Mangolo a halalelang
Alma 38


Litaelo tsa Alma ho mora oa hae Shiblone.

Ho kenyeletsa Khaolo ea 38.

Khaolo ea 38

Shiblone o ile a hlorisetsoa bakeng sa lebaka la ho loka—Poloko e ho Kreste, eo e leng bophelo le khanya ea lefats’e—Laola litakatso tsohle tsa hau. Ka bo 74 B.C.

1 Mora oaka, fana ka tsebe ho mantsoe a ka, hobane ke re ho uena, esita le joaloka ha ke boletse ho Helamane, hore ka moo joaloka ha u tla boloka litaelo tsa Molimo u tla atleha lefats’eng; ’me ka moo joaloka ha u keke ua boloka litaelo tsa Molimo u tla khaoloa ho tloha ponts’eng ea hae.

2 ’Me joale, mora oaka, kea ts’epa hore ke tla ba le nyakallo e kholo ka uena, ka lebaka la botsitso ba hau le ho ts’epahala ha hau ho Molimo; hobane joaloka ha u qalile bocheng ba hau ho sheba ho Morena Molimo oa hau, esita le joalo kea ts’epa hore u tla tsoelapele ka ho boloka litaelo tsa hae; hobane ho lehlohonolo ea tlang ho mamella ho isa qetellong.

3 Ke re ho uena, mora oaka, hore ke se ntse ke bile le nyakallo e kholo ka uena, ka lebaka la ho ts’epahala ha hau le mafolofolo a hau, le mamello ea hau le ho mamella har’a sechaba sa Ba-Zorame.

4 Hobane kea tseba hore u ne u le litlamong; ee, ’me hape kea tseba hore u ile ua tlepetsoa ka majoe ka lebaka la lentsoe; ’me u ile ua mamella lintho tsena tsohle ka mamello hobane Morena o ne a ena le uena; ’me joale ua tseba hore Morena o ile a u lopolla.

5 ’Me joale mora oaka, Shiblone, ke lakatsa hore u tle u hopole, hore kamoo u tlang ho beha ts’epo ea hau ho Molimo esita ke kamoo u tlang ho lopolloa ho tsoa litekong tsa hau, le mathateng a hau, le mahlomoleng a hau, ’me u tla phahamisetsoa holimo ka letsatsi la ho qetela.

6 Joale, mora oaka, ke lakatsa hore u se ke ua nahana hore ke tseba lintho tsena ka bo ’na, empa ke Moea oa Molimo o ka ho ’na o etsang hore lintho tsena li tsebahale ho ’na; hobane haeba ke ne ke sa tsoaloa ke Molimo ke ne ke tla be ke sa tsebe lintho tsena.

7 Empa bona, Morena ka mohau oa hae o moholo o ile a romela lengeloi la hae ho phatlalatsa ho ’na hore ke tlameha ho emisa mosebetsi oa ts’enyo har’a batho ba hae; ee, ’me ke bone lengeloi sefahleho ho sefahleho, ’me o ile a bua le ’na, ’me lentsoe la hae le ne le le joaloka lehalima, ’me le ile la sisinya lefats’e lohle.

8 ’Me ho ile etsahala hore ke ne ke le matsatsi a mararo le masiu a mararo bohlokong bo babang ka ho fetisa le masisa-pelo a moea; ’me ho ne ho so be le ka mohla, hofihlela ke llela kantle ho Morena Jesu Kreste bakeng sa mohau, ke ileng ka fumana ts’oarelo ea libe tsa ka. Empa bona, ke ile ka llela ho eena ’me ke ile ka fumanela moea oaka khotso.

9 ’Me joale, mora oaka, ke u joetsitse sena hore u ke u ithute bohlale, hore u ke u ithute ka ’na hore ha hona tsela engoe ka mokhoa oo motho a ka pholosoang, feela ka ho le ka Kreste. Bona, ke eena khanya le bophelo ba lefats’e. Bona ke eena lentsoe la ’nete le ho loka.

10 ’Me joale, joaloka ha u qalile ho ruta lentsoe esita le kahoo ke lakatsa hore u tle u tsoelepele ho ruta; ’me ke lakatsa hore u be le mafolofolo le boithibo linthong tsohle.

11 Bona hore ha u phahamisetsoe holimo ho boikhohomoso; ee, bona hore ha u ithorisetse bohlaleng ba hau, kapa matleng a hau a mangata.

12 U sebelise sebete, empa e seng ho feteletsa; ’me bona hape hore u laola litakatso tsohle tsa hau, hore u tle u tlatsoe ka lerato; bona hore u thibela botsoa.

13 U se ke oa rapela joaloka ha Ba-Zorame ba etsa, hobane u bone hore ba rapella hore ba utluoe ke batho, le ho rorisetsoa bohlale ba bona.

14 U se ke oa re: Oho Molimo, kea u leboha hore re betere ho feta bana ba bo rona; empa ho ena le hore u re: Oho Molimo, ts’oarela ho se lokelehe ha ka, ’me o hopole bana beso ka mohau—ee, amohela ho se lokelehe ha hau ka pele ho Molimo ka linako tsohle.

15 ’Me e se eka Morena a ka hlohonolofatsa moea oa hau, ’me a u amohele ka letsatsi la ho qetela ’musong oa hae, ho lula fats’e ka khotso. Joale tsamaea, mora oaka, ’me u rute lentsoe ho sechaba sena. U tiie. Mora oaka, sala hantle.

Hatisa