Mangolo a halalelang
Alma 21


Pale ea ho ruta ha Aarone, le Muloki, le ba habo bona, ho Ba-Lamane.

Ho kenyeletsa Likhaolo tsa 21 ho isa ho 25.

Khaolo ea 21

Aarone o ruta Ba-Amaleki ka Kreste le Topollo ea hae—Aarone le bana babo ba ea koalloa Middoni—Kamor’a topollo ea bona, ba ruta li sinagogeng ’me ba sokolla ba bangata—Lamoni o fana ka bolokolohi ba bolumeli ho sechaba se lefats’eng la Ishmaele. Ka bo 90–77 B.C.

1 Joale ha Ammone le bana babo ba se ba ikarotse meeling ea lefats’e la Ba-Lamane, bonang Aarone o ile a nka leeto la hae ho leba lefats’eng leo le neng le bitsoa ke Ba-Lamane, Jerusalema, ba le bitsa ka lebitso la lefats’e la tlhaho ea bo ntat’a bona; ’me le ne le le hole le koponya meeli ea Mormone.

2 Joale Ba-Lamane le Ba-Amaleki le batho ba Amulone ba ne ba ahile motse o moholo, oo o neng o bitsoa Jerusalema.

3 Joale Ba-Lamane ka bo bona ba ne ba thatafetse ho lekana, empa Ba-Amaleki le Ba-Amulone ba ne ba ntse ba le thata ho feta; ka baka leo ba ile ba etsa hore Ba-Lamane ba thatafatse lipelo tsa bona, hore ba tle ba be matla bokhopong le manyaleng a bona.

4 ’Me ho ile ha etsahala hore Aarone a tle motseng oo, ’me a qala ho ruta ho Ba-Amaleki. ’Me o ile a qala ho ba ruta lisinagogeng tsa bona, hobane ba ne ba ahile lisinagoge ka mokhoa oa Ba-Nehore; hobane ba bangata ba Ba-Amaleki le Ba-Amulone ba ne ba le ka mokhoa oa Ba-Nehore.

5 Ka baka leo. ha Aarone a kena ka har’e ho e ’ngoe ea lisinagoge tsa bona ho ea ruta sechaba, ’me ha a ntse a bua le bona, bonang ho ile a ema mo-Amaleki ’me a qala ho ngangisana le eena a re: Ke eng eo u e pakahalitseng? Na u bone lengeloi? Hobaneng mangeloi a sa hlahe ho rona? Bona na batho ba ha ba ea loka joaloka batho ba heno?

6 Hape u re, ntle le hore re bake re tla timela. U tseba joang mehopolo le boikemisetso ba lipelo tsa rona? U tseba joang hore re na le lebaka la ho baka? U tseba joang hore ha re batho ba lokileng? Bona, re ahile lihalaletso, ’me re ipokella hammoho ho khumamela Molimo. Rea lumela hore Molimo o tla pholosa batho bohle.

7 Joale Aarone o ile a re ho eena: Na ua lumela hore mora oa Molimo o tla tla ho lopolla batho ho tsoa libeng tsa bona?

8 ’Me monna eo a re ho eena: Ha re lumele hore u tseba ntho e fe e joalo. Ha re lumele ho meetlo ena ea bosaoana. Ha re lumele hore u tseba ka lintho tse tlang, le ha e le ho lumela hore bo ntat’ao ’me hape le hore bo natat’a rona ba ne ba tseba malebana le lintho tseo ba li boletseng, ka seo se tlang ho tla.

9 Joale Aarone o ile a qala ho ba phetlela mangolo a halalelang malebana le ho tla ha Kreste, ’me hape malebana le ho tsoha bafung ha ba shoeleng, le hore ho ne ho ke ke ha eba le topollo ea batho ntle le hore e be ka lefu le mahlomola a Kreste, le topollo ea mali a hae.

10 ’Me ho ile ha etsahala hore ha a qala ho hlalosa lintho tsena ho bona ba ne ba mo halefetse, ’me ba qala ho mo soma; ’me ba ne ba hana ho utloa mantsoe ao a a boletseng.

