Mangolo a halalelang
Alma 49


Khaolo ea 49

Ba-Lamane ba hlaselang ba sitoa ho nka metse e matlafalitsoeng ea Ammoniha le Noe—Amalickia o rohaka Molimo ’me o ikana ho noa mali a Moroni—Helamane le bana babo ba tsoelapele ho matlafatsa kereke. Ka bo 72 B.C.

1 ’Me joale ho ile ha etsahala hore ka khoeli ea leshome le motso o mong ea selemo sa bo-mashome a robong, ka letsatsi la leshome la khoeli, mabotho a Ba-Lamane a ile a bonoa a atamela ho lebana le lefats’e la Ammoniha.

2 ’Me bonang, motse oo o ne o ahiloe bocha, ’me Moroni o ne a behile mabotho meeling ea motse, ’me ba ne ba lahletse mobu holimo ho potoloha ho ba sireletsa ho tsoa metsung le majoe a Ba-Lamane, hobane ba ne ba loana ka majoe le metsu.

3 Bonang, ke boletse hore motse oa Ammoniha o ne o ahiloe bocha. Ke re ho lona, ee, hore o ne o ahiloe bocha karolong e itseng; ’me hobane Ba-Lamane ba ne ba ile ba o senya khetlong le leng ka lebaka la bokhopo ba sechaba seo, ba ile ba nahana hore hape o tla fetoha phofu e bobebe bakeng sa bona.

4 Empa bonang, e ne e le kholo joang ts’oabo ea bona; hobane bonang, Ba-Nefi ba ne ba fatile lekhalo fats’e ho ba potoloha, le neng le phahame hoo Ba-Lamane ba neng ba sitoa ho lahlela majoe a bona le metsu ea bona ho bona hore li tle li nke matla, le ha e le hore ba ka tla holim’a bona ntle le hore e be ka sebaka sa monyako.

5 Joale ka nako ena balaoli ba baholo ba Ba-Lamane ba ne ba maketse ka hofetisisa, ka lebaka la bohlale ba Ba-Nefi ka ho lokisa libaka tsa bona tsa ts’ireletso.

6 Joale baetapele ba Ba-Lamane ba ne ba nahanne hore, ka lebaka la boholo ba lipalo tsa bona, ee, ba ile ba nahana hore ba tla ba le monyetla oa ho tla holim’a bona joalo ka ha ho fihlela joale ba kile ba etsa; ee, ’me hape ba ne ba itokisitse ka lithebe, le ka lits’ireletso tsa sefuba; ’me hape ba ne ba itokisitse ka liaparo tsa matlalo, ee, liaparo tse morumo haholo ho apesa bofeela ba bona.

7 ’Me ba ne ba itokisitse joana ba ne ba nahanne hore ke ka bobebe ba tlang ho hlola le ho laolela ba habo bona ho isa jokong ea litlamo, kapa ho bolaea le ho ba bolaea ka sehlooho ho latela thato ea bona.

8 Empa bonang, ho makaleng ha bona ho fetisisang, ba ne ba itokiselitse bona, ka mokhoa oo o so kang o tsejoa har’a bana ba Lehi. Joale ba ne ba itokisitse bakeng sa Ba-Lamane, ho loana ka mokhoa oa litaelo tsa Moroni.

9 ’Me ho ile ha etsahala hore Ba-Lamane, kapa Ba-Amalickia ba ne ba makalitsoe ka ho fetisisa ke mokhoa oa bona oa boitokisetso ba ntoa.

10 Joale, haeba morena Amalickia a ne a ile a tla tlase ho tsoa lefats’eng la Nefi, a le ka hloohong ea lebotho la hae, mohlomong a ka be a ile a etsa hore Ba-Lamane ba hlasele Ba-Nefi motseng oa Ammoniha; hobane bonang, o ne a sa khathalle mali a sechaba sa hae.

