Mangolo a halalelang
Alma 28


Khaolo ea 28

Ba-Lamane ba ea hloloa ntoeng e kholohali—Mashome a liketekete a ea bolaoa—Ba khopo ba romeloa boemong ba bomalimabe bo sa feleng; ba lokileng ba fihlela thabo e sa feleng. Ka bo 77–76 B.C.

1 ’Me ho ile ha etsahala hore kamor’a hore sechaba sa Ammone se tsitse lefats’eng la Jershone, ’me le kereke hape e thehoe lefats’eng la Jershone, ’me le mabotho a Ba-Nefi a ne a behiloe ho potoloha lefats’e la Jershone, ee, meeling eohle ho potoloha lefats’e la Zarahemla; bonang mabotho a Ba-Lamane a ne a ile a latela ba habo bona ho ea lefelleng.

2 ’Me ke joana ho ileng ha eba le ntoa e kholohali; ee, esita le joaloaka eo e so kang e tsejoa har’a batho bohle lefats’eng leo ho tloha nakong eo Lehi a tlohang Jerusalema; ee, ’me mashome a liketekete a Ba-Lamane a ile a bolaoa le ho hasana kantle.

3 Ee, ’me hape ho ile ha eba le polao e kholohali har’a sechaba sa Nefi; le ha ho le joalo, Ba-Lamane ba ile ba khannoa le ho hasana, ’me sechaba sa Nefi se ile sa khutlela hape lefats’eng la bona.

4 ’Me joale ena e ne e le nako eo ho bileng le ts’iamo e kholo le sello se utloahalang hohle lefats’eng leo, hara sechaba sohle sa Nefi—

5 Ee, sello sa bahlolohali ba siamentse banna ba bona, ’me hape sa bo ntate ba siametse bara ba bona, le morali bakeng sa khaitseli, ee, moholoane bakeng sa ntate; ’me ke joana sello sa ts’iamo se ileng sa utloahala har’a bona bohle, ba siametse ba maloko a bona ba bolailoeng.

6 ’Me joale kannete lena e ne e le letsatsi le tletseng mahlomola; ee, nako ea ho tiea, le nako ea boitimo bo bongata le thapelo.

7 ’Me ke joana ho felileng selemo sa bo leshome le metso e mehlano sa puso ea baahloli holim’a sechaba sa Nefi;

8 ’Me sena ke lingoliloeng tsa Ammone le bana babo, maeto a bona lefats’eng la Nefi, lits’otleho tsa bona lefats’eng leo, masoabi a bona, le mahlomola a bona, nyakallo ea bona e sa utloisiseheng, le kamohelo le polokeho ea ba habo bona lefats’eng la Jershone. ’Me joale eka Morena, Molopolli oa batho bohle, a hlohonolofatse meea ea bona ka ho sa feleng.

9 ’Me sena ke lingoliloeng tsa lintoa le likhang har’a Ba-Nefi, hape le lintoa lipakeng tsa Ba-Nefi le Ba-Lamane; ’me selemo sa bo leshome le metso e mehlano sa puso ea baahloli se ile sa fela.

10 ’Me ho tloha selemong sa pele ho isa ho sa leshome le metso e mehlano ho tlisitse timelo ea liketekete tse ngata tsa bophelo; ee, ho tlisitse pono e ts’abehang ea ts’ollo ea mali.

11 ’Me mmele ea liketekete tse ngata ba robalitsoe tlase lefats’eng, ha mmele ea liketekete tse ngata e ntse e bola ka liqubu holim’a sefahleho sa lefats’e; ee, le liketekete tse ngata li siametse tahlehelo ea maloko a bona, hobane ba na le lebaka la ho ts’aba, ho latela lits’episo tsa Morena, hore ba romeloa boemong ba bomalimabe bo sa feleng.

12 Le ha liketekete tse ngata tsa ba bang kannete ba siametse tahlehelo ea maloko a bona, feela ba ea nyakalla le ho thabela ts’epong, ’me esita le ho tseba, ho latela lits’episo tsa Morena, hore ba tsosetsoa ho lula ka letsohong le letona la Molimo, boemong ba thabo e sa feleng.

13 ’Me ke joana re bonang haholo kamoo ho se lekalekane ha batho ho leng ho holo kateng ka lebaka la sebe le tlolo, le matla a diabolose, a tlang ka meralo e masene eo a e qapileng ho etsetsa lipelo tsa batho leraba.

14 ’Me ke joana re bonang pitso e kholo ea mafolofolo a batho ho sebetsa masimong a morara a Morena; ’me ke joana re bonang lebaka le leholo la masoabi, le hape la ho nyakalla—masoabi ka lebaka la lefu le timelo har’a batho, me nyakallo ka lebaka la khanya ea Kreste ho isa bophelong.

Hatisa