11 Ka baka leo, ha a bona hore ba hana ho utloa mantsoe a hae, o ile a tsoela kantle ho sinagoge ea bona, ’me a tla ho motse o neng o bitsoa Ani-Anti, ’me moo a fumana Muloki a ntse a ruta lentsoe ho bona; ’me hape le Alma le bana babo. ’Me ba ngangisane le ba bangata ka lentsoe.

12 ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba bona hore batho bao ba batla ho thatafatsa lipelo tsa bona, ka baka leo ba ile ba tsamaela ho tla lefats’eng la Middoni. ’Me ba ile ba ruta lentsoe ho ba bangata, ’me ba fokolang ba ile ba lumela ho mantsoe ao ba a rutileng.

13 Le ha ho le joalo, Aarone le karolo e itseng ea ba habo ba ile ba nkoa ’me ba lahleloa chankaneng, ’me karolo ea bona ea ba setseng ea balehela kantle ho lefats’e la Middoni le libaka tse le potileng.

14 ’Me bao ba ileng ba lahleloa chankaneng ba ile ba sotleha linthong tse ngata, ’me ba ile ba lopolloa ke letsoho la Lamoni le Ammone, ’me ba ile ba feptjoa le ho apesoa.

15 ’Me ba ile ba tsamaea ho ea phatlalatsa lentsoe, ’me ke joana ba ileng ba lopolloa nako ea pele ho tsoa chankaneng; ’me ke joana ba ileng ba sotleha.

16 ’Me ba ile ba tsamaela hohle moo ba neng ba etelloa ke Moea oa Morena, ba ruta lentsoe la Molimo sinagogeng engoe le engoe ea Ba-Amaleki, kapa kopanong ea Ba-Lamane moo ba neng ba ka amoheloa.

17 ’Me ho ile ha etsahala hore Morena a qale ho ba hlohonolofatsa, hoo ba ileng ba tlisa ba bangata tsebong ea ’nete; ee, ba ile ba kholisa ba bangata ka libe tsa bona, le ka mekhoa ea bo ntat’a bona, eo e neng e sa nepahala.

18 ’Me ho ile ha etsahala hore Ammone le Lamoni ba ile ba khutlela lefats’eng la Middoni ho ea lefats’eng la Ishmaele, leo e neng e le lefats’e la bojalefa ba bona.

19 ’Me Morena Lamoni o ne a sa batle ho lumela hore Ammone a mo sebeletse, kapa ho ba mohlanka oa hae.

20 Empa o ile a etsa hore ho be le lisinagoge tse ahoang lefats’eng leo la Ishmaele; ’me o ile a etsa hore sechaba sa hae, kapa sechaba se neng se le tlasa puso ea hae, ba ipokelle hammoho.

21 ’Me o ile a nyakalla ka bona, ’me o ile a ba ruta lintho tse ngata. ’Me hape o ile a phatlalatsa ho bona hore ke sechaba se tlasa hae, ’me ke batho ba lokolohileng, hore ba ne ba lokolohile ho tsoa likhatellong tsa morena, ntat’ae; hobane ka seo ntate oa hae o ne a mo file hore a ke a buse holim’a sechaba se neng se le lefats’eng la Ishmaele, le lefats’e lohle ho potoloha.

22 ’Me hape o ile a phatlalatsa ho bona hore ba tle ba be le bolokolohi ba ho khumamela Morena Molimo oa bona ho latela litakatso tsa bona, sebakeng sohle seo ba neng ba le ho sona, haeba e ne e le lefats’e le neng le le tlasa puso ea morena Lamoni.

23 ’Me Ammon o ile a ruta sechaba sa morena Lamoni, ’me ho ile ha etsahala hore o ile a ba ruta lintho tsohle malebana le ho loka. ’Me o ile a ba khothatsa kamehla, ka mafolofolo oohle; ’me ba ile ba mamela lentsoe la hae, ’me ba ne ba chesehela ho bolokeng litaelo tsa Molimo.

Hatisa