11 Empa bonang, Amalickia o ne a sa tla ka bo eena ho tla loana. ’Me bonang, balaoli ba hae ba baholo ba ne ba sa qeke ho hlasela Ba-Nefi motseng oa Ammoniha, hobane Moroni o ne a fetotse tsamaiso ea litaba har’a Ba-Nefi, haholo hore Ba-Lamane ba ne ba soabile libakeng tsa bona tsa phomolo ’me ba ne ba sitoa ho tla holim’a bona.

12 Ka baka leo ba ile ba furallela lefelleng, ’me ba nka kampo ea bona ba hoantela ho lebana le lefats’e la Noe, ba nahana hore seo e tla ba sebaka se latelang se nepahetseng ho tla khahlanong le Ba-Nefi.

13 Hobane ba ne ba sa tsebe hore Moroni o matlafalitse, kapa o ahile liqhobosheane tsa ts’ireletso, bakeng sa motse o mong le o mong lefats’eng leo ho potoloha; ka baka leo ba ile ba hoantela pele ho ea lefats’eng la Noe ka boikemisetso bo tiileng; ee, balaoli ba bona ba baholo ba ile ba tla pele ’me ba nka kano ea hore ba tla timetsa sechaba sa motse oo.

14 Empa bonang, ho makaleng ha bona, motse oa Noe, oo hofihlela joale e neng e bile sebaka se fokolang, honajoale, ka mekhoa ea Moroni, se ne se fetohile matla, ee, esita le ho feta matla a motse oa Ammoniha.

15 ’Me joale, bonang, sena e ne e le bohlale bo ka ho Moroni; hobane o ile a nahana hore ba tla ts’oha motse oa Ammoniha; ’me joaloka ha motse oa Noe hofihlela joale e ne e le karolo e fokolang hahololo ea lefats’e leo, ka baka leo ba ne ba tla hoantela moo ho ea loana; ’me ke joana e neng e le ho latela litakatso tsa hae.

16 ’Me bonang, Moroni o ile a khetha Lehi ho ba molaoli e moholo holim’a banna ba motse oo; ’me e ne e le Lehi ea ts’oanang ea ileng a loana le Ba-Lamane phuleng e ka bochabela ho noka ea Sidone.

17 ’Me joale bonang ho ile ha etsahala hore, ha Ba-Lamane ba se ba fumane hore Lehi o ne a laola motse oo ba ile ba soaba hape hobane ba ne ba ts’aba Lehi ka hofetisisa; le ha ho le joalo balaoli ba bona ba baholo ba ne ba ikanne ka kano ho hlasela motse oo; ka baka leo, ba ile ba nyolla mabotho a bona.

18 Joale bonang, Ba-Lamane ba ile ba sitoa ho kena liqhobosheaneng tsa bona tsa ts’ireletso ka tsela engoe ntle le ka monyako, ka lebaka la bophahamo ba lebopo le neng le akhetsoe holimo, le botebo ba sekoti se neng se chekiloe ho potoloha, ntle le hore e ne e le pela monyako.

19 ’Me ke joana Ba-Nefi ba neng ba itokiselitse ho timetsa bohle ba joaloka ba tlang ho leka ho hloella holimo ho kena qhobosheane ka tsela engoe e fe kapa e fe, ka ho lahlela majoe le metsu ho bona.

20 Ke joana ba neng ba itokisitse, ee, sehlopa sa bona sa banna ba matla haholo-holo, ka lisabole tsa bona le liqha tsa bona, ho otlela tlase bohle ba tlang ho leka ho tla sebakeng sa bona sa ts’ireletso pela sebaka sa monyako; ’me ke joana ba neng ba itokiselitse ho its’ireletsa khahlanong le Ba-Lamane.

21 ’Me ho ile ha etsahala hore balaoli ba Ba-Lamane ba ile ba nyollela mabotho a bona ka pele ho sebaka sa monyako, ’me ba qala ho loana le Ba-Nefi, ho kena sebakeng sa bona sa ts’ireletso; empa bonang, ba ile ba khanneloa morao ho tloha nako le nako, haholo hore ba ile ba bolaoa ka tlhabo e kholohali.

