho; ’me ke joana Ba-Nefi ba ileng ba nkela pele mosebetsi oa lefu har’a Ba-Lamane.

39 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane ba ile ba fetohela ts’abong ka lebaka la ts’enyo e kholo e neng e le har’a bona, esita le ho fihlela ba qala ho balehela ho leba nokeng ea Sidone.

40 ’Me ba ne ba lelekisoa ke Lehi le banna ba hae; ’me ba ile ba khannoa ke Lehi ho ea kena metsing a Sidone, ’me ba ile ba ts’ela metsi a Sidone. ’Me Lehi o ile a boloka mabotho a hae lebopong la noka ea Sidone hore ba tle ba se ke ba ts’ela.

41 ’Me ho ile ha etsahala hore Moroni le lebotho la hae ba ile ba kopana le Ba-Lamane phuleng, ka lehlakoreng le leng la noka ea Sidone, ’me ba qala ho oela holim’a bona le ho ba bolaea.

42 ’Me Ba-Lamane ba ile ba baleha hape ka pele ho bona, ho leba lefats’eng la Manti, ’me ba ile ba kopana hape le mabotho a Moroni.

43 Joale boemong bona Ba-Lamane ba ile ba loana ka ho fetisisa; ee, ha ho le ka mohla Ba-Lamane ba ileng ba ka ba tsejoa ka ho loana ka matla a maholo a fetisisang joalo le sebete, che, e seng esita le ho tloha qalong.

44 ’Me ba ile ba susumetsoa ke Ba-Zorame le Ba-Amaleki, bao e neng e le balaoli ba bona ba baholo le baetapele, le ke Zerahemna, eo e neng e le malaoli oa bona a moholo, kapa moetapele e moholo oa bona le molaoli; ee, ba ile ba loana joaloka lidrakone, ’me ba bangata ba Ba-Nefi ba ile ba bolaoa ke matsoho a bona, ee, hobane ba ne ba ile ba otla ho arola likoto tse peli bongata ba matlapa a hloho a bona, ’me ba ile ba khaola bongata ba liphaka tsa bona; ’me ke joana Ba-Lamane ba ileng ba otla ka khalefo e bohale ea bona.

45 Le ha ho le joalo, Ba-Nefi ba ne ba susumetsoa ke lebaka le betere, hobane ba ne ba sa loanele borena kapa matla empa ba ne ba loanela mahae a bona le tokoloho ea bona, basali ba bona le bana ba bona, le sohle sa bona, ee, bakeng sa litsamaiso tsa bona tsa ho khumamela kerekeng ea bona.

46 ’Me ba ne ba etsa seo ba neng ba utloa hore ke boikarabello boo ba bo kolotang ho Molimo oa bona; hobane Morena o ne a itse ho bona, hape le ho bontat’a bona, hore: Ha feela joaloka ha le se na molato oa khopiso ea pele, kapa ea bobeli, le ke ke la itumella hore le bolaoe ka matsoho a lira tsa lona.

47 ’Me hape, Morena o itse: Le tla sireletsa malapa a lona esita le ho isa ts’ollong ea mali. Ka baka leo ke ka lebaka lena leo Ba-Nefi ba neng ba loana le Ba-Lamane, ho its’ireletsa, le malapa a bona, le mafats’e a bona, naha ea bona, litokelo tsa bona, le tumelo ea bona.

48 ’Me ho ile ha etsahala hore ha banna ba Moroni ba bona bohale le khalefo ea Ba-Lamane, ba ne ba batla ba honyela le ho ba baleha. ’Me Moroni, ka ho lemoha boikemisetso ba bona, o ile a romela le ho susumetsa lipelo tsa bona ka mehopolo ena—ee, mehopolo ea mafats’e a bona, tokoloho ea bona, le bolokolohi ba bona ho tsoa litlamong.

49 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba fetohela khahlanong le Ba-Lamane, ’me ba ile ba llela ho Morena Molimo oa bona ka lentsoe le leng, bakeng sa tokoloho ea bona le bolokolohi ba bona ho tsoa litlamong.

50 ’Me ba ile ba qala ho ema khahlanong le ba-Lamane ka matla, ’me ka eona hora eona eo ba ileng ba llela ho Morena bakeng sa bolokolohi ba bona, Ba-Lamane ba ile ba qala ho baleha ka pele ho bona; ’me ba ile ba baleha esita le ho ea metsing a Sidone.

51 Joale, Ba-Lamane ba ne ba le bangata ho feta, ee, ka ho feta ho mena habeli palo ea Ba-Nefi; le ha ho le joalo, ba ile ba khannoa hoo ba neng ba bokelletsoe hammoho ka ’mele o le mong phuleng, holim’a mabopo a noka ea Sidone.

52 Ka baka leo mabotho a Moroni a ile a ba potapota, ee, esita le ka mahlokoreng ka bobeli a noka, hobane bonang, ka bochabela e ne e le banna ba Lehi.

53 Ka baka leo ha Zerahemna a bona banna ba Lehi ka bochabela ho noka ea Sidone, le mabotho a Moroni ka bophirima ho noka ea sidone, hore ba ne ba potapotiloe ke Ba-Nefi, ba ile ba otloa ke letsoalo.

54 Joale Moroni, ha a bona letsoalo la bona, a laela hore banna ba hae ba emise ho ts’olla mali a bona.

Hatisa