22 Joale ha ba fumana hore ba ne ba sitoa ho fumana matla holim’a Ba-Nefi ka khoro, ba ile ba qala ho chekela fats’e mabopo a bona a mobu hore ba tle ba fumane khoro ho ea mabothong a bona, hore ba tle ba be le monyetla o lekanang ntoeng; empa bonang, litekong tsena ba ile ba fieloa ka majoe le metsu tse ileng tsa akheloa ho bona; ’me ho ena le ho tlatsa likoti tsa bona ka ho hulela tlase mabopo a mobu, li ile tsa tlatsoa ka tekanyo e itseng ka ’mele ea bona e shoeleng le e lemetseng.

23 Joana Ba-Nefi ba ne ba na le matla oohle holim’a lira tsa bona; ’me ke joana Ba-Lamane ba ileng ba leka ho timetsa Ba-Nefi hofihlela Balaoli ba bona ba baholo ba bolailoe kaofela; ee, ’me ho feta sekete sa Ba-Lamane ba ile ba bolaoa; ha ka letsohong le leng, ho ne ho sena moea o le mong oa Ba-Nefi o ileng oa bolaoa.

24 Ho ne ho ena le ba ka bang mashome a mahlano ba neng ba lemetse, ba neng ba ile ba ba pepeneneng ea metsu ea Ba-Lamane ka khoro, empa ba ne ba sirelelitsoe ke lithebe tsa bona, le lits’ireletso tsa sefuba tsa bona, le matlapa a hlooho a bona, haholo hore e be maqeba a bona a ne a le maotong a bona, bongata boo a neng a le mabe haholo.

25 ’Me ho ile ha etsahala, hore ha Ba-Lamane, ba bona hore balaoli ba baholo ba bona ba ne ba bolailoe kaofela ba ile ba balehela ho ea lefelleng. ’Me ho ile ha etsahala hore ba ile ba khutlela lefats’eng la Nefi, ho ea tsebisa morena oa bona, Amalickia, eo e neng e le Mo-Nefi ka tsoalo, malebana le tahlehelo ea bona e kholo.

26 ’Me ho ile ha etsahala hore o ne a halefile ka ho fetisisa ka sechaba sa hae, hobane o ne a sitiloe ho fumana takatso ea hae holim’a Ba-Nefi; o ne a sitiloe ho ba laolela ho ea jokong ea litlamo.

27 Ee, o ne a halefile ka hofetisisa, ’me o ile a rohaka Molimo, hape le Moroni, a ikana ka kano hore o tla noa mali a hae; ’me sena hobane Moroni o ile a boloka litaelo tsa Molimo ka ho lokisetsa ts’ireletso ea batho ba habo.

28 ’Me ho ile ha etsahala, hore ka letsohong le leng, sechaba sa Ba-Nefi ba ile ba leboha Morena Molimo oa bona, ka lebaka la matla a hae a sa lekanngoeng ho ba lopolla ho tsoa matsohong a lira tsa bona.

29 ’Me e bile joana pheletso ea selemo sa bo-mashome a robong a puso a baahloli holim’a sechaba sa Ba-Nefi.

30 Ee, ’me ho ne ho ena le khotso e tsoelang pele har’a bona, le katleho e kholo ka hofetisisa ka kerekeng ka lebaka la ho mamela le mafolofolo ao ba neng ba a fa lentsoe la Molimo, le neng le phatlalatsoa ho bona ke Helamane, le Shiblone, le Korintone, le Ammone le bana babo, ee, le bohle bao ba neng ba behiloe matsoho ka mokhoa o halalelang oa Molimo, ba ne ba kolobellelitsoe pakong, ’me ba rometsoe ho ea ruta har’a sechaba seo.

Hatisa